Se Susumelletsang Batho ho se Tšepahale
“Ho tšepahala khoebong ke ntho e feletsoeng ke nako, ’me batho ba lekang ho tšepahala ba ke ke ba atleha.”—Stephen, oa U.S.A.
NA U lumellana le maikutlo aa a nyahamisang? Ho ke ke ha latoloa taba ea hore ho se tšepahale ho tlisa melemo e itseng ea nakoana. Ka lebaka leo, batho ba lekang ho tšepahala ba ba tlas’a khatello e matla likarolong tsena tse latelang.
Ho Tobana le Teko. Ha ho na motho ea ke keng a thabela ho ba le chelete e ngata le bophelo bo mabothobotho. Ha motho a ka fuoa monyetla oa hore a etse matšoephelele e le hore a fumane chelete, ho ka ba thata hore a hane.
● “Ke ’na ea fanang ka likonteraka tsa mosebetsi lebitsong la k’hamphani eo ke e sebeletsang. Ke ntho e tloaelehileng hore batho ba ithaopele ho mpha tjotjo. Batho ba bangata ba oela lerabeng la ho batla ho iphumanela chelete habonolo feela.”—Franz, oa Bochabela bo Hare.
Khatello ea ho Batla Phaello e Ngata Haholo. Lilemong tsa morao tjena, likhoebo tse ngata lefatšeng ka bophara, li ’nile tsa hula ka thata ka lebaka la maemo a mabe a moruo. Li boetse li lokela ho tobana le liphetoho tse etsahalang ka potlako theknolojing le tlhōlisano e ntseng e eketseha sebakeng seo li leng ho sona le lefatšeng lohle. Basebetsi ba ka ’na ba nka hore ho se tšepahale ke eona feela ntho e ka etsang hore ba finyelle mosebetsi oo baokameli ba bona ba lebeletseng hore ba o etse.
● “Re ne re nahana hore re lokela ho etsa seo. . . . Ho seng joalo, re ne re tla etsa hore k’hamphani e oe.”—Reinhard Siekaczek, ea ileng a tšoareloa ho ntša tjotjo.—The New York Times.
Tšusumetso ea ba Bang. Ka linako tse ling basebetsi-’moho kapa bareki, ba ka ’na ba u khothalletsa kapa esita le ho batla hore u kopanele le bona maanong a bona a ho se tšepahale.
● “Mookameli oa k’hamphani e khōlō eo re e fang litšebeletso o ile a bua le ’na ’me a re ha a sa tla hoebisana le ’na haeba ke sa mo fe ‘karolo ea hae’—e leng hore ke mo fe chelete e itseng ka lekunutu.”—Johan, oa Afrika Boroa.
Setso. Litsong tse ling ke ntho e tloaelehileng hore batho ba hoebisanang ba fane limpho. Ho itšetlehile ka boholo ba mpho le hore na e fanoe tlas’a maemo afe, ho ka ’na ha se ke ha hlaka hore na litšebelisano tseo tsa khoebo li entsoe ka botšepehi kapa che. Linaheng tse ngata, batho ba bang ba boholong ba tletseng bobolu, ba ka ’na ba batla ho fuoa chelete pele ba etsa mesebetsi ea bona ’me ba amohela moputso hobane ba ile ba tšoara batho ba bang ka tsela e khethehileng.
● “Hangata ho boima ho lemoha phapang pakeng tsa chelete e fanoang e le mpho ka mor’a tšebeletso e itseng le tjotjo.”—William, oa Colombia.
Tikoloho. Batho ba futsanehileng kapa ba lulang linaheng tseo ho tsona ho tletseng pherekano sechabeng, ba tobana le khatello e khōlō ka ho fetisisa ea hore ba se ke ba tšepahala. Tikolohong e joalo, batho ba sa batleng ho qhekella ba bang kapa ho utsoa, ba ka ’na ba nkoa e le ba sa hlokomeleng malapa a bona.
● “Ho se tšepahale ho nkoa e le ntho e tloaelehileng, e lokelang ho etsoa le e amohelehang hafeela u sa tšoaroe.”—Tomasi, oa Congo Kinshasa.
Kamoo Batho ba Lahlang Botšepehi Kateng
Khatello ea ho se tšepahale e ama batho ka ho teba. Phuputso e ’ngoe e entsoeng ho baokameli ba khoebo ba Australia, e bontša hore ba robong ho ba leshome ba nka hore ho ntša tjotjo le ho etsa bobolu “ho fosahetse empa ho ke ke ha qojoa.” Bao phuputso eo e entsoeng ho bona ba ile ba re ba ka lahla mekhoa ea bona ea boitšoaro e le hore ba fumane konteraka kapa ba ruise k’hamphani ea bona.
Leha ho le joalo, hangata batho ba sa tšepahaleng ba nka hore baa tšepahala. Ba lumellanya seriti sa bona joang le boitšoaro ba bona? Journal of Marketing Research e re: “Batho ba lahla botšepehi e le hore ba etse phaello empa botšepehi ba bona ke moritaoke feela.” E le hore batho ba kokobetse maikutlo a bona a loantšanang, ba emela ho se tšepahale ha bona, baa ho nyenyefatsa kapa ba bile ba ho lokafatsa ka litsela tse ngata.
Ka mohlala, ho se tšepahale ho ka ’na ha hlalosoa ka mantsoe a etsang hore ho utloahale e se boitšoaro bo bobe hakaalo. Ho bua leshano le ho qhekella ho thoe ke “ho etsa lintho ka masene” kapa “ho hlōlisana.” Tjotjo e ka ’na ea hlalosoa e le feela “ho etsa ketso ea mosa” kapa “ho lefa chelete ea ho potlakisa litšebeletso.”
Batho ba bang ba lokafatsa boitšoaro bo belaetsang ka hore ba bebofatse tsela eo ba hlalosang botšepehi ka eona. Tom, ea sebetsang indastering ea lichelete, o re: “Tsela eo batho ba talimang botšepehi ka eona e amana haholo le hore na motho o khona ho chophola ka molao ho feta hore na seo e hlileng e leng ’nete ke sefe.” David, eo e kileng ea e-ba motsamaisi ea ka sehloohong oa khoebo o re: “Le hoja batho ba nyatsa ho hloka botšepehi ha bo pepesoa, ba bo talima bo amoheleha haeba motho a ke ke a tšoaroa. Ba sa tšoaroeng ho nkoa hore ke batho ba bohlale ka lebaka la ‘bokhoni’ ba bona ba ho qapa.”
Batho ba bangata ba bile ba bolela hore ho se tšepahale hoa hlokahala e le hore motho a atlehe. Rakhoebo e mong ea qetileng nako e telele a le khoebong o re: “Hangata moea oa tlhōlisano o susumelletsa batho hore ba re, ‘U lokela ho etsa ntho leha e le efe e le hore u fumane mosebetsi.’” Empa na seo ke ’nete? Kapa na batho ba lekang ho lokafatsa ho se tšepahale ba mpa ba “ithetsa ka monahano oa bohata”? (Jakobo 1:22) Nahana ka melemo ea ho tšepahala e boletsoeng sehloohong se latelang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“Tsela eo batho ba talimang botšepehi ka eona e amana haholo le hore na motho o khona ho chophola ka molao ho feta hore na seo e hlileng e leng ’nete ke sefe”
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Batho ba bangata ba bolela hore ho se tšepahale hoa hlokahala e le hore motho a atlehe