Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/12 maq. 20-22
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Tsa Bokreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Tsa Bokreste?
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Kamoo Jehova a re Tsamaisang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Holong ea ’Muso?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 4/12 maq. 20-22

Bacha Baa Botsa

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Tsa Bokreste?

Na u Thabela ho ba Libokeng Tsa Bokreste?

E

Tsoela pele ho li thabela

Che

U ka hlōla bothata boo joang?

BIBELE e laela Bakreste hore ba bokane hammoho bakeng sa borapeli. (Baheberu 10:25) Empa u ka etsa’ng haeba u sa thabele ho ba libokeng? Ho thoe’ng haeba u lula u nahana ka lintho tse ka thōko tseo u ka beng u li etsa haeba u ne u le sebakeng se seng? Etsa liphetoho ka hore u leke ho sebelisa tlhahiso e le ’ngoe kapa tse eketsehileng tse maqepheng a latelang.

1. E-BA TENG LIBOKENG KAMEHLA

Lengolo la sehlooho: “Batho ba bang ba khaolitse mokhoa oa ho kopana bakeng sa borapeli, empa ha rea lokela ho etsa joalo.”—Baheberu 10:25, Contemporary English Version.

Ke hobane’ng ha u lokela ho itloaetsa ho etsa ntho e itseng le hoja u sa e rate? Ka mantsoe a bonolo feela, u tla ithuta ho e rata ka hore u e etse! Nahana taba ena ka tsela ena: Na u ne u ka ba sebapali se hloahloa—kapa ua thabela lipapali—haeba u ne u ikoetlisa seoelo? Ho etsahala se tšoanang le tabeng ea ho ea libokeng tsa Bokreste. Ha u ea libokeng kamehla, kamano ea hao le Jehova e tla tiea. ’Me seo, se tla etsa hore u ikutloe u batla ho ea libokeng kamehla!—Matheu 5:3.

Litlhahiso: Ka mor’a seboka ka seng, bolella bonyane sebui se le seng hore na ke ntlha efe eo u e ratileng sehloohong seo se neng se se tšohla. Ngola bukeng ea hao hore na u ruile molemo ofe ka ho ea libokeng. Kaha boholo ba lintho tseo ho buang ka tsona libokeng li amana le tšebeletso ea Bokreste, ikemisetse ho buisana le batho ba bang ka seo u se lumelang. Sena se tla etsa hore u bone kamoo u ka sebelisang kateng lintho tseo ho buuoang ka tsona libokeng.

“Ke ile ka rutoa ho tloha bonyenyaneng hore liboka ke tsa bohlokoa. Le ha ke sa le ngoana, ho ne ho se mohla ke nahanang hore nka fetoa ke liboka ntle ho lebaka. Ke ntse ke ikutloa ka tsela e tšoanang esita le kajeno.”—Kelsey.

Ntlha ea bohlokoa: Batho ba eang libokeng ka mehla baa li thabela—’me li ba ruisa molemo haholo!

2. MAMELA KA HLOKO

Lengolo la sehlooho: ‘Elang hloko kamoo le mamelang kateng.’—Luka 8:18.

Bafuputsi ba re qetellong ea letsatsi motho o lebala hoo e ka bang karolo ea 60 lekholong ea seo a se utloileng. Haeba chelete ea hao e ne e ka nyamela ka pele hakaalo, na u ne u ke ke oa etsa ho hong ho e boloka e sireletsehile?

Litlhahiso: Lula le batsoali litulong tse ka pele ka Holong ea ’Muso, moo ho seng letho le ka u sitisang. Ngola lintlha. Le hoja re ithuta ka litsela tse sa tšoaneng, ho ngola lintlha ho ka u thusa hore u lule u mametse sebui ka hloko—’me li ka u tsoela molemo nakong e tlang.

“Hangata ke ne ke thatafalloa ho tsepamisa mohopolo ha ke le libokeng empa ke lokisitse bothata boo. Ke leka ho hopola hore na ke hobane’ng ha ke le libokeng. Hase tloaelo feela joaloka ho ea kerekeng. Ke ea libokeng ho ea ithuta le ho rapela—le ho ithuta seo nka se sebelisang bophelong ba ka.”—Kathleen.

Ntlha ea bohlokoa: Ho ea libokeng empa u sa mamele ka hloko, ho tšoana le ho ea moketeng oa lijo e be ha u je.

3. E-BA LE SEO U SE ETSANG

Lengolo la sehlooho: “Batho ba ithuta ho ba bang, feela joalokaha tšepe e loetsa tšepe e ’ngoe.”—Liproverbia 27:17, Good News Translation.

Le hoja u le mocha ho na le karolo ea bohlokoa eo u e phethang libokeng tsa phutheho. Le ka mohla u se ke ua halala ho ba teng le ho nka karolo ha hao libokeng e bang ke ka ho fana ka likarabo ha ho buisanoa ka lipotso le likarabo kapa ka ho etsa setsoalle le balumeli-’moho le uena.

Litlhahiso: Ikemisetse ho araba bonyane ha ’ngoe nakong eo ho buisanoang ka lipotso le likarabo. Ithaopele ho hloekisa kapa ho etsa mesebetsi e meng e lokelang ho etsoa pele liboka li qala kapa ha li ntse li tsoela pele kapa ka mor’a tsona. Buisana le motho eo u sa tloaelang ho buisana le eena.

“Ha ke le lilemong tsa bocha, ke ne ke ithaopela ho tsamaisa libuela-hōle le ho lokisa polatefomo libokeng. Ho sebetsa ho ne ho etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa ’me hape ho etsa hore ke ikutloe ke tlameha ho ba teng libokeng le hore ke tšoare nako. Sena se ile sa etsa hore ke rate ’nete ea Bibele le ho rapela Molimo.”—Miles.

Ntlha ea bohlokoa: U se ke ua phutha matsoho feela—etsa ho hong! Ho ba le seo u se etsang ho molemo ho feta ho lula u phuthile matsoho.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 21]

U UA MENGOA!

Na u ka rata

● Ho ithuta ’nete ka Molimo?

● Ho ba motho ea molemo?

● Ho ba le metsoalle e molemo?

Liboka tsa Lipaki Tsa Jehova li ka u thusa ho finyella lintho tsena—le tse ling! Lipaki Tsa Jehova li kopana hammoho habeli ka beke Liholong tsa tsona tsa ’Muso e le hore li rapele. Ha ho batloe koleke, ’me baeti ba amoheloa ka mofuthu ka linako tsohle.

U se ke ua nahana hore Liholo Tsa ’Muso li tšoana le kereke leha e le efe eo u kileng ua ea ho eona! Libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova tlhokomelo e lebisoa haholo thutong ea Bibele, ’me u tla ithuta kamoo Lentsoe la Molimo le ka u thusang kateng hore u phele bophelo bo molemo ka ho fetisisa!—Deuteronoma 31:12; Esaia 48:17.

Sai o re—Ha ke qala ho kena ka Holong ea ’Muso, ke ne ke makatsoa ke hore ha hona litšoantšo tse rapeloang, hore ha ho na motho ea apereng joaloka moruti Ie hore ha ho na motho ea ileng a nkōpa hore ke ntše chelete. Batho bohle ba ile ba nkamohela ka mofuthu ’me ka ikutloa ke le lapeng. Ho ne ho le bonolo ho utloisisa lintho tseo ho neng ho buuoa ka tsona libokeng. Ena e ne e le ’nete eo esale ke e batla!

Deyanira o re—Ha ke qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova ke ne ke e-na le lilemo tse 14. Hang ha ke fihla ke ile ka amoheloa ka batho bohle. Ba ne ba bonahala ba thabetse hore e be ke teng moo, ba bile ba ntsotella e le ka ’nete. Ka lebaka la kamohelo e mofuthu eo ke ileng ka e fumana ka lekhetlo la pele ha kea ka ka thatafalloa ho khutlela hape!

[Lebokose le leqepheng la 22]

Fumana hore na ho tla tšohloa boitsebiso bofe sebokeng se latelang sa phutheho. Khetha karolo e le ’ngoe ea lenaneo eo u e ratang ’me u . . . 

E SEHE ’ME U ETSE KOPI

Ngola lintlha tsa hao mabokoseng a latelang pele u ea libokeng.

Sehlooho sa puo:

․․․․․

Seo nka lakatsang ho se tseba ka sehlooho sena:

․․․․․

Ka mor’a hore puo e fele ngola lintlha tsa hao mabokoseng a latelang.

Seo ke ithutileng sona:

․․․․․

Seo ke tla se bolella mong’a puo hore ke se ratile puong ea hae:

․․․․․

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela