Bacha Baa Botsa
Na ke Motsoalle Feela—Kapa Kea mo Rata?, Karolo ea 1
HA U BALA SEHLOOHO SEE SE KA HOLIMO NA HO NA LE MOTHO EA ITSENG KA HO KHETHEHA EO U MO NAHANANG?
E CHE
↓ ↓
BALA SEHLOOHO SENA LE HA HO NTSE HO LE JOALO SE
HANG-HANG. MOHLOMONG BALE. SE TLA U THUSA HO BOLOKA
U HLOKA HO SE BALA HO SE SETSOALLE SA HAO LE BATHO
BALA HO FETA KAMOO BA BONG BO FAPANENG SE LE BOEMONG
U NAHANANG. BO LOKETSENG EBILE SE SENA MATHATA.
Polelong e latelang tšoaea ’nete kapa bohata:
Ha kea lokela ho ba le metsoalle ea bong bo fapaneng ho fihlela ke itokiselitse ho ratana ka morero oa ho kena lenyalong.
․․․․․ ’NETE ․․․․․ BOHATA
Nahana ka sena: Le hoja Jesu a ne a sa rera ho nyala, o ne a e-na le metsoalle ea bong bo fapaneng. (Matheu 12:46-50; Luka 8:1-3) Ho bonahala eka Timothea, e leng monna oa lesoha le eena o ne a e-na le eona, kaha moapostola Pauluse o ile a re ho eena a tšoare “basali ba bacha joaloka likhaitseli [tsa hae] ka tlhoeko eohle.”—1 Timothea 5:1, 2.
E tlameha ebe Pauluse o ile a elelloa hore ha Timothea a ntse a sebeletsa liphuthehong tse fapaneng o tla kopana le basali ba bangata ba bacha. (Mareka 10:29, 30) Na Timothea o ne a tla be a etsa phoso ha a tloaelana le basali bao? Che. Empa kaha Timothea o ne a sa ikemisetsa ho nyala ka nako eo, o ne a tlameha ho tseba moo a lokelang ho fella teng e le hore a se ke a ratana, kapa hona ho bapala ka maikutlo a lerato a basali bao ba bacha.—Luka 6:31.
Ho thoe’ng ka uena? Na u se u loketse ho kena lenyalong?
Haeba u araba ka E ⇨ Setsoalle seo u bang le sona le batho ba bong bo fapaneng, se ka ’na sa fella ka hore u fumane molekane oa bophelo bohle.—Liproverbia 18:22; 31:10.
Haeba u araba ka CHE ⇨ U lokela ho ipehela meeli. (Jeremia 17:9) Na ho etsa joalo ho ka ba boima ho feta kamoo ho bonahalang kateng? E, ho ka ba boima! Niaa ea lilemo li 18 o re: “Ho thata hore le be metsoalle feela le motho oa bong bo fapaneng ebe le qetella le sa ratane. Ha ho bonolo ho tseba moo le lokelang ho fella teng.”
Ke hobane’ng ha u lokela ho ipehela meeli? Hobane haeba u sa behe meeli, joang kapa joang u tla utloa bohloko kapa u utloise batho ba bang bohloko. Hlokomela hore na ke hobane’ng ha ho le joalo.
SEO E LENG ’NETE BOPHELONG: Ha u ba le maikutlo a lerato ka motho e mong empa u e-s’o itokisetse ho ratana ka morero oa ho kena lenyalong, e mong oa lōna o tla utloa bohloko. Kelli ea lilemo li 19 o re: “Seo se nketsahaletse ka makhetlo a mabeli. Ka lekhetlo le leng ke ile ka ikutloa ke rata moshemane e mong, athe lekhetlong le leng, moshemane e mong o ile a ba le maikutlo a lerato ka ’na. Makhetlong ao ka bobeli, e mong ho rōna o ile a utloa bohloko, ’me seo se ntse se nkutloisa bohloko le kajeno.”
Seo u ka nahanang ka sona:
● Kahoo, ke maemong afe moo ho loketseng hore u be le batho ba bong bo fapaneng? Ke maemo afe ao u lokelang ho a qoba?
● Ke hobane’ng ha e se bohlale hore u lule u e-na le motho a le mong feela? Motho eo a ka nahana’ng? Uena u ka nahana’ng?
“Ka linako tse ling ke ne ke ithetsa ka hore, ‘Re metsoalle feela. Ke mo nka joaloka abuti.’ Empa joale ha ke bona a tloaela ngoanana e mong, ke utloa bohloko—joalokaha eka o tlameha ho tloaelana le ’na feela.”—Denise.
Bibele e re: “Batho ba bohlale ba bonela mathata pele ebe baa qoba, empa motho ea sa nahaneng o ikenya ho ’ona ebe ua ikoahlaea hamorao.”—Liproverbia 22:3, Good News Translation.
SEO E LENG ’NETE BOPHELONG: Ha u ba le maikutlo a lerato ka motho e mong empa u e-s’o itokisetse ho ratana ka morero oa ho kena lenyalong, u ka lahleheloa ke metsoalle ea bohlokoa. Kati ea lilemo li 16 o re: “Ke ne ke romellana melaetsa le moshemane e mong, empa ka mor’a hore a qale ho nthomella melaetsa e bontšang hore oa nthahasella, re ile ra romellana melaetsa hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng. Joale, ka lekhetlo le leng o ile a mpolella hore oa nthata le hore o batla hore re se ke ra ba metsoalle feela. Bothata ke hore ke ne ke sa rate hore e be mohlankana oa ka. Ka mor’a hore ke mo bolelle taba eo, re ne re se re sa buisane joaloka pele, ’me setsoalle sa rōna se ile sa fela.”
Seo u ka nahanang ka sona:
● Tabeng ea Kati, ke mang ea ileng a utloa bohloko, hona hobane’ng? Na Kati kapa moshemane eo, ba ka be ba ile ba etsa lintho ka tsela e fapaneng e le hore ho se ke ha e-ba le ea utloang bohloko? Haeba ho joalo, ba ka be ba entse seo joang?
● Ha motho a romela melaetsa, ke joang a sa hlokomele a ka fang e mong maikutlo a hore o batla hore e se ke ea e-ba motsoalle feela?
“Ka linako tse ling ke ne ke lokela ho ikhalemela hore ke qobe ho qeta nako le moshemane ea itseng. Bashemane e ka ba metsoalle e molemo, ’me ke ne ke sa batle ho senya setsoalle seo ka hore ke tsose maikutlo a lerato.”—Laura.
Bibele e re: “Batho ba bohlale ba qamakisisa moo ba hatang teng.”—Liproverbia 14:15, Good News Translation.
Ntlha ea bohlokoa: Ho tloaelana le batho ba bong bo fapaneng ha ho phoso. Empa haeba u e-s’o itokisetse ho ratana ka morero oa ho kena lenyalong, u tlameha ho ipehela meeli.
SEHLOOHO SE LATELANG HO “BACHA BAA BOTSA” . . .
Ho ba le maikutlo a lerato pele u lokela ho ratana ka morero oa ho kena lenyalong ho ka senya botumo ba hao—bona hore na ka tsela efe.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]
U NE U TLA ETSA’NG?
PALE EA SEBELE: “Ke ile ka romela motsoalle oa ka ea lulang sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse ka holimo ho 1 500 molaetsa. Re ne re romellana melaetsa hoo e ka bang ha ’ngoe ka beke. Ke ne ke sa batle ho ratana le eena, ’me ke ne ke sa nahane hore le eena oa nthata. Eaba ka letsatsi le leng o nthomella molaetsa o reng: ‘Lumela seponono! Ke u hopotse. U ne etsa’ng kajeno?’ Ke ile ka ema le monna oa mateneng! Ke ile ka mo bolella hore ke ne ke nahana hore re metsoalle feela le hore ha ke na thahasello ea ho ratana le eena. O ile a nkaraba a re: ‘Ao! Ha ho na taba.’ Ha aa ka a hlola a nthomella melaetsa ka mor’a moo.”—Janette.
● Haeba u se boemong ba ho ratana ka morero oa ho kena lenyalong kapa ho hang u sa ikemisetsa ho ratana, u ne u tla etsa joang ha u ne u ka fumana molaetsa o tšoanang le oo Janette a ileng a o fumana?
● Haeba u moshemane, na u nahana hore ho ne ho loketse hore Janette a romelloe molaetsa o joalo? Hobane’ng u re ho loketse kapa ha hoa lokela?
● Na u nahana hore ho ngollana melaetsa le motho ho ka etsa hore ho be bonolo ho ratana ho feta ho buisana le shebane mahlong? Ke hobane’ng ha u araba joalo?
[Lebokose le leqepheng la 17]
KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?
Kōpa batsoali ba hao hore ba u bolelle seo ba se nahanang ka lipotso tse ka holimo tse tšoailoeng ka matheba. Na maikutlo a hao a fapane le a bona? Haeba a fapane, a fapane joang? U ithuta eng tseleng eo ba ikutloang ka eona?—Liproverbia 11:14.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 17]
SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG
Joshua—Ha u qeta nako e ngata u e-na le motho a le mong feela, hangata le tla qetella le ratana.
Natasha—Le hoja u ikemiselitse hore uena le motho ea itseng le be metsoalle feela, empa u qeta nako e ngata u e-na le eena, maikutlo a lerato a tla hōla ho e mong oa lōna kapa ho lōna ka bobeli.
Kelsey—Le haeba le qala le le metsoalle feela, ho bonolo hore maikutlo a fetohe haeba le qeta nako e ngata le le ’moho. Ho ka khoneha hore batho e be metsoalle feela, empa seo se hloka hore motho a hōle kelellong hape a be le temoho.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ha u e-ba le maikutlo a lerato pele u itokisetsa ho ratana ka morero oa ho kena lenyalong ho ka ba kotsi