Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/12 maq. 16-19
  • Na ke Motsoalle Feela—Kapa Kea mo Rata?, Karolo ea 2

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Motsoalle Feela—Kapa Kea mo Rata?, Karolo ea 2
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Motsoalle Feela—Kapa Kea mo Rata?, Karolo ea 1
    Tsoha!—2012
  • Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?
    Tsoha!—2009
  • Nka Qala ho Laetsana Neng?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 7/12 maq. 16-19

Bacha Baa Botsa

Na ke Motsoalle Feela—Kapa Kea mo Rata?, Karolo ea 2

MAKASINENG E FETILENG, re ile ra tšohla lintho tse peli tseo e leng ’nete bophelong.

● Haeba u e-ba le maikutlo a lerato ka motho e mong pele u lokela ho ratana ka morero oa ho kena lenyalong, u tla utloa bohloko.—Liproverbia 6:27.

● Haeba u e-ba le maikutlo a lerato ka motho e mong pele u lokela ho ratana ka morero oa ho kena lenyalong, u ka lahleheloa ke metsoalle ea bohlokoa.a—Liproverbia 18:24.

MAKASINENG ENA, re tla tšohla

● Ntlha ea boraro eo e leng ’nete e ke keng ea qojoa mabapi le ho ba le maikutlo a lerato ka motho e mong

● Kamoo u ka tsebang kateng haeba le se le se metsoalle feela le motho oa bong bo fapaneng empa le se le e-na le maikutlo a lerato

’NETE E KENG EA QOJOA: Ha u e-ba le maikutlo a lerato ka motho e mong pele u lokela ho ratana ka morero oa ho kena lenyalong, u ka senya botumo ba hao bo botle. Miab o re: “Ke ’nile ka bona bashemane ba e-ba le metsoalle e mengata ea banana. Ha e le hantle, ‘ba bapala ka bona.’ Banana ba nkeha maikutlo ba nahane hore baa ratoa, empa moshemane eena o thabela feela tsela eo ba mo tsotellang ka eona.”

Seo u ka nahanang ka sona:

● Ebang u ngoanana kapa u moshemane, ho tloaelana haholo le batho ba bong bo fapaneng ho ka senya botumo ba hao joang?

“Ho ngollana melaetsa le batho ba bong bo fapaneng ho ka ba kotsi haholo. U qala ho ngolla motho a le mong melaetsa e seng mekae, empa kapele feela u se u lula u ngola melaetsa ’me u ngollana le batho ba bangata. Ha u re phapha!, u se u ratana le bashemane ba bararo, ’me e mong le e mong oa bona o nahana hore ‘ke eena feela’ eo u tsebanang haholo le eena. Qetellong, ha ba tseba ’nete, ba utloa bohloko—’me uena u ba le botumo ba hore u bapala ka bashemane.”—Lara.

Bibele e re: “Esita le ka liketso tsa hae moshanyana [kapa ngoanana] o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.”—Liproverbia 20:11.

Ntlha ea bohlokoa: Ha ho phoso ho tloaelana le batho ba bong bo fapaneng. Empa haeba u sa tsebe moo u lokelang ho fella teng, u ka ikutloisa bohloko, ua senya setsoalle se molemo le ho senya botumo ba hao.

U ka bona joang ha u se u tlotse meeli? Tsela e ’ngoe ke ka hore u ipotse, ‘Na motsoalle oa ka oa bong bo fapaneng ke eena eo ke mo tšepelang makunutu?’ Ngoanana e mong ea bitsoang Erin o re: “Haeba le metsoalle feela le moshemane, ha a lokela hore e be motho oa pele eo u batlang ho bua le eena letsatsi le letsatsi kapa oa pele eo u batlang ho mo bolella litaba tsa hao tsa bohlokoa. Ha ua lokela ho ea ho eena ha u hloka ho kokobetsoa maikutlo.”

Seo u ka nahanang ka sona:

● Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha bonahala eka ke ntho e khahlang ho khetha ho bolella motho oa bong bo fapaneng makunutu a hao? Empa ho ka ba le likotsi life?

“Bashemane bao ke ba tsebang ha se metsoalle ea ka ea hlooho ea khomo. Ha ke qete lihora ke bua le bona fonong joalokaha ke etsa joalo ka metsoalle ea ka ea banana. Ho na le lintho tseo nke keng ka li bua le bona.”—Rianne.

Bibele e re: “Hlokomela seo u se buang . . . Motho ea buang feela o ikenya mathateng.”—Liproverbia 13:3, Good News Translation.

Nahana ka sena: Na ho na le kotsi ha u bolella motho oa bong bo fapaneng ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka uena? Ho thoe’ng haeba setsoalle sa lōna se fela? Na u tla itšola ka hore ebe u ile ua mo bolella litaba tsa hao?

Mocha e mong ea bitsoang Alexis o akaretsa taba ena hantle. O re: “U se ke ua qoba motho ea itseng hobane feela e le oa bong bo fapaneng. Ka lehlakoreng le leng, u se ke ua ithetsa ka ho re le metsoalle feela le motho oa bong bo fapaneng empa ho se joalo. Laola maikutlo, ’me seo se tla u thusa hore u qobe ho utloa bohloko.”

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/​ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Tsoha! ea June 2012, leqepheng la 15-17.

b Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

[Lebokose le leqepheng la 17]

PALE EA SEBELE: “Nkile ka ba motsoalle oa moshemane e mong, re ne re utloana haholo. Empa ke ile ka hlokomela hore re se re qoqa nako e telele, ’me re bolellana makunutu. Ke ne ke bona hore re se re atamelane haholo hobane o ne a mpolella lintho tsohle tse mo tšoenyang. Eaba ka letsatsi le leng o ’ngolla molaetsa oa e-mail ’me a mpolella hore oa nthata. Ke ne ke sa tsebe hore na ke re’ng. Ka lehlakoreng le leng ne ke ikutloa ke thabile—ho monate ha ho e-na le motho ea nahanang hore u motho oa bohlokoa. Empa ke ne ke tšoenyehile. Ke ne ke tseba hore re ke ke ra tsoela pele re le ‘metsoalle feela’ hobane ho hlakile hore o ne a nahana hore rea ratana. Hape ke ne ke tseba hore o ne a tla utloa bohloko haeba ke ne nka ka mo bolella hore re sa le banyenyane haholo hore re ka ratana. Ke ile ka bolella batsoali ba ka taba ena, ’me ba re ke habohlokoa hore ’na le moshemane eo re khaotse ho qeta nako e ngata re le hammoho. Ketsahalo eo e ile ea etsa hore ke bone kamoo batho e ka qalang e le metsoalle feela empa ho e-s’o ee kae ba qetella ba ratana. Ho tloha ka nako eo, ke ’nile ka ba hlokolosi hore ke se ke ka tloaelana haholo le bashemane, haholo-holo ha re ngollana melaetsa ka selefouno. Ho boetse hoa thusa ho etsa setsoalle le le sehlopha, ho e-na le ho tloaelana le motho a le mong feela oa bong bo fapaneng. Ka tsela eo, ha le qoqe litaba tsa lōna tsa lekunutu ’me ha le atamelane haholo.”—Elena.

[Lebokose le leqepheng la 18]

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Kōpa batsoali ba hao hore ba u bolelle seo ba se nahanang ka lipotso tse peli tse hlahang ho “Seo u ka nahanang ka sona” sehloohong sena. Na maikutlo a hao a fapane le a bona? Haeba a fapane, a fapane joang? U ithuta eng tseleng eo ba ikutloang ka eona?—Liproverbia 1:8.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

Andre—Ha u qeta nako e ngata haholo u e-na le ngoanana, ho bonolo hore maikutlo a lerato a hōle ’me a nahane hore ua mo rata. Haeba lintho tseo u rerang ho li finyella li sa u lumelle hore u ratane hona joale, u se ke ua fana ka maikutlo a hore u batla ho ratana.

Cassidy—Ke motho ea botsoalle, ’me kaha ke hōtse le bashemane, ke ikutloa ke phutholohile haholo ha ke e-na le bona—e leng ntho e ka bakang mathata ka linako tse ling. Ho kotsi ho tšoara bashemane ka tsela eo u tšoarang metsoalle ea hao ea banana ka eona—ba ka nahana hore ua ba rata. Ho molemo haholo ho tšoara moshemane joaloka abuti oa hao!

[Lebokose le leqepheng la 19]

MOLAETSA HO BATSOALI

Boemong bo loketseng, hase phoso hore bacha ba thabele botsoalle le batho ba bong bo fapaneng. Empa bacha ba sa ikemisetsang ho ratana ka morero oa ho kena lenyalong, ba tlameha ho tseba moo ba lokelang ho fella teng.c Ba lokela ho ba metsoalle feela le batho ba bong bo fapaneng—ba se ke ba lumella lintho hore li fete moo.

Ho etsahala’ng ha batho ba babeli ba ratana pele ba lokela ho kena lenyalong? Le hoja qalong ba ka thaba, empa qetellong baa soetseha. Ho tšoana le ho lula ka koloing e se nang mabili. Qetellong, moshemane kapa ngoanana oa elelloa hore lerato la bona ha hona moo le eang teng. Ba bang ba ka qala ho ratana ka sekhukhu—e leng boemo bo ka lebisang boitšoarong bo bobe. Ba bang baa arohana—e leng ntho e ka etsang hore bobeli ba bona ba ikutloe ba tsuoe tlaase, ba utloile bohloko ba bile ba sithabetse. Le ka thusa mocha oa lōna joang hore a qobe kotsi ea ho ratana pele ho nako?—Moeklesia 11:10.

Ntho ea bohlokoa ke hore le buisane ka bolokolohi le bana ba lōna ba lilemong tsa bocha ka litaba tse amanang le ho etsa setsoalle le batho ba bong bo fapaneng. Ka tsela eo, le tla khona ho hlokomela—le ho ba thusa—haeba setsoalle sa bona se qala ho tsoa tseleng.

Batsoali ba bang ha ba elelloe hore ba sitisa bana ba bona ho buisana le bona ka litaba tse joalo. Nahana ka seo bacha ba bang ba ileng ba se bolella Tsoha!

“Ke ne ke lula ke batla ho bolella ’mè oa ka ka mohlankana ea nkhahlileng, empa ka itholela hobane ke tseba hore o tla halefa.”—Cara.

“Ha ke ne ke bolella ’mè oa ka ka moshemane ea nkhahlileng, o ne a re, ‘U se ke ua lebella hore ke tla tla lenyalong la hao!’ ho e-na le hore a re ‘Ak’u mpolelle ka motsoalle enoa oa hao. Ke’ng e u khahlang ka eena?’ Hoja ’mè oa ka o ile a mpotsa lipotso tse kang tseo, mohlomong nkabe ke ile ka amohela likeletso tsa hae.”—Nadeine.

Ho fapana le hoo, hlokomela phapang e bang teng ha batsoali ba mamela bana ba bona ba sa fele pelo, ’me ba ba fa likeletso tse sebetsang.

“Batsoali ba ka ha baa ka ba halefa ha ke ne ke ba bolella hore ho na le moshemane ea nkhahlileng. Ba ile ba bua seo ke neng ke hloka ho se utloa, empa hape ba bontša hore ba utloisisa tsela eo ke ikutloang ka eona. Ka lebaka leo, ke nolofalloa ho mamela likeletso tsa bona le ho ba phetlela sefuba.”—Corrina.

“Ha batsoali ba ka ba ne ba bua ka batho bao ba neng ba ba rata ha ba sa le bacha—leha ba ne ba hlalosa mabaka ao ba ileng ba khaohana le batho ba itseng ka ’ona—seo se ile sa nthusa hore ke elelloe hore ha ke etse phoso ha ke ba bolella ka tsela eo ke ikutloang ka eona ka motho ea itseng.”—Linette.

Hlokomelang hore ka linako tse ling ho na le mabaka a etsang hore bacha ba ratane pele ho nako.

“Ke ile ka ratana le moshemane e mong ka sekhukhu hobane o ne a nthabisa ’me a ’mamela ha ke bua.”—Annette.

“Ho na le moshemane e mong eo ke neng ke thabela ho ba le eena kamehla. O ne a ntsotella ka linako tsohle, e leng ntho eo ke e ratang. Ke rata ho tsotelloa, ebang ke ka tsela e nepahetseng kapa e fosahetseng.”—Amy.

“Ha batsoali ba ka ba mpolella ba tiile hore ke shebahala hantle kapa ba re seaparo se itseng sea ntšoanela, ha ke ikutloe ke hloka ho bolelloa seo ke moshemane.”—Karen.

Ipotse:

Nka etsa joang hore ke nolofalletse ngoana oa ka ea lilemong tsa bocha hore a buisane le ’na?—Bafilipi 4:5.

Na ke ‘potlakela ho utloa ’me ke lieha ho bua’?—Jakobo 1:19.

Nka etsa joang hore bana ba ka ba lilemong tsa bocha ba se ke ba khahloa ke ho ratoa le ho amoheloa ke batho ba bang ba kantle?—Bakolose 3:21.

Ntlha ea bohlokoa: Thusang bacha hore ba tsebe kamoo ba ka bolokang setsoalle sa bona le batho ba bong bo fapaneng se le boemong bo botle se bile se sena mathata. Ke bokhoni bo tla ba thusa leha e se e le batho ba baholo.—Bakolose 3:5; 1 Bathesalonika 4:3-6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

c Sheba sehlooho se tlileng pele ho sena hammoho le sa “Bacha Baa Botsa” se Tsoheng! ea June 2012.

[Chate e leqepheng la 17]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

HO IPEHELA MEELI

SEO LE KA SE ETSANG SEO LE SA LOKELANG HO SE ETSA

✔ thabelang botsoalle le le sehlopha  X ho ba babeli

feela le motho oa bong bo fapaneng

✔ tloaelanang  X ho bolellana makunutu

✔ thabelang ho qoqa  X ho bapala ka maikutlo a lerato

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 18]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

HO ETSA SETSOALLE

HO BAPALA KA MAIKUTLO A LERATO A BA BANG

HO TŠOARA-TŠOARANA

HO TŠOARANA KA MATSOHO

HO SUNANA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela