Na e Entsoe?
Khetla ea Khofu ea Clusterwink
● Libōpuoa tse ngata tsa leoatle li ntša khanya. Khofu ea clusterwink e sebelisa bokhoni bona ka tsela e ikhethang. Haeba lekhala le hlasela khofu ena, e khutlela ka har’a khetla ea eona e be e ntša “khanya e phatsimang” e tšosang lekhala. Empa khanya e tsoa joang khetleng ea khofu ee?
Ak’u nahane: Ho e-na le hore khetla ea clusterwink e thibele khanya, ea e ntša. Dimitri Deheyn le Nerida Wilson, e leng litsebi tsa saense Mokhatlong oa Scripps o Etsang Liphuputso Tsa Saense e Amanang le Leoatle le Lintho Tse Phelang ho Lona o San Diego, California, U.S.A., li fumane hore khanya e ntšoang ke khofu ena e nama ka khetleng ea eona ’me e ntša khanya ka makhetlo a leshome ho feta ea mabone a rekisoang a bosesaane ba limilimithara tse 0,5. Ka nako e tšoanang, bokhoni ba khetla ena ba ho ntšetsa khanya linthong tse e potolohileng bo matla ho feta ba mabone a iketselitsoeng, ka makhetlo a robeli. Ntho e makatsang ke hore bokhoni bona bo ikhethang ba khetla ea clusterwink ba ho ntšetsa khanya linthong tse ling, ha bo fumanoe likhofung tse ling tsa leoatle tsa mofuta oa eona. Ntho e thahasellisang ke hore, khanya ena e phunyeletsa sebaka se se lelele ho feta khanya leha e le efe ka metsing.
Dr. Deheyn o re ho ithuta ka khofu ea clusterwink “ho ka thusa haholo e le hore ho etsoe lisebelisoa tse khantšang hantle.” Lefapha le sebelisang khanya bakeng sa ho etsa liphuputso tsa bongaka le ho phekola, le ntse le ka rua molemo lipatlisisong tsena. Nakong ena eo ho sebelisoang mefuta ea mabone a sa tšoaneng, ha ho pelaelo hore litleloubu tse khonang ho eketsa khanya e nyenyane li tla thusa ho boloka motlakase.
U nahana’ng ka see? Na khetla ea khofu ea clusterwink e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Setšoantšo se hōlisitsoeng sa khetla khanyeng e tloaelehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Setšoantšo se hōlisitsoeng sa khetla e ha e ntša khanya
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 18]
Left: www.robastra.com; center and right: Courtesy of Dr. D. Deheyn, Scripps Institution of Oceanography, UC San Diego