Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/11 leq. 23
  • Khetla ea Khofu e Maoto a Makhekhebu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khetla ea Khofu e Maoto a Makhekhebu
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2011
  • Khetla ea Khofu ea Clusterwink
    Tsoha!—2012
  • Feberu ea Likhofu na e Haufi le ho Fela?
    Tsoha!—1997
  • Khetla ea Mollusk
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 6/11 leq. 23

Khetla ea Khofu e Maoto a Makhekhebu

Na e Entsoe?

● Khofu e maoto a makhekhebu e na le khetla e thata ka ho fetisisa e fumanoeng linthong tsa tlhaho. Khofu ena e fumanehang fatše Leoatleng la Indian, e ka mamella khatello e bang teng metsing a botebo ba limithara tse ka bang 2 400. Ho feta moo, khofu ena e nyenyane ha e angoe ke metsi a nang le asiti e ngata le thempereichara ea ’ona e lulang e feto-fetoha—ho kopanyelletsa metsi a chesang a tsoang mapetsong. Khetla ena e boetse e e sireletsa liphoofolong tse batlang ho e ja.

Ak’u nahane: Khetla ea khofu ena e na le likarolo tse tharo. Ea pele e entsoe ka likaroloana tsa sulfide e nang le tšepe; ea bobeli e tšoana le protheine e ka holimo e fumanoang mefuteng e meng ea likhofu; ’me ea boraro e entsoe ka minirale ea k’halsiamo e bitsoang aragonite. Khetla ena e likarolo li tharo e sireletsa khofu eo ha e hlaseloa ke makhala a batlang ho e ja, a lekang ho e pshatla ka linala tse matla. Lekhala le ka ’na la qeta matsatsi le ngoaparetse khofu, empa khetla ea eona e sa pshatlehe.

Makasine ea Discover e tlaleha hore bafuputsi ba neng ba sebelisa mochine o nang le taemane ntlheng o bitsoang indenter, ba lemohile hore “karolo e ka ntle ea khetla e etselitsoe hore ha e e-ba le lepetso le se ke la e-ba leholo. Lepetso leo le fella feela karolong e nang le likaroloana tsa sulfide e nang le tšepe. Sena se etsa hore khetla e peperane hanyane feela, ’me e se ke ea peperana haholo.” Ho sa le joalo, karolo e bohareng ha e peperane nakong eo khofu e hlaseloang.

Bafuputsi ba nahana ho etsisa tsela eo khetla ea khofu ena e entsoeng ka eona e le hore ba etse lihelemete tse thata le ho feta le liveste tse thibelang likulo, hammoho le ho etsa likepe le lifofane. Discover e re: “Sena se ka thusa esita le tabeng ea liphaepe tse tsamaisang oli tsa Arctic tse lulang li otloa ke leqhoa le ipōpileng.”

U nahana’ng ka see? Na khetla ea khofu e maoto a makhekhebu e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

“Indenter”

Karolo e ka ntle

Karolo e bohareng

Karolo e ka hare

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]

Courtesy Anders Warén

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela