Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/11 maq. 19-22
  • Mathata le Melemo ea ho Hōlisa Ngoana ea Nang le Down Syndrome

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mathata le Melemo ea ho Hōlisa Ngoana ea Nang le Down Syndrome
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Amohela Boloetse ba Ngoana
  • Ho Thusa Ngoana Hore a Atlehe
  • Ho Tlisa Khotsofalo e Khōlō
  • Ha Ngoana oa Hao a E-na le Bokooa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Na U se U Loketse ho Emela Tumelo ea Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Linotlolo Tse Lebisang Thutong E Ntle
    Tsoha!—1996
  • Kamoo U ka Hlaolelang Lerato la ho Ithuta
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 6/11 maq. 19-22

Mathata le Melemo ea ho Hōlisa Ngoana ea Nang le Down Syndrome

“Ke masoabi ho le tsebisa hore ngoana oa lōna o na le Down syndrome.” Ha batsoali ba utloa mantsoe ao a utloisang bohloko a ngaka, seo se fetola bophelo ba bona ka ho feletseng. Ntate e mong ea bitsoang Víctor o re: “Ke ile ka utloa eka ke lora toro e tšosang, ’me ke batla ho phaphama.”

EMPA ho boetse ho na le melemo e itseng. Emily le Barbara, e leng bo-’mè ba hōlisitseng bana ba nang le Down syndrome, ba hlalosa phihlelo ea bona e le “boemo bo ferekanyang kaha ka linako tse ling ho ba le katleho ha ka linako tse ling ho ba le lintho tse nyahamisang, ’me letsatsi ka leng ho ba le maemo a ferekanyang le a thata le lintho tse ling tse thabisang tseo ba li finyellang.”—Count Us In—Growing Up With Down Syndrome.

Down syndrome (DS) ke eng?a Ha e le hantle, DS ke boloetse boo motho a hlahang a bo futsitse ’me o phela le bona bophelo bohle ba hae, bo ama hoo e ka bang lesea le le leng ho a 730, United States.b Bana ba nang le DS ba na le bothata ba ho ithuta, ba ho bua esita le ba ho sebelisa mesifa, ’me mathata ana a ba ama ka litsela tse sa tšoaneng, ba bang ba thatafalloa haholo ha ba bang bona ba sa thatafalloe hakaalo. Ba boetse ba lieha ho hōla kelellong le tsebong le ho ithuta ho phelisana le batho ba bang.

Boloetse boo bo ama bokhoni ba ngoana ba ho ithuta ho isa bohōleng bofe? Ha Jason ea nang le DS, a hlalosa boloetse bona bukeng eo a kentseng letsoho ha e ne e ngoloa, e reng Count Us In—Growing Up With Down Syndrome, o re: “Ha ke nahane hore ke kholofalo. Ke feela hore bo sitisa motho ho ithuta kaha o nka nako ho ithuta. Ha bo bobe hakaalo.” Leha ho le joalo, bana ba nang le DS ha ba tšoane ’me bohle ba na le bokhoni bo sa tšoaneng. Ha e le hantle, ba bang ba khona ho ithuta hoo ba ka bang mafolofolo sechabeng ’me ba phela ka tsela e khotsofatsang.

Ha ho letho le ka etsoang ho thibela bothata bona bo liphatseng tsa lefutso hore bo fetele leseeng—ebang ke pele kapa nakong ea boimana. Ha ho motho ea lokelang ho behoa molato ha ngoana a e-ba le DS. Empa ke ntho e tšosang haholo ho batsoali. Ba ka etsa’ng ho thusa ngoana le ho ithusa?

Ho Amohela Boloetse ba Ngoana

Ha ho bonolo ho amohela hore ngoana o na le DS. ’Mè e mong ea bitsoa Lisa o re: “Ke ile ka ferekana haholo. ’Na le monna oa ka re ile ra lla ha ngaka e qeta ho re hlalosetsa boemo. Ha ke tsebe hore na re ne re llisoa ke hore re utloile bohloko kapa ke hore re tšoenyehile ka [morali oa rōna] Jasmine. Mohlomong re ne re llisoa ke lintho tseo ka bobeli! Leha ho le joalo, ke ne ke labalabela ho mo sika ’me ke mo bolelle hore ke tla lula ke mo rata, ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng ka moso.”

Víctor o re: “Ke ne ke nahana lintho tse ngata, ke tšohile ke bile ke tšaba hore batho ba tla re khesa. Re ne re nahana hore lintho li ke ke tsa hlola li tšoana le pele le hore re ke ke ra hlola re e-ba le metsoalle. Ho bua ’nete, re ne re nahana ka tsela e bontšang boithati ka lebaka la ho tšaba lintho tseo re sa tsebeng hore na li tla etsahala kapa che.”

Hangata ka mor’a nakoana motho o khaotsa ho sareloa le ho ikutloa a sa kholiseha ka lintho tse tla etsahala nakong e tlang, kapa a ka ’na a boela a ikutloa ka tsela eo ka tšohanyetso. Elena o re: “Hangata ke ne ke llisoa ke boemo ba [morali oa rōna] Susana. Empa ha a le lilemo li ’nè, o ile a re, ‘’Mè, u se ke ua lla. Ha ho na taba.’ Ho hlakile hore o ne a sa utloisise hore na ke llela’ng, empa ka eona nako eo ke ile ka etsa qeto ea hore ke khaotse ho ikutloela bohloko le ho lula ke nahana ka lintho tse ntepeletsang. Ho tloha ka nako eo, ke ’nile ka leka ka matla hore ke mo thuse ho ntlafatsa ka hohle kamoo ho ka khonehang.”

Ho Thusa Ngoana Hore a Atlehe

Ke’ng e ka le thusang hore le atlehe ho koetlisa ngoana? Litsebi tsa mokhatlo oa DS li re: “Qalang ka ho mo rata! Lintho tse ling tsohle li tla latela.” Moprofesa Sue Buckley o re: “Taba ea pele ke hore bana ba nang le Down syndrome ke batho. Khōlo [ea bona] . . . e susumetsoa ke boleng ba tlhokomelo eo ba e fuoang, thuto le batho bao ba phelang le bona, feela joaloka batho ba bang bohle.”

Lilemong tse mashome a mararo tse fetileng, ho ntlafalitsoe haholo litsela tsa ho ruta bana ba nang le DS. Litsebi li eletsa batsoali hore ba kenyelletse bana bana linthong tsohle tseo lelapa le li etsang le hore ba ba thuse ka tsela ea papali ’me ba ba ise mananeong a khethehileng a reretsoeng ho ntlafatsa bokhoni ba bona. Ba lokela ho qala ho ba isa mananeong ao hang ka mor’a hore ba tsoaloe, ’me a akarelletsa phekolo ea physiotherapy, mananeo a rutang batho ho bua le a fanang ka tlhokomelo e khethehileng, hammoho le a tšehetsang ngoana le ba lelapa labo maikutlong. Gonzalo, e leng ntate oa Susana o re: “Haesale re sa khetholle Susana. Re ’nile ra mo kenyelletsa linthong tsohle tseo lelapa le li etsang. Re mo tšoara joaloka bana ba bang bohle le ho mo khalemela ho tšoana le bona, empa re ntse re hopola mefokolo ea hae.”

Bana ba nang le DS ba ka ’na ba lieha ho hōla. ’Me ba ka ’na ba qala ho ithuta ho bua ha ba le lilemo li peli kapa li tharo. Ba ka ’na ba lla kapa ea e-ba lifela-peloana hobane ba ferekanngoa ke hore ha ba khone ho bua. Leha ho le joalo, batsoali ba ka ba ruta ho etsa lintho tse itseng le pele ba tseba ho bua. Ka mohlala, ba ka ’na ba sebelisa puo e bonolo ea matsoho, ka ho etsa lipontšo tse itseng le ka ho sebelisa lintho tseo ngoana a li bonang. Ka tsela ena, ngoana a ka ba bolella ha a hloka lintho tse itseng tsa bohlokoa, joaloka ha a kōpa metsi, ho ekeletsoa, a qetile ho etsa ntho e itseng, a kōpa lijo le ha a tšoeroe ke boroko. Lisa o re: “Re le lelapa, re ne re ruta Jasmine matšoao a mabeli kapa a mararo ka beke. Re ne re leka ka hohle ho mo ruta ’ona ka tsela eo a tla e thabela le hona re a pheta-pheta.”

Selemo le selemo, bana ba eketsehileng ba nang le DS ba ea likolong tse tloaelehileng ’me ba kopanela linthong tseo banab’abo bona le metsoalle ba li etsang. Ke ’nete hore ba thatafalloa ho ithuta, empa ho kena sekolo le lithaka tsa bona ho bonahala ho thusitse ba bang hore ba tsebe ho ikhoantlella, ho phelisana le batho ba bang le hore ba hōle tsebong.

Kaha bana ba nang le DS ba lieha ho hōla, lekhalo le teng pakeng tsa bona le bana ba bang le ba leholo le ho feta ha ba ntse ba hōla. Leha ho le joalo, litsebi tse ling li khothalletsa hore bana bao ba isoe likolong tse tloaelehileng tse phahameng, haeba matichere le batsoali ba lumellana ebile e le hore ba tla fuoa thuso e eketsehileng ea ho ithuta. Francisco o re: “Molemo o moholo ka ho fetisisa oa hore ebe Yolanda o ile a ea sekolong se tloaelehileng se phahameng, ke hore o ile a khona ho tloaela bana ba bang ka ho feletseng. Ho tloha qalong feela, o ne a bapala le bana ba bang ’me le bona ba ithuta ho mo tšoara joaloka e mong oa bona le ho mo kenyelletsa linthong tsohle tseo ba li etsang.”

Ho Tlisa Khotsofalo e Khōlō

Ha ho bonolo ho hōlisa ngoana ea nang le DS. Ho hloka nako, boiteko le sepheo hammoho le mamello le ho lebella lintho tse ka finyelloang. ’Mè oa Ana, e leng Soledad o re: “Ho ameha lintho tse ngata e le hore ke hlokomele Ana. Ke lokela ho ithuta ho ba ’mè ea nang le mamello, ho ba mooki le ho silila, ho phaella mesebetsing e tloaelehileng ea lelapa.”

Leha ho le joalo, malapa a mangata a re ho ba le ngoana ea nang le DS ho entse hore a atamelane. Banab’abo ha ba ichebe bo bona feela ebile ba bontša kutloelo-bohloko, ’me ba utloisisa batho ba holofetseng hamolemo. Antonio le María ba re: “Re fumane moputso o moholo ka hore ebe re bontšitse mamello, ’me ha nako e ntse e ea re bone litholoana tsa seo. Kamehla morali oa rōna e moholo, e leng Marta, o ’nile a re thusa ho hlokomela Sara [ea nang le DS], ’me o mo thahasella e le kannete. Sena se entse hore Marta a lakatse ho thusa bana ba bang ba holofetseng.”

Rosa, eo ausi oa hae a nang le DS, o re: “Susana o tlatselitse haholo thabong ea ka ’me o nthata haholo. O nthusitse hore ke be le kutloelo-bohloko haholoanyane ho batho ba bang ba holofetseng.” ’Mè oa Susana, e leng Elena, o phaella ka ho re: “Oa thaba ha a bontšoa mosa. Ha motho a bontša hore oa mo rata, eena o mo rata le ho feta.”

Emily le Barbara—e leng bo-’mè ba babeli bao ho builoeng ka bona qalong ea sehlooho sena—ba hlokometse hore “batho ba nang le Down syndrome ba tsoela pele ho hōla le ho ithuta bophelong bohle ba bona, ’me ba rua molemo phihlelong ea bona le ha ba fumana monyetla oa hore ba etse lintho tse ncha.” Yolanda—ea nang le DS—o fa batsoali ba ngoana ea nang le Down syndrome keletso ena e bonolo: “Mo rateng haholo. Mo hlokomeleng joalokaha batsoali ba ka ba ile ba ntlhokomela, ’me le hopole hore le lokela ho bontša mamello.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Re tla sebelisa khutsufatso DS sehloohong sena sohle.

b Boloetse bona bo reheletsoe ka John Langdon Down, e leng ngaka ea Lenyesemane e ileng ea hatisa ka lekhetlo la pele boitsebiso bo nepahetseng bo mabapi le boloetse bona, ka 1866. Ka 1959, setsebi sa liphatsa tsa lefutso sa Lefora se bitsoang Jérôme Lejeune, se ile sa hlokomela hore masea a nang le DS a hlaha a e-na le chromosome e ’ngoe liseleng tsa ’ona, e leng se etsang hore a be le li-chromosome tse 47 ho fapana le tse 46. Hamorao, bafuputsi ba ile ba fumana hore chromosome eo e tšoana le chromosome 21.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 20, 21]

Na Batho ba Nang le Down Syndrome ba Thabela Bophelo?

Seo ba se Buang. . .

“Ke rata mosebetsi oa ka kaha o etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa.”—Manuel ea lilemo li 39

“Ntho eo ke e ratang ka ho fetisisa ke ho ja paella e entsoeng ke ’Mè le ho tsamaea le Ntate ha ke il’o ruta ba bang Bibele.”—Samuel ea lilemo li 35

“Ke rata ho ea sekolong kaha ke batla ho ithuta ’me matichere a nthata haholo.”—Sara ea lilemo li 14

“U se ke ua tšoenyeha, itšoare hantle ’me u bapale le bana ba bang, u tla ithuta lintho butle-butle.”—Yolanda ea lilemo li 30

“Ke rata ho bala, ho mamela ’mino le ho qeta nako ke e-na le metsoalle.”—Susana ea lilemo li 33

“Ke batla ho hōla. Ke batla ho phela.”—Jasmine ea lilemo li 7

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

Mekhoa ea ho Ntlafatsa Puisano

Mona ho fanoe ka litlhahiso tseo u ka li sebelisang ha u buisana le motho ea nang le Down syndrome:

● Ema ka pel’a hae e le hore le shebane mahlong.

● Bua mantsoe a bonolo ka lipolelo tse khutšoanyane.

● Bontša ka sefahleho ’me u etse lipontšo tse itseng ho tšehetsa seo u se buang.

● Mo fe nako ea hore a utloisise seo u se buang le ea hore a arabe.

● Mo mamele ka hloko, ’me u mo kōpe hore a phete seo u mo laetseng sona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela