Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 6/15 maq. 16-17
  • Na U se U Loketse ho Emela Tumelo ea Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U se U Loketse ho Emela Tumelo ea Hao?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Sebetsana ka Katleho le ho Hloka Toka Joang?
    Tsoha!—1999
  • Bana ba Sekolo Nigeria ba Hlohonolofalletsoa Botšepehi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha re Hloka Matichere?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 6/15 maq. 16-17

Na U se U Loketse ho Emela Tumelo ea Hao?

NA U kile ua ba boemong boo ho bona u ileng ua ikutloa u tlameha ho emela tumelo ea hao? Nahana ka se ileng sa hlahela morali e mong oabo rōna oa Paraguay ea lilemo li 16, ea bitsoang Susana. Ha a le ka tlelaseng ea thuto ea litaba tsa boitšoaro sekolong se phahameng, ba bang ba ile ba re Lipaki Tsa Jehova ha li lumele “Testamente ea Khale,” ebile ha li lumele ho Jesu Kreste, kapa Maria. Ba bang bona ba ile ba re Lipaki li na le cheseho e feteletseng ebile li ka mpa tsa shoa ho e-na le hore li amohele phekolo ea lingaka. Haeba e ne e le uena, u ne u tla etsa joang?

Susana o ile a rapela Jehova eaba o phahamisa letsoho. Kaha ba ne ba se ba le haufi le ho tsoa ka tlelaseng, o ile a kōpa tichere ea hae hore e mo fe monyetla oa ho hlalosa seo a se lumelang, kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Hang-hang tichere eo e ile ea lumela. Susana o ile a qeta libeke tse peli tse latelang a ntse a itokisetsa ho ea hlalosetsa tlelase seo a se lumelang, a sebelisa bukana e reng Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng?

Letsatsi leo le ile la qetella le fihlile. Susana o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha re bitsoa Lipaki Tsa Jehova. O ile a boela a hlalosa hore na tšepo ea rōna ke efe ka nako e tlang le hore na ke hobane’ng ha re sa lumele ho tšeloa mali. Ka mor’a moo o ile a fa ba ka tlelaseng monyetla oa ho botsa lipotso. Liithuti tse ngata li ile tsa phahamisa matsoho. Tichere ea hae e ne e hloletsoe ha e utloa ngoananyana eo a araba lipotso tseo ka Mangolo.

Seithuti se seng se ile sa re, “Nkile ka ea Holong ea ’Muso ’me ka fumana ho se na setšoantšo leha se le seng.” Tichere e ile ea botsa hore na lebaka la seo ke lefe. Eaba Susana o bala Pesaleme ea 115:4-8 le Exoda 20:4. Tichere e ile ea makala eaba e re, “Ke hobane’ng ha rōna likereke tsa rōna li tletse litšoantšo empa Bibele e le khahlanong le tsona?”

Puisano eo ea lipotso le likarabo e ile ea nka metsotso e 40. Eitse ha Susana a botsa ba ka tlelaseng eo hore na ba ka thabela ho bona video ea No Blood—Medicine Meets the Challenge, kaofela ha bona ba ile ba lumela. Kahoo tichere eo e ile ea lokisetsa hore puisano eo e tsoele pele letsatsing le latelang. Ka mor’a hore ba shebelle video eo, Susana o ile a hlalosa mekhoa e meng ea ho phekola ntle le mali eo Lipaki tse ling Tsa Jehova li e amohelang. Eaba tichere e re: “Ke ne ke sa tsebe hore ho na le mekhoa e meng e mengata hakana ea phekolo; ebile ke ne ke sa tsebe melemo ea ho phekoloa u sa tšeloe mali. Ebe mekhoa ee ea phekolo e etselitsoe Lipaki Tsa Jehova feela?” Eitse ha tichere eo e utloa hore motho e mong le e mong a ka khona ho phekoloa ka eona, eaba e re: “Ha Lipaki Tsa Jehova li tla ha ka nakong e tlang, ke tla buisana le tsona.”

Le hoja Susana a ne a lokiselitse puisano e tla nka metsotso e 20, e ile ea nka lihora tse tharo. Ka mor’a beke, liithuti tse ling le tsona li ile tsa hlalosetsa tlelase seo li se lumelang likerekeng tsa habo tsona. Qetellong, ho ile ha botsoa lipotso tse ngata, empa liithuti tseo li ile tsa sitoa ho emela tumelo ea tsona. Eaba tichere eo e re ho tsona, “Ke hobane’ng ha le sitoa ho emela tumelo ea lōna joaloka ngoanana eo oa Paki ea Jehova eo le leng tlelaseng e le ’ngoe le eena?”

Li ile tsa araba ka ho re: “Bona ba hlile ba ithuta Bibele. Athe rōna ha re ithute Bibele.”

Eaba tichere eo e retelehela ho Susana e re: “Kannete le ithuta Bibele ebile le leka ho etsa seo e se buang. Ke le rōlela khaebana.”

Susana a ka be a ile a ithōlela. Leha ho le joalo, ha a iteta sefuba ho emela tumelo ea hae, o ne a latela mohlala o motle oa ngoananyana oa Moiseraele ea sa boleloang ka lebitso eo Basyria ba neng ba mo isitse botlamuoeng. Ngoanana eo o ne a lula ha molaoli oa lebotho la Syria ea bitsoang Naamane, ea neng a tšoeroe ke lefu le tšabehang la letlalo. Ngoanana eo oa Moiseraele o ile a iteta sefuba eaba o re ho mofumahali oa hae: “Hoja moren’a ka a ne a le ka pel’a moprofeta ea leng Samaria! Tabeng eo o ne a tla mo folisa lepera la hae.” Ngoanana eo o ile a ikutloa a tlameha ho paka ka Molimo oa ’nete. Sena se ile sa etsa hore mong’a hae, Naamane, e be morapeli oa Jehova.—2 Mar. 5:3, 17.

Ka ho tšoanang, Susana o ile a ikutloa a tlameha ho paka ka Jehova le batho ba hae. Ha Susana a iteta sefuba ho emela tumelo ea hae ha ba bang ba belaella seo a se lumelang, o ne a mamela taelo ea Mangolo e reng: “Halaletsang Kreste e le Morena ka lipelong tsa lōna, kamehla le loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Pet. 3:15) Na le uena u se u loketse ho emela tumelo ea hao le ho iteta sefuba ha monyetla o hlaha?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Lithulusi tsena li ka u thusa ho emela tumelo ea hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela