Khetla ea Mollusk
Na e Entsoe?
◼Likhetla tsa likhofu tsa leoatleng li bonahala eka li pshatleha habonolo, empa hangata ho thata ho li pshatla. Ha moenjiniere Kenneth Vecchio a hopola tsa bongoaneng ba hae, o re: “Ke ne ke li tula ka hamore e le hore ke li pshatle.” Likhetla tsa li-mollusk ka ho khetheha, li bontša kamoo likhetla tsa likhofu tsa leoatleng li leng thata kateng.a
Ak’u nahane: Lera le ka har’a khetla ea li-mollusk (le bitsoang nacre, kapa motsoako o hlahisang perela) le na le makhekhebu a manyenyane a qaqolohaneng ka linanomithara tse seng kae feela kapa ka karolo e le ’ngoe ho tse limilione tse sekete tsa mithara. Christine Ortiz, e leng moprofesa Lefapheng la Saense le Boenjiniere ba Thepa, Setsing sa Theknoloji Massachusetts, U.S.A., o re: “Re hlokometse hore makhekhebu ana a manyenyane a lera la nacre a rarahane ka tsela e hlollang le hore ho bonahala eka ke ’ona a ka sehloohong a etsang hore khetla ena e be thata.”
Mongoli oa saense ea bitsoang Charles Petit o hlalosa hore lera le hōlisitsoeng la nacre “le hlophisehile ka tsela e hlollang.” O re: “Makhekhebu ana a manyenyane a fapakana joaloka mohaho oa litene, o nang le matlapa a kristale a sephara, a mahlakore a tšeletseng, a nang le calcium carbonate ’me a kolohane ka makhethe. A tšoeroe ke boka bo bonolo bo nang le protheine e ngata bo tsoang ho shellfish.”
Bo-rasaense ba lumela hore tsela eo khetla ea mollusk e entsoeng ka eona e ba file sephiri sa bohlale boo ba ka bo sebelisang ka mekhoa e fapaneng—ha ba etsa lintho tse kang tse sireletsang masole ntoeng, likarolo tsa koloi le mapheo a sefofane, har’a tse ling. Ortiz o re: “Lintho tse nyenyane tsa tlhaho li hlahisa thepa ea boleng bo holimo ho latela moralo oa tsona. Maemong a mangata, baenjiniere ba ntse ba e-s’o khone ho hlahisa thepa e joalo.”
U nahana’ng ka see? Na khetla ea mollusk e matla ka tsela e ikhethang e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li-mollusk ke liphoofotsoana tse ’mele e bonolo, tse se nang masapo. Likhofu tsena tsa leoatleng li akarelletsa li-clam, li-mussel, li-oyster, li-scallop, li-octopuse le li-squid.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Lera le hōlisitsoeng le ka har’a khetla ea “mollusk”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Inset: © Eye of Science/Photo Researchers, Inc.