Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 5 leq. 16
  • Na Li Entsoe? | Likhetla Tsa Leoatle.

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Li Entsoe? | Likhetla Tsa Leoatle.
  • Tsoha!—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2017
  • Khetla ea Mollusk
    Tsoha!—2009
  • U ka Sibolla Moetso oa Lihloliloeng
    Tsoha!—2002
  • Khetla ea Khofu e Maoto a Makhekhebu
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2017
g17 no. 5 leq. 16

NA LI ENTSOE?

Likhetla Tsa Leoatle

LIKHETLA li thusa likhofu ho phela maemong a thata botebong ba leoatle. Lienjiniere li ile tsa hlokomela taba ena eaba li qala ho ithuta hore na likhetla li sebetsa joang. Sepheo sa bona e ne e le ho etsa likoloi le mehaho e matla joaloka likhetla tsena.

Ak’u Nahane: Lienjiniere li ithutile ka mefuta e ’meli ea likhetla, tse metsero le tse nang le mela e harelaneng joaloka seporing.

Li hlokometse hore likhetla tse metsero li jara ntho e boima e neng e ka utloisa khofu bohloko, ebe li isa boima boo mahlakoreng e le hore bo se ke ba fihla khofung. Tse mela e kang ea seporing tsona li jara boima ka mela ea tsona ebe li bo isa motsung. Mefuta ena ka bobeli e jara boima ka tsela e etsang hore le ha likhetla li ka senyeha, khofu eona e se ke ea utloa bohloko.

Ka mor’a ho ithuta lintho tsena ba ile ba iketsetsa likhetla e le hore ba bone hore na li ka khona ho jara boima joaloka likhetla tsa sebele. Tsena tseo ba neng ba iketselitse tsona e ne e se letho ha li bapisoa le tsa sebele kaha tsa bona li ne li sa khone ho jara lintho tse boima haholo.

Makasine e bitsoang Scientific American e re: “Koloi e tšoanang le likhetla e ka ba ntle haholo ea ba ea sireletsa motho ea e palameng.”

U nahana’ng ka see? Na ho ka etsahala hore ebe likhetla li ikentse, kapa ho na le motho ea li bopileng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela