U ka Sibolla Moetso oa Lihloliloeng
HA RE otlolla maoto sebakeng sa mahaeng, boholo ba rōna re hlokomela botle ba lintho tsa tlhaho. E ka ba sehlopha sa lithunthung, nonyana e khabileng ka mebala, sefate se setlehali kapa pono ea naha e hlollang ka botle. Batho ba bangata ba amahanya botle bona le ’Mōpi kapa Moqapi e Moholo.
U ka ’na ua nahana hore ke litsebi tsa saense feela tse ka sibollang moetso o rarahaneng linthong tsa tlhaho. Leha ho le joalo, ha u hloke lisebelisoa tse tsoetseng pele tsa saense hore u lemohe tsela eo lintho tsa tlhaho li entsoeng ka eona. U lokela feela ho ba le leihlo le nchocho, u nahanisise ka seo u se bonang le ho ananela botle le ponahalo ea sona. Ho ka ’na ha hlokahala hore u shebisise lintho tse tloaelehileng tseo u ’nileng ua li nka li sa re letho.
Moetso o mong o bonolo haholo ke oa ntho e ikharileng. O ka bonoa linthong tse tloaelehileng tse entsoeng ke batho joaloka ropo kapa sekurufu se etselitsoeng ho ntša poropo. Leha ho le joalo, u ka fumana ho ikhara ho ikhethang haholoanyane likhetleng tsa leoatle kapa likotolaneng tsa sefate sa phaene. Hape, haeba u ka sheba hlooho ea sonobolomo ka hloko, u tla boela u bone ho ikhara ho itseng. Meetso e meng e harehileng e sa bonahaleng hakaalo le eona e khabisa bokahare ba rosa le tepo ea sekho.
Shebela tepo ea sekho haufi. Qalong, sekho se haha motheo oa tepo ea sona ka likhoele tse tšesaane tse tlohang bohareng li ea ka mathōko. Ka mor’a moo, se qala ho kampela ho tloha bohareng ’me se li kopanya hammoho ka khoelana e namathelang le e bonojoana. Ka ho ’na se potoloha, sekho se loha tepo ho fihlela se e qetile. Khoelana ena e etsang selika-likoe se hōlang e etsa ntho e harehileng.
Moetso o mong o thahasellisang tlhahong ke oa litubatuba. Litubatuba li ka fumanoa libakeng tse sa tloaelehang—masibeng a nonyana, mapheong a serurubele esita le lekhakhapheng la tlhapi. Litsebi tsa saense li bolela hore litubatuba li ka thusa ho qala lefereho la tsona, li ka ferekanya mohlaseli oa tsona kapa tsa etsa hore li leleke liphoofolo tseo li sa li batleng. Mohlomong mohlala o tsebahalang haholo tlhahong ka litubatuba ke pikoko, ’me menyakoe eo e e etsang nakong ea lefereho ke o mong oa mehlolo e babatsehang linthong tsa tlhaho. Alexandere e Moholo o ile a khahloa ke botle ba pikoko hoo a ileng a ntša taelo ea hore nonyana ena e sireletsoe pusong eohle ea hae.
Selika-likoe le ntho e chitja ke meetso e meng e tloaelehileng. Ho likela ha pitikoe ea letsatsi le fubetseng kapa khoeli e tolokileng e ’mala o motšoana kamehla li re susumelletsa hore re tsote botle ba tsona. Lithunthung tse ngata tsa mofuta oa lishoeshoe li na le ponahalo e kang ea letsatsi, hare li tšehla ’me ka thōko li khantša ka mebala e fapa-fapaneng. Bohare bona ba lithunthung tse bulehileng bo ntša lero le lengata le tsoekere, le hohelang lirurubele joalo feela kaha lebōpo la leoatle le lesehlana le hohela bahahlauli.
Kaha litšenyehelo ha li be ngata ha ho phutheloa lintho tse chitja, hangata litholoana le menokotšoai li hlaha li le chitja, ka boholo bo sa lekaneng le mebala e sa tšoaneng. Mebala ea tsona e khanyang e hohela linonyana, ’me tsona li lefa ka ho jala peō ha li ntse li e-ja lijo tse hlabosang.
Ke ’nete hore lintho tse ikharileng, litubatuba, lilika-likoe le lintho tse chitja ke mehlala e ’maloa feela ea meetso e mengata e fumanoang tlhahong. Le hoja tse ling li e-na le morero o khethehileng, tse ling li molemong feela oa botle kapa oa ho ikhakanya. Ho sa tsotellehe hore na morero oa tsona ke ofe, li bohe ’me u thabele botle ba tsona.
[Setšoantšo se Tletseng leqephe la 23]