Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/10 leq. 26
  • Lijo Tse Fumanehang Habonolo Tsa Likokoanyana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lijo Tse Fumanehang Habonolo Tsa Likokoanyana
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Peō ea Limela—Phofshoana e Nang le Bophelo
    Tsoha!—2007
  • Likokoanyana le Liboko Tse Jeoang—Lijo Tseo re ke Keng ra li Lebala
    Tsoha!—2012
  • Lintsintsi Tseo Tse Nyonyehang—Na li Molemo ho Feta Kamoo U Nahanang Kateng?
    Tsoha!—1996
  • Mafu a Bakoang ke Likokoanyana—Bothata bo Jang Setsi
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 3/10 leq. 26

Lijo Tse Fumanehang Habonolo Tsa Likokoanyana

● Likokoanyana li ja lijo tse fumanehang habonolo, tse nang le lik’halori tse ngata. Li li fumana habonolo lihloohoaneng tsa limela tse nang le lipalesa. Joaloka mabenkele a lijo, lipalesa li etsa papatso ka mebala ea tsona e khanyang. Kaha li hoheloa ke lipalesa, likokoanyana tsena li lula holim’a tsona, moo li itjellang phofshoana ea tsona kapa li momorotsang lero la tsona.

Ka ho khetheha likokoanyana lia noaboloha ka mor’a bosiu bo pholileng, kahoo libōpuoa tsena tseo thempereichara ea tsona e sa fetoheng li hloka matla a letsatsi e le hore li hlasimolohe. Lipalesa tse ngata li thentha likokoanyana ka sohle seo li se hlokang—li li fa lijo tse matlafatsang le sebaka seo li ka orang letsatsi ho sona. A re ke re hlahlobeng mohlala o tloaelehileng.

Shoeshoe ea oxeye ke palesa e tloaelehileng e melang likarolong tse ngata tsa Europe le Amerika Leboea. E ka ’na ea bonahala e se palesa e khethehileng, empa haeba u hlile u e hlahlobisisa, u tla bona lintho tse ngata tse etsahalang ho eona. Palesa ena e fa likokoanyana sebaka se molemo haholo sa hore li qalise letsatsi. Makhasi a eona a masoeu a ntša mofuthu oa letsatsi, ’me karolo e tšehla e bohareng ba eona ke sebaka sa ho phomola seo likokoanyana li ka orang letsatsi hamonate ho sona.a

E le ho etsa hore ketelo e be e thabisang le ho feta, karolo e bohareng ea palesa ea shoeshoe e na le peō le lero le lengata, e leng lijo tse matlafatsang tseo likokoanyana tse ngata li li ratang haholo. Ka sebele sena ke sebaka se molemo haholo seo ho sona kokoanyana e ka iphumanelang lijo tsa hoseng eaba ea thabela ho ora letsatsi!

Kahoo, likokoanyana tse fapaneng li lula lipaleseng tsena tsa shoeshoe ea oxeye motšehare. U ka ’na ua bona bo-maleshoane, lirurubele tse mabala-bala, likokoanyana tse kang polilo-khoana, matjeketjane le lintsintsi tsa mefuta eohle. Ho hlakile hore haeba u se motho ea hlokolosi, mohlomong le ka mohla u ke ke ua hlokomela libaka tsena tse hlollang tseo likokoanyana li jellang ho tsona.

Ka hona, nakong e tlang ha u le mahaeng, re u khothalletsa hore u ke u hlahlobe se etsahalang hloohoaneng ea semela se nang le palesa. Haeba u ka etsa joalo, mohlomong seo se tla etsa hore u hlomphe le ho leboha ’Mōpi ea entseng lintho tseo kaofela.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bo-rasaense ba sibolotse hore thempereichara karolong e ka holimo ea lipalesa tse ling e batla e le holimo haholoanyane ha e bapisoa le e libakeng tse li potolohileng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela