Lintsintsi Tseo Tse Nyonyehang—Na li Molemo ho Feta Kamoo U Nahanang Kateng?
BA BANGATA ba rōna re nka lintsintsi e le tse tšoenyang kapa e le kotsi e tobileng sechabeng. Empa litsebi tsa baeloji li fumana hore lintsintsi li na le molemo ho feta kamoo re ka nahanang kateng, le hoja li tšoenya hakaalo.
Mefuta e mengata ea lintsintsi e qeta nako e ngata e etela lipalesa, libaka tseo ho phehoang lijo ho tsona tseo likokoanyana tsena li fumanang lero le monate le peō e phofo ho tsona. Lintsintsi tse ling tse ntšang limatlafatsi peōng e phofo—e leng ketso ea bohlokoa—li itšetlehile ka lijo tsena tse nang le matla a mangata ho etsa mahe a tsona.
Ha lintsintsi li ntse li etela lipalesa, li ke ke tsa qoba ho nka lithollo tse khomarelang tsa peō e phofo, tse itšoarellang ’meleng oa tsona. Ntsintsi e ’ngoe e ileng ea hlahlojoa ka hloko ke litsebi tsa baeloji e ne e e-na le lithollo tsa peō e phofo tse 1200 ’meleng oa eona! Ha ho ntse ho etsoa phuputso e eketsehileng ka karolo ea ho hasa peō e phofo ho etsoang ke lintsintsi, bo-rasaense ba fumane hore lipalesa tse ling li itšetlehile ka tsona hore li tsoele pele li phela.
Makasine ea Natural History e hlalosa letoto la liteko tse ileng tsa etsoa Colorado, Amerika Leboea. Lintsintsi tse tloaelehileng tsa muscoidea, tse tšoanang le lintsintsi tsa ka tlung, li ile tsa tšeloa ka lerole le ’mala o khanyang e le hore mohlala oa tsona o ka fumanoa habonolo. Ka mor’a ho hlokomela mosebetsi oa tsona oa letsatsi ka leng, bafuputsi ba ile ba makatsoa ke ho fumana hore ho lipalesa tse ling tse hlaha, lintsintsi e ne e le tsona tsa bohlokoa haholo ho haseng peō e phofo ho feta linotši le hore li ne li e-ea sebakeng se hōle ho feta linotši.
Mosebetsi oa ntsintsi ke oa bohlokoa hakae? Lipalesa tse ling li ile tsa koaheloa ka letanta e le hore likokoanyana li se ke tsa tla ho tsona. Lipalesa tsena ha lia ka tsa hlahisa peō ho hang—ha li bapisoa ka ho hlakileng le tse hlahisang litholoana tse haufinyane e le tseo peō ea tsona e phofo e ileng ea hasoa ke lintsintsi. Le hoja peō ea lipalesa tse ling e ne e hasoa haholo-holo ke linotši, mefuteng e meng e kang folakse e hlaha kapa geranium e hlaha, bophahamong bo itseng lintsintsi li ne li etsa ka holimo ho karolo ea 90 lekholong ea mosebetsi ona.
Qeto ea Carol Kearns le David Inouye, e leng ba babeli ba bafuputsi baa, e bile efe? “Kahoo, bakeng sa lipalesa tse ngata tse hlaha tse Colorado Rockies, lintsintsi li feta linotši, lirurubele le linonyana . . . Ka ntle ho likokoanyana tsena, tseo batho ba bangata ba sekametseng ho li nyonya, lipalesa tse ngata tse hlaha tse etsang hore ketelo ea sebaka se lithaba tse nang le joang ho ba e thabisang, li ne li tla hlōleha ho melisa peō.” Ha ho pelaelo hore lintsintsi li na le melemo!