Ke Hobane’ng ha Molimo o ’Nile oa Mamella Hakaale?
SHEBA sefahleho se sohlokehileng sa ngoana ea lapileng. Bona ’mele oa hae oo e seng e le masapo feela le mpa ea hae e likhikila. Nahana ka ho hloka ha hae lijo e le kannete, ’me u hlokomele sejana se se nang letho seo a se nkileng. Mohlomong ’mè oa hae o mo shebile ka mahlo a khohletseng hare, sefahleho sa hae se bontša ho hloka tšepo. Joale leka ho hatella masoabi a hao—e, leka ho ithiba meokho.
Ketsahalo ena e etsahala ka makhetlo a limillione tikolohong e boholo ba 6 million square kilometers e aparetsoeng ke tlala e tsejoang e le Sahel. E akarelletsa sebaka sa lik’hilomithara tse ka holimo ho 4 800 ho pholletsa le Afrika ka boroa ho Lehoatata la Sahara, ho tloha Senegal e Moeling oa Leoatle la Atlantic ho ea Ethiopia Leoatleng le Lefubelu. Ha e le hantle, tlala e boetse e hlasela linaha tse ling tse ngata. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o tlaleha hore hoo e ka bang batho ba limillione tse likete tse 1,1 ho pota lefatše ba kula ka ho tebileng kapa ha ba fumane lijo tse lekaneng.
Ha e le hantle, tlala e mpa feela e le tšobotsi e ’ngoe ea ho utloa bohloko ha batho. Motho o silafatsa lefatše, ’me kaofela ha rōna rea ameha. Litsamaiso tsa lipolotiki li lumella ho hloka toka le lintoa tse tlisetsang ba bangata khatello le lefu. Ke hobane’ng ha Molimo o lumella lintho tse joalo? Na oa re tsotella?
Molimo o Hlile oa re Tsotella!
’Mōpi oa rōna o hlile oa re tsotella. Ho na le bopaki bo bongata ba sena le ba matla a hae a ho etsa hore lintho li sebelisane hammoho molemong oa rōna le hore ho be le kutloano pōpong ea hae eohle. Ka mohlala, sheba setšoantšo sena sa notši e sefateng se thuntseng sa litholoana. Notši e itšetlehile ka thunthung bakeng sa lero le tsoekere leo e le hlokang bakeng sa lijo. Ka ho tšoanang, sefate se itšetlehile ka phoofshoana ea thunthung eo ’mele oa notši o e nkang ho tloha sefateng se tšoanang. Ka tsela ena, thunthung e kenngoa phoofshoana eo e le hore tholoana e tle e be teng. Hase lifate tsohle tse behang litholoana tse kenngoang phoofshoana ka tsela ena, empa ka sebele Jehova o lokiselitse tšebelisano-’moho e sa tloaelehang tabeng ena. ’Me molemo oa hae o fella ka tholoana eo re ka e jang ka thabo ’me ea re tsoela molemo.
Notši ka boeona ke karolo ea sehlopha se hlophisehileng hantle sa linotši tse ka holimo ho 30 000. Tse ling li lebela ntlo ea linotši, ha tse ling li e hloekisa kapa li lokisetsa hore ho be le moea o hloekileng ka har’a eona. Tse ling li boetse li boloka lero le tsoekere la lithunthung le phoofshoana ea thunthung, li fepa popane tse tla fetoha linotši, kapa li batla mehloli e mecha ea lero le tsoekere la lithunthung. Molimo ka booona o hlophisitse litaba joalo e le hore re ka rua molemo ha linotši tse joalo tse tšoarehileng li etsa mahe a linotši a tsoekere le a matlafatsang a lutlisang mathe.
Mehlolo ea tšebelisano-’moho e teng pakeng tsa linotši le limela le e teng pakeng tsa likokoanyana ka botsona ke bo bong ba bopaki bo bongata bo pakang hore ’Mōpi a ka khona ka ho phethahetseng ho etsa hore lintho tse phelang li sebelisane hammoho. Tabeng eo, “Molimo hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso.” (1 Ba-Korinthe 14:33) Joale, ke hobane’ng ha o lumelletse batho ho phela har’a ho hloka kutloano ho hokaale, ho fellang ka ho tlisetsa ba bangata hakaale mahlomola? Haeba Molimo oa re tsotella, ke hobane’ng ha o eme nako e telele hakaale ho lokisa boemo bona? Ha e le hantle, ke hobane’ng ha Molimo o bile le mamello e kaale?
Lentsoe la Molimo, Bibele, le arabela lipotso tse joalo. Buka ena e babatsehang e re bolella hore Jehova Molimo o ’nile a mamella ka lebaka le utloahalang. Lebaka leo ke lefe? ’Me mamello ea Molimo e tla tšoarella halelele hakae?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Foto e sekoahelong: Frilet/Sipa