Mabitla a Odessa Marangrang a ka Tlas’a Lefatše
HO ILE ha hlaha lepetso le lelelele leboteng le qetang ho liloa la folete e nchafalitsoeng. Mong’a eona o ile a korotla a re: “Oho, ke mabitla ana a ka tlas’a lefatše a etsang hore matlo a rōna a sekame.”
Ho sa tsotellehe hore na bothata ke bofe—ebang ke ho phatloha ha liphaephe tsa metsi kapa ho bothela ha ’mila—ho boleloa hore litonnoro tse ka tlas’a motse o motle oa Ukraine, e leng Odessa, Leoatleng le Letšo, ke tsona tse bakang mathata. E ka ’na eaba litonnoro tsena tseo ho hakanyetsoang hore li bolelele ba lik’hilomithara tse 2 500, ke tsona mabitla a maholo ka ho fetisisa a ka tlas’a lefatše.
Re ile ra ipotsa: ‘Litonnoro tsee li bile teng joang? Li ama bophelo ba batho ba ahileng ka holim’a tsona joang?’ Re ile ra fumana likarabo ha re kena ka har’a tsona.
Ho Tsamaea ka Tlas’a Lefatše
Bese ea bahahlauli eo re neng re tsamaea ka eona e ile ea tloha seteisheneng sa terene sa Odessa e nkile batho ba thabileng ba tlileng phomolong le liithuti. Ha re ntse re tsamaea re ea mabitleng ao, motho ea re bontšang sebaka o ile a re bolella ka histori ea ’ona.
Re ile ra utloa hore e ka ’na eaba mabitla ana a chekiloe lilemong tsa bo-1830, ha motse oo o ne o hloka thepa ea mohaho e theko e tlaase le e fumanehang habonolo. Ntho e ileng ea thusa ke hore hona moo ka tlas’a motse, ho ne ho e-na le lejoe le lesehla le bobebe la mokoetla, le tšoarellang. Kahoo, mosebetsi oa ho betla lejoe e ile ea e-ba khoebo e kenyang chelete motseng oo o hōlang. Ha batho ba ntse ba rafa majoe ao, mabitla ana a ile a qala ho hlahella.
Kapele, ho ile ha ata marangrang a ka tlas’a motse a mabitla ana a chekiloeng. Litonnoro li ne li chekoa botebong ba limithara tse fetang 35. Ka linako tse ling li ne li fapakana libakeng tse sa tšoaneng. Ha lejoe la mokoetla le fela, mekoti eo e ne e tloheloa ebe ho chekoa e meng. Ka mor’a nako e itseng, litonnoro tsena tse entseng marangrang li ile tsa ba tsa fihla le libakeng tse thōko haholo.
Ka mor’a nakoana, bese ea rōna e ile ea fihla motsaneng oa Nerubaiske o ka leboea ho Odessa. Hamorao re ile ra ema pel’a lebota la lejoe la mokoetla le nang le keiti e entsoeng ka tšepe e boima e koetseng tonnoro ea mabitla. Motho ea re bontšang sebaka o ile a re: “Joale re tl’o kena sebakeng seo ho sona ho neng ho lula lingangele tsa Soviet nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Le tla utloisisa hore na li ne li phela joang mona nakong eo.” Ho ea ka setsebi se seng sa mabitla a ka tlas’a lefatše se bitsoang Andriy Krasnozhon, sehlopha se seng sa lingangele se ile sa qeta likhoeli tse 13 se lula mona.
O ile a phaella ka ho re: “Le hopole hore ka nako e ’ngoe, ho ne ho e-na le lihlopha tse ling tse ngata tse neng li lula likarolong tse ling tsa mabitla ana. Li ne li akarelletsa likebekoa, masholu a likepeng le baphaphathehi ba lipolotiki. Kaofela ha bona ba ne ba phela tlas’a maemo a batlang a tšoana.”
Re ile ra kena phasejeng eo re neng re sa bone hore na e fella kae ka lebaka la lefifi. Motho ea re bontšang sebaka o ile a re: “Litonnoro tsena e ne e se libaka tseo lingangele li ipatang ho tsona feela empa ho ne ho entsoe hore li be le thepa e mabothobotho kahohle kamoo ho ka khonehang. Ka liphaposing tsa boikhathollo, banna ba ne ba bapala checkers, chess, kapa dominoes, ba khantšitse ka likerese. Likamore tseo banna le basali ba neng ba lula ho tsona li ne li chekoa lefikeng la tonnoro e khōlō. Ka har’a phaposi e ’ngoe le e ’ngoe ho ne ho entsoe shelefo leboteng ’me e alelitsoe ka furu. E ne e le shelefo eo motho a robalang ho eona. Sepetlele teng ho ne ho e-na le libethe ho bile ho e-na le kamore eo batho ba bueloang ho eona. Basali ba ne ba phehela setofong sa lehong se entsoeng ka lejoe le lesehla la mokoetla, ’me mosi o ne o tsoela tonnorong e ka holimo.”
Siling ea tonnoro eo e ne e tšoana le seponche se seholo se tloaelehileng, empa sona se le thata. Ho ne ho e-na le matšoao a sakha a fapakaneng ho theosa le mabota a bontšang moo majoe a sakhiloeng teng. Mabota ao a ne a le khorofo joaloka sandpaper. Motho ea re bontšang sebaka o ile a re: “Ha lingangele li ne li tsoela ka ntle, li ne li chencha liphahlo e le hore Majeremane a se ke a li nkhella. Mongobo o ka mabitleng ao o ne o kenella liphahlong ’me o etsa hore li nkhe ka tsela e ikhethang.”
O ile a boela a re: “Ho ne ho boetse ho e-na le lintho tse ling tse sa tloaelehang mabapi le ho phela ka tlas’a lefatše, tse kang ho lula ka lefifing.” O ile a tima mabone eaba re sala re le lefifing. O ile a re: “Ba ne ba ke ke ba lula ba khantšitse mabone a parafine.” Ha re ntse re tsamaea re phopholetsa lebota, o ile a boela a re: “Kaha mafika a nka molumo, haeba u lahleha, ha ho na motho ea tla utloa ha u hoeletsa.” Ka lehlohonolo, o ile a khantša mabone hape!
O ile a re: “Balebeli ba ne ba sebetsa lihora tse peli feela, hobane ka mor’a hore motho a qete nako e telele a le lefifing moo ho thotseng tu! o ne a ka ’na a qala ho utloa mantsoe a sieo.” Lesoba le holimo tonnorong eo le ile la etsa hore re bone tonnoro e ka holim’a eo re neng re le ka ho eona. Ke ile ka ipotsa, ‘Ebe e tsoa hokae? Hona e ea hokae?’ Ke ile ka utloa seo e le phihlelo e thabisang. O ile a boela a re: “Ke mabitla a nkang sebaka se ka etsang lik’hilomithara tse 1 700 feela a seng a kentsoe ’mapeng, kahoo mosebetsi o sa ntse o le mongata.”
Bafuputsi ba morao tjena ba sibolotse litonnoro tse ling tse ncha. Ka har’a tsona ba fumane likoranta tsa lilemong tse lekholo tse fetileng, mabone a parafine a mehleng ea pele ho phetohelo ea puso le chelete ea mehleng ea babusi ba bahatelli. Lintho tsena tse sibolotsoeng—tse lutseng li sa senyeha ka lilemo tse mashome—ke tsa batho ba mehleng ea khale ba neng ba lula ka mabitleng a Odessa a tebileng, a lefifi le a malelele.—Se nehetsoe.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
MATLOTLO A MEHAHO
Mehaho e metle e entsoeng ka lejoe le lesehla la mokoetla le chekiloeng e ntse e le teng setsing sa motse oa Odessa. Mamati a mekatong e ka tlaase mehahong e meng a lebisa batho ka ho toba mabitleng ana a ka tlas’a lefatše. Mehaho e mecha e ntse e hahuoa ka lejoe lena la mokoetla.
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Libethe tsa sepetlele tse neng li sebelisoa ke Masoviet nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Batho ba nahana hore mabitla a ka tlas’a lefatše a Odessa a na le liphaseje tse etsang lik’hilomithara tse 2 500