Mafu a Bakoang ke Likokoanyana—Bothata bo Jang Setsi
KE NAKO EA HO ROBALA lelapeng le leng la Latin America. ’Mè o katela likobo tsa mora oa hae ka lerato ’me o re a robale hantle. Empa ha ho se ho le lefifi, tšitšili ea mofuta o mong e bitsoang e sunang, e bolelele bo ka tlaase ho lisenthimithara tse tharo, e tsoa lepatsong le silinng le tobaneng le bethe. E oela ka lenyele sefahlehong sa ngoana ea robetseng ’me a utloela tlaase, e loma letlalo la hae le bonojoana. Ha tšitšili ena e ntse e khaqa mali, e boetse e hlatsetsa mantle a eona moo. A sa tsohe, moshanyana enoa o ingoaea sefahleho, o peqella mantle ao leqebeng leo e le entseng.
Ka lebaka la sena, ngoana enoa o tšoaroa ke lefu la Chagas. Nakong ea libeke tse peli, o ba le feberu e matla ’me oa ruruha. Haeba a pholoha, likokoana-hloko li ka hahela ’meleng, tsa hlasela pelo, methapo ea kutlo le lihlopha tsa lisele. Ho ka feta lilemo tse ngata tse ka bang 10 ho ea ho tse 20 pele matšoao a itlhahisa. Empa joale a ka ’na a ba le liso tsamaisong ea tšilo ea lijo, a ba le tšoaetso bokong ’me a qetella a bolailoe ke lefu la pelo.
Tlaleho ena e iqapetsoeng e hlalosa kamoo lefu la Chagas le ka tšoarang motho kateng. Latin America, batho ba limilione ba ka ba kotsing ea ho sunoa ka tsela ena e ka ba bolaeang.
Balekane ba Batho ba Maoto a Mangata
Encyclopædia Britannica e re: “Boholo ba feberu e matla e tšoarang batho e bakoa ke likokoana-hloko tse fetisoang ke likokoanyana.” Ka tloaelo batho ba sebelisa lentsoe “kokoanyana”—lintho tse maoto a tšeletseng tse kang lintsintsi, matsetse, menoang, linta le bo-maleshoane, e le ha ba bua le ka tse ling tseo ha e le hantle e seng likokoanyana—lintho tse maoto a robeli tse kang hoaba le liboseleise. Litsebi tsa saense li akarelletsa mefuta ena eohle tlas’a sehlopha sa arthropod—e leng karolo e khōlōhali mefuteng ea liphoofolo—e akarelletsang bonyane mefuta e tsebahalang e ka bang milione.
Boholo ba likokoanyana ha li kotsi ho batho, ’me tse ling li molemo haholo. Ha li ne li le sieo, limela le lifate tse ngata tseo batho le liphoofolo ba itšetlehileng ka tsona bakeng sa lijo li ne li ke ke tsa fumana peō hore li behe, kapa hona ho hlahisa litholoana. Likokoanyana tse ling li thusa ho hleka litšila. Likokoanyana tse ngata li ja limela feela, ha tse ling tsona li ja likokoanyana tse ling.
Ke ’nete hore ho na le likokoanyana tse tšoenyang batho le liphoofolo ka ho loma habohloko kapa tseo ho ba teng ha tsona feela ka bongata ho tenang. Tse ling tsona li baka tšenyo e khōlō lijalong. Leha ho le joalo, likokoanyana tse senyang ka ho fetisisa ke tse jalang maloetse le ho baka mafu. Duane Gubler oa U.S. Centers for Disease Control and Prevention o re, mafu a bakoang ke likokoanyana “e bile ’ona a bakileng maloetse le ho shoa ha batho ba bangata lekholong la bo17 la lilemo ho ea mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo ho feta lisosa tsohle tse ling li kopane.”
Hona joale, motho a le mong ho ba bang le ba bang ba tšeletseng o tšoaetsoa ke mafu a bakoang ke likokoanyana. Ntle le ho sotla batho, mafu a bakoang ke likokoanyana a imetsa batho haholo licheleteng, haholo-holo linaheng tse tsoelang pele—e leng tse ikapereng. Esita le ho qhoma ha seoa se le seng ho ka li imela. Ho tlalehoa hore seoa se seng se joalo ka bophirimela ho India ka 1994 se ile sa ja lidolara tse libilione tsa moruo oa naha eo le oa lefatše. Ho ea ka Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, linaha tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng li ke ke tsa tsoela pele moruong ho fihlela mathata a joalo a bophelo a rarollotsoe.
Kamoo Likokoanyana li re Kulisang Kateng
Likokoanyana li tsamaisa maloetse ka mekhoa e ’meli e ka sehloohong. Oa pele ke ka ho a fetisa ka ’mele ea tsona. Feela joalokaha batho ba ka kena ka tlung ka lieta tse litšila, Encyclopædia Britannica e re “lintsintsi li ka nka likokoanyana tse nyenyane haholo hoo ha li le ngata li ka bakang maloetse.” Ka mohlala, lintsintsi li ka nka litšila mantleng ’me tsa a fetisa ha li lula lijong kapa linong tsa rōna. Ka tsela ena batho ba tšoaroa ke maloetse ana a fokolisang le a bolaeang a kang feberu ea mala, letšollo hammoho le k’holera. Lintsintsi li boetse lia tlatsetsa ho jaleng trachoma—e leng sesosa se ka sehloohong lefatšeng se bakang bofofu. Trachoma e ka foufatsa ka ho senya lera la leihlo—e leng karolo e hlakileng ea leihlo ka pel’a thaka ea leihlo. Lefatšeng ka bophara, batho ba ka bang 500 000 000 ba tšoeroe ke lefu lena le atileng haholo.
Maphele, a bang mangata moo ho nang le litšila, le ’ona ho belaeloa hore a fetisa maloetse ka ’mele ea ’ona. Ho phaella moo, litsebi li amahanya ho ata ho hoholo ha asma morao tjena, haholo-holo baneng, le maphele. Ka mohlala, nahana ka Ashley, ngoanana ea lilemo li 15 ea qetileng masiu a mangata a hema ka thata ka lebaka la asma. Moo ngaka e reng e hlahloba matšoafo a hae, lephele le oela fatše le tsoa hempeng ea Ashley ’me le matha tafoleng eo ho hlahlobeloang ho eona.
Maloetse a ka Hare
Ha likokoanyana li e-na le livaerase, libaktheria kapa likokoana-hloko ’meleng ea tsona, tsela ea bobeli eo li ka jalang maloetse ka eona ke ka ho loma kapa ka mekhoa e meng. Ke karolo e nyenyane feela lekholong ea likokoanyana e fetisetsang boloetse bathong ka tsela ena. Ka mohlala, le hoja ho e-na le mefuta e likete ea menoang, ke mofuta oa Anopheles feela o tšoarisang malaria—e leng lefu la bobeli le bolaeang ka ho fetisisa lefatšeng (ka mor’a lefuba) le tšoaetsanoang.
Leha ho le joalo, menoang e meng e fetisa maloetse a mangata a sa tšoaneng. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo oa tlaleha: “Mafung ’ohle a fetisoang ke likokoanyana, monoang ke oona o kotsi ka ho fetisisa ho jaleng malaria, feberu ea dengue le yellow fever, tseo kaofela li bakileng mafu a limilione tse ’maloa le ho siea ba limilione tse makholo ba kula selemo se seng le se seng.” Bonyane ke karolo ea 40 lekholong ea baahi ba lefatše e kotsing ea ho tšoaroa ke malaria, ’me karolo e ’ngoe ea 40 lekholong e kotsing ea ho tšoaroa ke feberu ea dengue. Libakeng tse ngata motho a ka tšoaetsoa maloetse ana ka bobeli.
Ho hlakile hore menoang hase tsona feela likokoanyana tse tsamaeang li jere maloetse. Tsetse fly e fetisa likokoana-hloko tse bakelang batho boloetse ba boroko, bo tšoarang batho ba likete le ho qobella sechaba sohle hore se furalle masimo a sona a nonneng. Ka ho fetisa likokoana-hloko tse bakang bofofu ba linōka, liboba li foufalitse Maafrika a ka bang 400 000. Matsetse a lehlabathe a ka tsamaisa likokoana-hloko tse ka bakang leishmaniasis, sehlopha sa maloetse a holofatsang, a senyang litšobotsi le ao hangata a bolaeang, ao hona joale a tšoenyang batho ba limilione ba lilemo tsohle lefatšeng ka bophara. Bathong le liphoofolong, matsetse a fumanoang hohle a ka fetisa manyooa, a fetisa hape le likokoana-hloko tse ka bakang lefu la ho ruruha boko, lefu la tularemia esita le seoa se itseng—lintho tseo hangata li amahanngoang le Lefu la Seoa la Mehla e Bohareng, leo ka lilemo tse tšeletseng feela le neng le se le bolaile karolo ea boraro kapa e fetang moo ea baahi ba Europe.
Ntle le maloetse a mang, linta, likokoanyana tsa mofuta oa hoaba le liboseleise li ka fetisa mefuta e sa tšoaneng ea lefu la typhus. Liboseleise linaheng tseo tlelaemete ea tsona e itekanetseng li ka tsamaisa lefu la Lyme—lefu le jaloang haholo ke likokoanyana United States le Europe. Phuputso e ’ngoe ea Sweden e sibolotse hore linonyana tse fallang li ka tsamaisa liboseleise lik’hilomithara tse likete, mohlomong li hlahise lefu le lecha sebakeng seo li fihlang ho sona. Britannica e re “liboseleise li feta mefuta e meng eohle ea likokoanyana (ntle ho menoang) tabeng ea mafu a mangata ao li a fetisetsang bathong.” Ha e le hantle, boseleise e le ’ngoe e ka ba le likokoana-hloko tsa maloetse a mararo ’me e ka a fetisa kaofela ha e loma hanngoe!
“Ho Phomola” Maloetseng
Ke haufinyane tjena ka 1877 ha saense e paka hore likokoanyana li fetisa maloetse. Ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha etsoa matšolo a ho laola kapa ho felisa likokoanyana tse tsamaisang maloetse. Ka 1939, moriana o bolaeang likokoanyana oa DDT o ile oa kenyelletsoa letšolong ’me lilemong tsa bo-1960, likokoanyana tse bakang mafu li ne li se li sa nkoe e le tšokelo e kaalo bophelong ba baahi ba sa luleng Afrika. Ho e-na le ho lebisa tlhokomelo ho laoleng likokoanyana tse tsamaisang mafu, joale e ile ea lebisoa ho phekoleng ka lithethefatsi maemong a tšohanyetso, le ho thahaselleng ho ithuta ka likokoanyana le ho fokotseha ha libaka tseo li lulang ho tsona. Ho ne ho boetse ho fumanoa meriana e mecha, ’me ho ne ho bonahala eka saense e tla fumana “makhona-tsohle” ho phekola maloetse. Lefatše le ne le thabela ‘phomolo’ maloetseng a tšoaetsanoang. Empa phomolo eo e ne e le ea nakoana. Sehlooho se latelang se tla hlalosa lebaka.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
Kajeno, motho a le mong ho ba tšeletseng o tšoaetsoa mafu ke likokoanyana
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Tšitšili e sunang
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Lintsintsi li nka likokoana-hloko tse bakang maloetse ka maoto a tsona
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Likokoanyana tse ngata li na le maloetse ’meleng ea tsona
Liboba tse ntšo li fetisa bofofu ba linōka
Menoang e fetisa malaria, “dengue” le “yellow fever”
Linta li ka fetisa “typhus”
Matsetse a fetisa kokoana-hloko e etsang hore boko bo ruruhe le maloetse a mang
“Tsetse fly” e fetisa boloetse ba boroko
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
WHO/TDR/LSTM
CDC/James D. Gathany
CDC/Dr. Dennis D. Juranek
CDC/Janice Carr
WHO/TDR/Fisher
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]
Clemson University - USDA Cooperative Extension Slide Series, www.insectimages.org