Ke Hobane’ng ha a Boile Sekoele?
HOO E KA BANG lilemo tse 40 tse fetileng, ho ne ho nahanoa hore maloetse a tloaelehileng a bakoang ke likokoanyana a kang malaria, yellow fever le dengue a ne a batla a felisitsoe libakeng tse ngata lefatšeng. Empa joale ho ile ha etsahala se sa lebelloang—maloetse a bakoang ke likokoanyana a ile a bitoha hape.
Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore likokoanyana tse ling le likokoana-hloko tsa tsona li se li setlela feela merianeng e li bolaeang le e sebelisoang ho li laola. Ho tloaela ha likokoanyana meriana ena e li bolaeang ho bakiloe ke ho e sebelisa ka ho feteletseng le ke ho sebelisa meriana e meng hampe. Buka ea Mosquito e re: “Malapeng a mangata haholo a futsanehileng, batho ba batla meriana, ba e sebelisetsa feela ho fokotsa mahlaba a se ba tšoereng ebe ba behela moriana o setseng lekhetlo le latelang ha boloetse boo bo ka boea.” Kaha ha baa sebelisa moriana oo ho fihlela ba phekolehile hantle, likokoana-hloko tse matla li ka ’na tsa se ke tsa shoa ’meleng ’me tsa tsoala leloko le lecha la bana ba seng ba setlela merianeng.
Ho Fetoha ha Tlelaemete
Phetoho e bang teng tlhahong le sechabeng ke eona e ka sehloohong e etsang hore maloetse a bakoang ke likokoanyana a boee sekoele. Mohlala o motle ke oa phetoho e teng tlelaemeteng ea lefatše ka bophara. Litsebi tse ling tsa saense li lebeletse hore ho futhumala ho ntseng ho eketseha tikolohong ea lefatše ho tla etsa hore likokoanyana tse jereng maloetse li qetelle li fetetse le libakeng tseo hona joale e leng tse batang. Ho na le bopaki bo itseng ba hore e ka ’na eaba sena se se se ntse se etsahala. Dr. Paul R. Epstein oa Setsi sa Bophelo le Tikoloho ea Lefatše, Sekolong sa Bongaka sa Harvard, o re: “Likokoanyana le maloetse a bakoang ke tsona (ho akarelletsa malaria le feberu ea dengue) kajeno li tlalehoa ka bongata Afrika, Asia le Latin America.” Costa Rica, dengue e nametse le lithabeng, tseo pele li neng li thibetse lefu lena hore le felle Lebōpong la Pacific, empa hona joale le aparetse naha eohle.
Empa boemo ba leholimo bo futhumetseng bo ka etsa ho eketsehileng. Libakeng tse ling bo fetola linōka matangoana ha libakeng tse ling bo nesa pula ea likhohola e sieang mophula oa matangoana a emeng. Maemong ana ka bobeli metsi a emeng e ba lehae le loketseng hantle la ho ikatisa ha menoang. Boemo ba leholimo bo chesang le bona bo etsa hore menoang e ikatise ka nako e khutšoaane, bo potlakisa ho ata ha eona ka bongata le ho lelefatsa nako eo menoang e bang teng ka bongata. Menoang e atleha haholo ha boemo ba leholimo bo futhumetse. Mocheso o mongata o fihla le ka hare-hare ho monoang ’me o potlakise le ho feta lebelo la ho hlaha ha likokoana-hloko, eleng ho eketsang monyetla oa hore ho longoa hanngoe ho bakele motho boloetse. Empa ho na le lintho tse ling hape tseo ho amehiloeng ka tsona.
Tlhahlobisiso ea Maloetse
Phetoho e sechabeng le eona e ka tlatsetsa ho ateng ha maloetse a bakoang ke likokoanyana. E le ho utloisisa hore na sena se etsahala joang, re lokela ho hlahlobisisa karolo eo likokoanyana li e phethang. Maloetseng a mangata, hase kokoanyana feela e fetisang maloetse. Phoofolo kapa nonyana e ka ’na ea fetisa boloetse ka ho ba le likokoanyana ’meleng kapa ka ho ba le likokoana-hloko maling a eona. Haeba liphoofolo li khona ho phela le tsona, li ka ’na tsa fetoha mohloli oa maloetse.
Nahana ka boloetse ba Lyme, bo fumanoeng ka 1975 ’me ba rehelloa ka Lyme, Connecticut, U.S.A., moo le qalileng ho fumanoa teng. E ka ’na eaba baktheria e bakang boloetse ba Lyme e fihlile Amerika Leboea lilemong tse lekholo tse fetileng ka likhoto kapa ka mehlape e neng e tsamaisoa ka likepe tse tsoang Europe. Ka mor’a hore boseleise e nyenyane ea Ixodes e noe mali a phoofolo e nang le tšoaetso, baktheria eo e phela boseleising ena bophelo ba eona kaofela. Hamorao ha boseleise eo e loma phoofolo e ’ngoe kapa motho, e ka fetisetsa baktheria ena maling a eona kapa a hae.
Karolong e ka leboea-bochabela United States, boloetse ba Lyme bo tloaelehile haholo—bo bile moo nako e telele. Mohloli o moholo oa baktheria ea boloetse ba Lyme sebakeng seo ke toeba e maoto a masoeu. Liboseleise li boetse li lula ’meleng oa litoeba tsena, haholo-holo liboseleise tseo e leng hona li ntseng li hōla. Liboseleise tse seng li hōlile li khetha ho lula ’meleng oa khama moo li iphepang teng le ho ikatisa. Hang ha boseleise e tšehali e khaqile mali, e itihela fatše ’me e behele mahe, ebe ke moo liboseleise tse ncha li hlahang.
Ho Fetoha ha Maemo
Likokoana-hloko li ’nile tsa phela le liphoofolo le likokoanyana ka lilemo tse ngata li sa bake maloetse bathong. Empa phetoho maemong a itseng e ka fetola boloetse ba sebaka se itseng seoa—boloetse bo aparelang batho ba bangata sechabeng. Tabeng ea lefu la Lyme ke eng e ileng ea fetoha?
Nakong e fetileng, libatana li ne li thusa ho fokotsa hore batho ba kopane le likhama tse nang le liboseleise ka ho li ja. Ha baahi ba pele ba Europe ba rema meru ho etsa mapolasi, mehlape ea likhama e ile ea fokotseha le ho feta ’me libatana tse li jang li ile tsa falla. Empa bohareng ba lilemo tsa bo-1800, mapolasi a mangata a ile a siuoa feela ha balemi ba fallela bophirimela, ’me meru e ile ea boela ea teteana. Likhama li ile tsa khutla, empa libatana ha lia ka tsa hlola li khutla. Kahoo, mehlape ea likhama e ile ea ata ka potlako ’me liboseleise le tsona tsa ata.
Hamorao, baktheria ea lefu la Lyme e ile ea hlaha ’me ea phela liphoofolong ka mashome a lilemo pele e sokela bophelo ba batho. Leha ho le joalo, ha metse e qala ho hahoa moo meru e qalang, bana le batho ba baholo ba bangata ba ile ba qala ho kena moo ho renang liboseleise. Liboseleise li ile tsa khomarela bathong ’me ba tšoaroa ke lefu la Lyme.
Boloetse Lefatšeng le sa Tsitsang
Ketsahalo e boletsoeng ka holimo ke mohlala o le mong ho e mengata e etsang hore maloetse a jalehe ’me hape ke o mong oa mehlala ea kamoo liketso tsa batho li ka khothalletsang mafu kateng. Bukeng ea hae ea The Future in Plain Sight, Eugene Linden, setsebi sa tikoloho, o re: “Ho itšunya-tšunya ha batho ho entse hore hoo e ka bang maloetse ’ohle a boee sekoele a se a le bohale le ho feta.” Mehlala e seng mekae ke ena: Bongata ba lipalangoang tsa morao tjena le ho potlaka ha tsona ho ka jala likokoana-hloko, ha ba ha fetisa le liphoofolo tse tšoaelitsoeng le tsona lefatšeng ka bophara. Ho senya sebaka seo lintho tse phelang li lulang ho sona, ebang ke tse khōlō kapa tse nyenyane, ho sokela boteng ba tsona ka mefuta-futa. Linden o re: “Tšilafalo e tlala moeeng le metsing, e fokolisa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung liphoofolong le bathong ka tsela e tšoanang.” O qotsa sephetho se entsoeng ke Dr. Epstein: “Ha e le hantle, ho kena-kenana ha batho le tikoloho ea lintho tse phelang ho fokolisitse tsamaiso ea lefatše ea ho itšireletsa mafung hore e sebetse ka katleho, ha etsa hore maemo e be a loketseng likokoana-hloko.”
Ho se tsitse ha lipolotiki ho etsa hore ho be le lintoa tse senyang tikoloho ea lintho tse phelang le ho senya meralo ea tlhokomelo ea bophelo le kabo ea lijo. Ho phaella moo, Biobulletin e re: “Hangata baphaphathehi ba fokolang ka lebaka la ho haelloa ke phepo e nepahetseng ba qobelloa ho lula likampong, moo ka lebaka la ho pepeteha ha batho le maemo a sa hloekang, batho ba pepesehelang maloetse a mangata.”
Ho se tsitse ha moruo ho qobella batho hore ba fallele linaheng tse ling kapa libakeng tse ling hona ka har’a naha, ’me hangata e ba metseng e nang le baahi ba bangata. Biobulletin of the American Museum of Natural History ea hlalosa: “Likokoana-hloko li rata libaka tse pepetehang batho.” Ha baahi ba motse ba eketseha ka potlako, “hangata lintho tsa bohlokoa tsa motheo tse kang thuto, phepo e nepahetseng le mananeo a ho enteloa mafu a itseng ha li finyelle batho ka kakaretso.” Hape ho petetsana ha batho ho imela mehloli ea metsi, tsamaiso ea likhoere-khoere le ho lahloa ha litšila, ho etsa hore ho be thata ho boloka bohloeki ba ka ntle le ba ’meleng, ha ka nako e tšoanang ho etsa hore maemo e be a loketseng bakeng sa likokoanyana le liphoofolo tse ling tse nang le likokoana-hloko. Leha ho le joalo, ho sa na le tšepo ka boemo bona, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
“Ho itšunya-tšunya ha batho ho entse hore hoo e ka bang maloetse ’ohle a boee sekoele a se a le bohale le ho feta”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
Vaerase ea Nile Bophirimela e Hlasela United States
Vaerase ea Nile Bophirimela, eo ka ho khetheha e fetisetsoang bathong ke menoang, e ile ea qolloa ka lekhetlo la pele ka 1937 Uganda, ’me hamorao ea fumanoa Bochabela bo Hare, Asia, Oceania le Europe. Vaerase eo ha ea ka ea fumanoa Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše ho fihlela ka 1999. Leha ho le joalo, ho tloha ka nako eo ho se ho tlalehiloe batho ba fetang 3 000 ba tšoaelitsoeng United States ’me ho se ho shoele ba fetang 200.
Boholo ba batho ba tšoaelitsoeng ha ba elelloe tšoaetso ena, le hoja ba bang ba ka ba le matšoao a kang a ntaramane. Empa karolo e fokolang lekholong e qetella e kula haholo, ho akarelletsa ho ruruha boko le ho tšoaroa ke meningitis ea mokokotlo. Ho fihlela joale ha ho e-s’o be le ente e thibelang vaerase ea Nile Bophirimela kapa phekolo e tobileng bakeng sa eona. U.S. Centers for Disease Control and Prevention e lemosa hore vaerase ea Nile Bophirimela e ka boetse ea fumanoa ka ho fa motho e mong setho sa motho ea tšoaelitsoeng kapa ho mo tšela mali a hae. Ka 2002 tšebeletso ea litaba ea Reuters e ile ea tlaleha hore “hona joale ha ho tsela ea ho hlahloba mali ho bona hore na a na le vaerase ea Nile Bophirimela kapa che.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
CDC/James D. Gathany
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
U Ka Itšireletsa Joang? Lintho tse ling tseo u ka li etsang le tseo u sa lokelang ho li etsa
Tsoha! e ile ea iteanya le baahi ba libaka tse khathatsoang ke maloetse a bakoang ke likokoanyana lefatšeng ka bophara bakeng sa ho fumana litlhahiso tsa hore motho a lule a phetse hantle. U ka ’na ua fumana keletso ea bona e le molemo sebakeng sa heno.
Bohloeki—Ntlha ea Bohlokoa ka ho Fetisisa ea ho Itšireletsa
◼ Boloka lehae la hao le hloekile
“Koahela likotlolo tseo u bolokelang lijo ho tsona. Lula u koahetse lijo tse phehiloeng ho fihlela ha li jeoa. Hloekisa hang-hang ha lijo li qhalane. U se ke ua robala u sa hlatsoa lijana kapa ua qalla litšila tsa lijo ka ntle e le hore u tle u li hleke hoseng. Li koahele kapa u li chekele, kaha likokoanyana le litoeba li tsoa bosiu li batla lijo. Hape, ho lila ka samente hanyenyane ho u nolofalletsa ho boloka lehae le hloekile ’me le se na likokoanyana.”—Afrika.
“U se ke ua boloka litholoana kapa ntho leha e le efe e ka hohelang likokoanyana ka tlung. Se ke ua lumella liphoofolo tse ruiloeng—lipōli, lifariki, likhoho—hore li kene ka tlung. Koahela matloana a ka ntle. Chekela mantle a liphoofolo hang-hang kapa u a koahele ka kalaka ho leleka lintsintsi. Esita le haeba baahelani ba hao ba sa etse lintho tsena, u ka khona ho laola likokoanyana pel’a ntlo ea hao ’me oa ba behela le mohlala o motle.”—Amerika Boroa.
[Setšoantšo]
Ho tlohella lijo kapa litšila li sa koaheloa ho tšoana le ho memela likokoanyana hore li tl’o ja le uena
◼ Bohloeki ’meleng
“Sesepa ha se theko e boima, kahoo hatlela hangata ’me u hlatsoe le liphahlo tsa hao hangata, haholo-holo ka mor’a hore u kopane le batho le liphoofolo. Qoba ho thetsa liphoofolo tse shoeleng. Qoba ho itšoara molomong, nkong le ho itšoara mahlo ka matsoho. Liphahlo li lokela ho hlatsuoa kamehla esita leha li ntse li bonahala li hloekile. Leha ho le joalo, lintho tse ling tse nkhisang hamonate li hohela likokoanyana, kahoo, qoba lisepa le lintho tsa ho itlhoekisa ’meleng tse entsoeng ka linoko tse nkhang hamonate.”—Afrika.
Mehato e Thibelang
◼ Tlosa libaka tseo monoang o ka ikatisetsang ho tsona
Koahela litanka tsa metsi le libate tsa ho hlatsoetsa. Tlosa lintho tsohle tse bulehileng tse ka bolokang metsi. Se ke ua lumella hore metsi a eme limeleng tse lenngoeng linkhoaneng. Menoang e ka ikatisetsa sebakeng leha e le sefe se emeng metsi matsatsi a fetang a mane.—Asia Boroa-bochabela.
◼ Fokotsa ho Ipepesetsa likokoanyana
Qoba linako le libaka tse ratoang ke likokoanyana ha li ja. Letsatsi le likela ka pele libakeng tsa litropike, ka hona mesebetsi e mengata ea letsatsi e etsoa ha letsatsi le liketse, ha likokoanyana tse ngata li le mafolofolo. Ho lula le ho robala ka ntle ho etsa hore u be kotsing haholoanyane ha maloetse a bakoang ke likokoanyana a le mangata.—Afrika.
[Setšoantšo]
Ho robala kantle libakeng tseo ho nang le menoang ho tšoana le ho memela menoang hore e tl’o itlhaphola ka uena
Apara liphahlo tse batlang li koahela ’mele kaofela, haholo-holo ha u le merung. Itšele ka ntho e lelekang likokoanyana liphahlong kapa letlalong, kamehla u latele litaelo tse leiboleng. Itlhahlobe le bana ba hao hore na ha le na liboseleise ka mor’a hore le be ka ntle ka nako e itseng. Boloka liphoofolo tsa lapeng li phetse hantle ’me li se na likokoanyana.—Amerika Leboea.
Fokotsa ho teana le liphoofolo tsa polasing, kaha likokoanyana li ka jala maloetse a tsoang ho tsona ho a isa bathong.—Asia Bohareng.
Sebelisa linete tsa menoang—haholo-holo tse tšetsoeng moriana o bolaeang likokoanyana—bakeng sa litho tsohle tsa lelapa. Sebelisa lisefe tsa lifensetereng, ’me u li boloke li le boemong bo botle. Kiba mapatso leha e le afe a tlas’a marulelo moo likokoanyana li ka kenang le teng. Mehato e joalo e thibelang e ka hloka chelete, empa u tla lahleheloa ke chelete e fetang eo haeba u tlameha ho isa ngoana sepetlele kapa setho sa lelapa se kenyang chelete se sitoa ho sebetsa ka lebaka la ho kula haholo.—Afrika.
[Setšoantšo]
Linete tsa menoang tse tšetsoeng meriana ea likokoanyana, e theko e tlaase ho feta chelete ea meriana le ea sepetlele
Etsa bonnete ba hore ha ho na libaka tseo likokoanyana li ka ipatang ho tsona moo u lulang. Poleistera mabota le siling, ’me u kibe mapatso kapa masoba a teng. Ntlong e ruletsoeng ka joang, ala lesela le thibelang likokoanyana ho feta pele u kenya siling. Tlosa bohlasoa—bo kang ba qubu ea lipampiri kapa likatana, kapa litšoantšo tse khomarelitsoeng ka bongata maboteng—e leng moo likokoanyana li ka ipatang teng.—Amerika Boroa.
Batho ba bang ba nka likokoanyana le litoeba e le baeti ba ntlo. Ha ho na ntho e joalo! U se ke ua li lumella ho kena ha hao. Sebelisa meriana e lelekang likokoanyana kapa e li bolaeang, empa u e sebelise ho latela litaelo tsa eona. Sebelisa lintho tse tšoasang lintsintsi le tse li bolaeang. Iqapele mekhoa ea ho li thibela: Mosali e mong o ile a iketsetsa mokotla o motopo ’me a o topela lehlabathe, eaba oo beha ka mor’a lemati e le hore likokoanyana li se ke tsa kena.—Afrika.
[Setšoantšo]
Likokoanyana ha lia lokela ho ba baeti ka matlong a rōna. Li ntše!
◼ Mokhoa oa ho thibela ho kula
Etsa hore ’mele oa hao o lule o khona ho loantša mafu ka ho iphepa lijo tse nepahetseng, ho phomola ka ho lekaneng le ho ikoetlisa. Fokotsa ho imeloa kelellong.—Afrika.
Batsamai: Fumana boitsebiso esale pele ka likokoanyana le mafu a macha ao li a bakang. Ho na le boitsebiso bo tsoang mafapheng a bophelo bo botle ba sechaba le mocheng oa boitsebiso oa Internet oa ’muso. Pele u tsamaea, fumana meriana e loketseng e tla thibela maloetse a sebaka seo u se etelang.
Haeba U Ikutloa U sa Phela Hantle
◼ Fumana thuso ea lingaka ka potlako
Maloetse a mangata a phekoleha habonolo ha a fumanoa qalong.
◼ Hlokomela hore u se phekoleloe lefu le fosahetseng
Batla lingaka tse tloaetseng mafu a bakoang ke likokoanyana le mafu a libakeng tsa litropike haeba u ne u etetse libaka tse joalo. Bolella ngaka matšoao ’ohle a hao le hore na u kile ua ea libakeng life. Sebelisa meriana ea lithibela-mafu ha ho hlokahala feela, ’me u e noe kaofela joalokaha u laetsoe ke ngaka.
[Setšoantšo]
Maloetse a bakoang ke likokoanyana a ka ba le matšoao a tšoanang le a maloetse a mang. Bolella ngaka ea hao pale eohle ea hore na u kile ua ea libakeng life
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Globe: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]
Na Likokoanyana li Jala HIV?
Ka mor’a hore ho etsoe lipatlisiso le liphuputso ka lilemo tse fetang leshome, litsebi tsa likokoanyana le bo-rasaense ba tsa bongaka ha ba e-s’o fumane bopaki ba hore menoang kapa likokoanyana leha e le life tse ling li ka fetisa HIV—vaerase ea AIDS.
Ka mohlala, molomo oa monoang ha o tšoane le ente e nang le lesoba le le leng feela leo e ka boelang ea tšela mali ka lona. Ho e-na le hoo, menoang e noa mali ka lesoba le leng ha ka le leng e tšoela mathe. Joale, Thomas Damasso, setsebi sa HIV se e-na le Sehlopha sa Tsamaiso ea Bophelo bo botle Seterekeng sa Mongu, Zambia, o hlalosa hore tsamaiso ea tšilo ea lijo ea monoang e chesa mali, e bolaea vaerase eo. Ha ho fumanoe HIV mantleng a likokoanyana. ’Me ho fapana le likokoana-hloko tsa malaria, HIV ha e kene litšoeleseng tsa mathe tsa monoang.
Hore motho a fumane HIV, o tlameha hore a fumane karolo ea tšoaetso ka bongata haholo. Haeba monoang o ka sitisoa ha o ntse o noa mali ’me oa fofela ka ho toba ho motho e mong, mali leha a le makae a ka bang teng likarolong tsa molomo oa oona a ne a ke ke a e-ba le kotsi ea letho. Ho ea ka litsebi, esita le ho bolaela monoang o khotšeng mali a nang le HIV holim’a leqeba le ahlameng ho ne ho ke ke ha baka tšoaetso ea HIV.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
CDC/James D. Gathany
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Boseleise ea likhama (e hōlisitsoeng ka letsohong le letona) e fetisetsa boloetse ba “Lyme” bathong
Ho tloha leqeleng ho ea lehojeng: E tšehali, e tōna le lelinyane, li bontšitsoe ka boholo ba tsona ba sebele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
All ticks: CDC
[Litšoantšo tse leqepheng la 26, 27]
Lipula tsa likhohola, maemo a sa hloekang le ho falla ha batho ho tlatsetsa ho jaleng mafu a bakoang ke likokoanyana
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
FOTO UNACIONES (from U.S. Army)