Tsela ea 4—Sireletsa Bophelo ba Hao
“Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) Ho nka mehato e seng mekae ea ho itšireletsa ho ka u qobisa maloetse a mangata le mesarelo, ha ba ha u bolokela nako le chelete.
◯ Lula u hloekile. Mokhatlo oa Litsi Tsa Taolo ea Mafu oa United States o tlaleha hore “ho hlapa matsoho ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e etsang ho thibela ho jaleha ha maloetse le ho u thusa hore u lule u phetse hantle.” Ho boleloa hore batho ba etsang karolo ea 80 lekholong ba tšoaetsoa mafu ka lebaka la ho tšoaroa ka matsoho a sa hloekang. Kahoo u hlape matsoho hangata letsatsi lohle. U hlape haholo-holo pele u ja, u lokisa lijo kapa u tlamisa leqeba kapa u le thetsa ’me u hlape matsoho ka mor’a hore u tšoare phoofolo, u ee ntloaneng kapa u chenche ngoana leleiri.
Ho hlapa ka sesepa le metsi ho molemo ho feta ho sebelisa li-sanitizer tse hloekisang matsoho. Bana ba lula ba phetse hantle ha batsoali ba ba koetlisa hore ba hlape matsoho ’me ba se ke ba itšoara molomong kapa leihlong. Ho hlapa letsatsi le leng le le leng le ho boloka liaparo le lilakane tseo u robalang ka tsona li hloekile le hona ho tlatsetsa ho ntlafatseng bophelo ba hao.
◯ Qoba mafu a tšoaetsanoang. Qoba ho tšoara batho leha e le bafe ba tšoeroeng ke sefuba kapa ntaramane, kapa ho kopanela lijana le bona. Mathe le mamina a bona a ka u tšoaetsa boloetse bo ba tšoereng. Mafu a tšoaetsanoang ka mali a kang lefu la sebete la mofuta oa B le oa C le HIV/AIDS, a fetisoa haholo-holo ka ho kopanela liphate, ho ikenta ka lithethefatsi le ho tšeloa mali. Ho entoa ho ka thusa ho thibela maloetse a itseng a tšoaetsanoang, empa motho ea bohlale o ntse a lokela ho nka mehato e loketseng ea ho itšireletsa ha a e-na le motho ea nang le boloetse bo tšoaetsanoang. Qoba ho longoa ke likokoanyana. U se ke ua lula kapa ua robala ka ntle u sa itšireletsa ha ho e-na le menoang kapa likokoanyana tse ling tse fetisang maloetse. Sebelisa linete tsa ho robala, haholo-holo bakeng sa bana ’me u sebelise lintho tse lelekang likokoanyana.a
◯ Boloka lehae la hao le hloekile. Etsa sohle se matleng a hao ho boloka lehae la hao le le makhethe le bile le hloekile, ka ntle le ka hare. Etsa hore ho se ke ha e-ba le libaka tseo metsi a emang ho tsona moo menoang e ka ikatisang habonolo. Litšila le lijo tse sa koaheloang li mema lintsintsi le likokoanyana, ’me li ka tlisa likokoana-hloko le ho jala maloetse. Haeba u se na ntloana, epa mokoti o sirelelitsoeng ho e-na le hore u ithusetse ka ntle feela. Koahela mokoti oo ho thibela lintsintsi tse jalang tšoaetso ea mahlo le maloetse a mang.
◯ Qoba ho itematsa. Latela melao ea polokeho ha u sebetsa, u palame baesekele kapa sethuthuthu kapa ha u khanna koloi. Tiisa hore koloi ea hao e bolokehile hore e ka khannoa. Sebelisa thepa e loketseng ea tšireletso le liaparo, e kang likhalase tse sireletsang mahlo, helmete le lieta tse loketseng, esita le ho itlama ka lebanta la pholoso le ho roala lintho tse sireletsang litsebe. Qoba ho lula letsatsing nako e telele, e leng se ka u bakelang kankere le hore letlalo la hao le tsofale kapele. Haeba ua tsuba, khaotsa. Ha u khaotsa hona joale, seo se tla fokotsa haholo monyetla oa hore u tšoaroe ke lefu la pelo, kankere ea matšoafo le setorouku.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba lihlooho tse buang ka mafu a bakoang ke likokoanyana, Tsoheng! ea June 8, 2003.
b Sheba lihlooho tse letotong le reng, “Kamoo U ka Khaotsang ho Tsuba,” Tsoheng! ea May 2010.