Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 11/8 maq. 26-28
  • Kamoo re ka Bonang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo re ka Bonang
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khetholla Metsoako ea Botle
  • Ho Hlokomela Tse Nyenyane le Tse Khōlō
  • Banna ba Ileng ba Ithuta ho Bona
  • Moetsi oa Mesebetsi e Entsoeng ka Bokhabane ea Hlokomolohuoang ka ho Fetisisa oa Mehleng ea Rōna
    Tsoha!—1995
  • Mebala e U Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Mesebetsi e Entsoeng ka Bokhabane ke Eng?
    Tsoha!—1995
  • Botle bo ka ’na ba E-ba ka Holimo Feela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 11/8 maq. 26-28

Kamoo re ka Bonang

Botle bo re Potolohileng

“Lipuong tsohle, e ’ngoe ea lipolelo tseo re li buang pele ke ‘e re ke bone!’”—William White, E monyenyane.

NGOANA e monyenyane ea shebileng serurubele se ntseng se phuphusela, banyalani ba hōlileng ba talimileng ho likela ha letsatsi ho khanyang, ’mè oa lelapa ea hloletsoeng ke ho hlophisa ha hae lipalesa tsa lirosa—kaofela ha bona ka nakoana ba lebisitse tlhokomelo ea bona botleng.

Kaha botle ba pōpo ea Molimo bo hohle, ha ho hlokahale ho tsamaea lik’hilomithara tse makholo ho ea bo bona. Botle ba tlhaho bo susumetsang tšabo bo ka ’na ba e-ba hōle, empa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane e hlollang e ka fumanoa tikolohong ea heno haeba u e batla—’me habohlokoa le ho feta—haeba u tseba kamoo u ka e batlang kateng.

Hangata ho ’nile ha hlokomeloa hore “botle bo itšetlehile kamoo motho a bonang kateng.” Leha ho le joalo, le hoja botle bo le teng, hase e mong le e mong ea tla bo hlokomela. Ho ka ’na ha hlokahala setšoantšo se takiloeng kapa foto hore re bo thahaselle le ho bo hlokomela. Ha e le hantle, baetsi ba bangata ba mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ba lumela hore katleho ea bona e itšetlehile haholoanyane bokhoning ba bona ba ho bona ho feta ho toroea. Buka The Painter’s Eye, ea Maurice Grosser, e hlalosa hore “moetsi oa setšoantšo o toroea ka mahlo a hae, e seng ka matsoho a hae. Ntho leha e le efe eo a e bonang, haeba a e bona ka ho hlaka, a ka khona ho etsa setšoantšo sa eona. . . . Ho bona ka ho hlaka ke ntho ea bohlokoa.”

Ebang re baetsi ba mesebetsi e entsoeng ka bokhabane kapa che, re ka ithuta ho bona ka ho hlakileng haholoanyane, ho hlokomela botle bo re potolohileng. Ka mantsoe a mang, ho hlokahala hore re tsoe ’me re shebe lintho leseling le lecha.

Mabapi le sena John Barrett, sengoli litabeng tsa histori ea tlhaho, o hatisa bohlokoa ba hore motho a kopanele ka boeena. O re: “Ha ho letho le ka nkelang sebaka hore motho a bone ka boeena, a ame, a fofonele le ho mamela liphoofolo le limela tse phelang ha li ntse li le libakeng tsa tsona tsa tlhaho. Lumella hore botle bo hatisehe ka ho teba . . . Kae kapa kae moo u ka bang teng, taba ea pele talima, thabela seo u se talimang ’me u se talime hape.”

Empa ke’ng seo re lokelang ho se batla? Re ka qala ka ho ithuta ho hlokomela metsoako e mene ea motheo ea botle. Metsoako ena e ka hlokomeloa hoo e ka bang tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea pōpo ea Jehova. Haeba hangata re khefutsa hore re e bone haholoanyane, re tla thabela mesebetsi ea hae e entsoeng ka bokhabane haholoanyane.

Ho Khetholla Metsoako ea Botle

Mefuta le Meetso. Re phela lefatšeng le nang le mefuta e mengata-ngata ea lintho. Tse ling ke tse nang le sebōpeho se mela joaloka mela e ririellaneng ea lehlaka kapa tse matsoelintsoeke joaloka tepo ea sekho, ha tse ling e le tse se nang sebōpeho joaloka leru le lulang le fetoha nako le nako. Mefuta e mengata e-ea hohela, ebang ke lipalesa tse mebala e sa tloaelehang, likhaketla tse haraneng tsa liphofotsoana tsa leoatleng, kapa esita le makala a sefate se nang le mahlaku.

Ha mofuta oona oo o phetoa, o hlahisa moetso o ka ’nang oa boela oa ipiletsa mahlong. Ka mohlala, nahana ka lifate tse etsang likutu tse melang morung o itseng. Mefuta ea tsona—e fapa-fapaneng ka bonngoe, empa e tšoana—e hlahisa moetso o khahlisang. Empa hore ho hlokomeloe mefuta le moetso oo li o hlahisang, leseli le tlameha ho ba teng.

Leseli. Ho ajoa ha leseli ho fana ka boleng bo khethehileng ho mefuta eo re fumanang e hohela. Likarolo tse nyenyane lia totobatsoa, karolo ea bohlokoa e kenngoa ’mala ’me ho hlaha sebōpeho. Leseli le fapana ho ea ka nako ea letsatsi, nako ea selemo, maemo a leholimo esita le sebaka seo re phelang ho sona. Ha maru a le teng ’me leseli le ntse le hlaha le likela, ke nako e phethahetseng bakeng sa ho ananela meriti e sa bonahaleng hantle ea lipalesa tsa naheng kapa mahlaku a hoetla, ’me mafika le litlhōrō tsa mekoloko ea lithaba li bontša mefuta ea tsona nakong eo li betloang ke ho chaba le ho likela ha letsatsi. Khanya ea letsatsi e nang le moea o bonojoana oa Karolong e ka Leboea ea Lefatše e tlisa boikutlo bo hohelang naheng ea mahaeng. Ka lehlakoreng le leng, letsatsi le khanyang Naheng e Chesang e Mongobo le fetola leoatle le sa tebang hore e be sebaka se hlakileng se hlollang ka botle ho batho ba sesang.

Empa ho ntse ho e-na le motsoako oa bohlokoa o haellang.

’Mala. O kenya bophelo linthong tse fapaneng tse re pota-potileng tseo re li bonang. Le hoja mefuta ea tsona e ka ’na ea li khetholla, mebala ea tsona e totobatsa ho ikhetha ha tsona. Ho feta moo, botle ba ’mala bo hlahisoa ke ho aro-aroloa ha ’mala ka meetso e lumellanang. E ka ’na ea e-ba ’mala o reng tlere! joaloka o mofubelu kapa o mosehla o hapang tlhokomelo ea rōna ka matla, kapa ’mala o khathollang joaloka o moputsoa kapa o motala.

Nahana ka lipalesa tse tšehla tse itjalileng tsa morung. Leseli le khantša lipalesa tse tšehla, tse bonahalang eka li hlenne moeeng oa hoseng, ha likutu tse lefifing tse etselitsoeng moeli ke letsatsi la hoseng li etsa setšoantšo se phethahetseng. Joale re na le setšoantšo. Sohle seo ho hlokahalang hore re se etse ke ho se etsetsa “foreimi,” e leng moo motsoako o kenellang teng.

Motsoako. Tsela eo ka eona metsoako e meraro e ka sehloohong—mofuta, leseli le ’mala—e kopanang e lekanyetsa motsoako. ’Me rōna, joaloka bashebelli re na le karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e phethang mona. Ka ho tsama-tsamaea ho se hokae re ea pele, morao, lehlakoreng le leng, holimo, kapa tlaase, re ka lumellanya metsoako kapa leseli le tlang setšoantšong seo re se bonang. Ka hona re ka lekanyetsa setšoantšo seo hore se be le metsoako eo re e lakatsang feela.

Hangata, ka ho iketsahallang feela re qapa setšoantšo ka likelellong ha re bona ntho e hlollang ka botle e pota-potiloe ke lifate kapa joang. Empa litšoantšo tse ngata tse ntle haholo, ka tekanyo e nyenyane, li ka ’na tsa melela fatše haholo.

Ho Hlokomela Tse Nyenyane le Tse Khōlō

Mesebetsi ea liatla tsa Molimo e menyenyane le e meholo e metle, ’me thabo ea rōna e tla eketseha haeba re ithuta ho bona likarolo tse nyenyane, tseo le tsona li kopanang ka thabo. Li etsa litšoantšo tse nyenyane tse tletsa-tletseng ho pharalla le seile e khōlō ea tlhaho. Hore re li ananele, sohle seo ho hlokahalang hore re se etse ke ho inama le ho li shebisisa.

Litšoantšo tsena tse leng ka har’a setšoantšo se seng li hlalosoa ke motho ea nkang litšoantšo, John Shaw, bukeng ea hae ea Closeups in Nature: “Le ka mohla ha ke khaotse ho makatsoa ke ho shebisisa likarolo tse nyenyane tsa tlhaho tseo kamehla li ’memelang ho li shebisisa le ho feta. . . . Pele, re bona setšoantšo se seholo sa kelello, e ntan’o ba mebala e itjalileng karoloaneng e ’ngoe ea foreimi. Ha e shebeloa haufi-ufi ho fumanoa lipalesa, ’me paleseng e ’ngoe, ho fumanoa serurubele. Mapheo a sona a senola moetso o ikhethang, moetso oo o hlahisoa ke ho hlophisoa ho nepahetseng ha makhakhapha a mapheo, ’me lekhakhapha ka leng le phethahetse ka bolona. Haeba ka ’nete re ka utloisisa phetheho e etsang lekhakhapha leo la lepheo la serurubele, ka ho utloahalang re ka qala ho utloisisa phetheho ea morero oa tlhaho.”

Ntle le thabo eo mesebetsi e entsoeng ka bokhabane e re fang eona, mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ea tlhaho—e meholo le e menyenyane—e ka re atametsa haufi le Mōpi oa rōna. Jehova o ile a khothatsa: “Lelalang holimo, le talime.” Ka ho khefutsa re sheba, re talima le ho makala, ebang re lebisa mahlo a rōna maholimong a tletseng linaleli kapa ho pōpo leha e le efe e ’ngoe ea Molimo, re hopotsoa ka Ea “bōpileng lintho tsena.”—Esaia 40:26, bapisa le NW.

Banna ba Ileng ba Ithuta ho Bona

Mehleng ea Bibele bahlanka ba Molimo ba ne ba e-na le thahasello e khethehileng pōpong. Ho ea ka 1 Marena 4:30, 33, “bohlale ba Salomone ba feta bohlale ba bana bohle ba Bochabela . . . A bolela le tsa lifate, ho qala ka kedare ea Lebanone, ho isa ho hisopa e melang lerakong; a bolela le tsa liphoofolo, le linonyana, le lihahabi, le lihlapi.”

Mohlomong thahasello ea Salomone linthong tse khanyang tsa pōpo ka karolo e itseng e ne e le ka lebaka la mohlala oa ntat’ae. Davida, ea ileng a qeta lilemo tse ngata tsa khōlo ea hae e le molisana, hangata o ne a thuisa ka mosebetsi oa liatla tsa Molimo. Haholo-holo o ile a hlolloa ke botle ba maholimo. Ho Pesaleme ea 19:1, o ile a ngola: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.” (Bapisa le Pesaleme ea 139:13.) Ka ho hlakileng, ho bona ha hae pōpo ho ile ha mo atametsa haufi le Molimo. E ka etsa se tšoanang ho rōna.a

Joalokaha banna bana ba tšabang Molimo ba ne ba tseba, ho hlokomela le ho ananela mosebetsi oa liatla tsa Molimo ho tsosolosa moea le ho entša bophelo ba rōna. Lefatšeng la rōna la kajeno le hlasetsoeng ke boithabiso ba mo-tla-o-tutsoe boo hangata bo hlephisang boitšoaro, ho hlokomela pōpo ea Jehova ho ka fana ka tšebetso e hloekileng ho rōna le ho malapa a rōna. Ba laba-labelang lefatše le lecha la Molimo le tšepisitsoeng, ba tla khona ho thabela nako eo e tlang.—Esaia 35:1, 2.

Haeba re sa bone feela mesebetsi e entsoeng ka bokhabane e re pota-potileng empa hape re lemoha litšoaneleho tsa Moetsi ea Hloahloa oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane eo a e entseng kaofela, ntle ho pelaelo re tla susumetsoa ho pheta mantsoe a Davida: “Ha ho ea tšoanang le uena . . . , Uena Jehova, leha e le hore ho na le mesebetsi e tšoanang le ea hao.”—Pesaleme ea 86:8, NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bangoli ba bang ba Bibele, ba kang Agure le Jeremia, le bona e ne e le bashebelli ba seli ba histori ea tlhaho.—Liproverbia 30:24-28; Jeremia 8:7.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Mehlala ea moetso le mofuta, leseli, ’mala le motsoako

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Godo-Foto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela