Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/12 leq. 29
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • H. H., Korea
  • M. P., Poland
  • Ke’ng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?—Karolo ea 1
    Tsoha!—2011
  • Lipotso Tse ’Nè Tseo U Lokelang ho Ipotsa Tsona ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng
    Tsoha!—2012
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2011
  • Ke’ng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?—Karolo ea 2
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 6/12 leq. 29

Maikutlo a Babali

Sepheo sa ho Hlokomela Bakuli ba Kulelang Lefu ke Sefe? (July 2011) Kaha ke sebetsa ke le mothusi lefapheng la litšebeletso tsa sechaba, ke koetlisitsoe sebakeng seo ho sona ho hlokomeloang bakuli ba kulelang lefu, ’me ke lumellana le seo le se buileng Tsoheng! ea July 2011 ke ’nete. Libaka tse lokiselitsoeng ho hlokomela batho ba kulelang lefu lia hlokahala nakong ena. Ke letetse ’muso oa Molimo ka taba-tabelo, oo ho oona ho seng motho ea tla re, “Kea kula,” ’me Molimo a hlakotse meokho mahlong a rōna.—Esaia 33:24; Tšenolo 21:3, 4.

M. R., Italy

Ke ile ka soaba le ho khathala matla ha ke bona ho buuoa ka “leleiri” sehloohong sena. Lentsoe leo le nyenyefatsa batho ba seng ba sa khone ho itšoara ha ba lokela ho ea ntloaneng, ba tlamehang ho apara liaparo tsa ka hare tse sireletsang. Esita le barekisi ba liaparo tsena tsa ka hare tse sireletsang ha ba sebelise lentsoe leo.

Lebitso ha lea boleloa, United States

Karabo ea “Tsoha!”: Re leboha haholo ka ho re hlokomelisa taba ena. Re utloela bohloko batho bohle ba kulang haholo, ’me ho hang ha rea ikemisetsa ho ba utloisa bohloko ka ho eketsehileng ka hore re sebelise mantsoe ao batho ba bang ba bonang eka a nyenyefatsa bakuli kapa a ba ekeletsa matšoenyeho. Re kōpa tšoarelo ka bohloko leha e le bofe boo e ka ’nang eaba re bo baketse babali ba rōna.

Bacha Baa Botsa . . . Ke’ng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng? (July 2011) Ke leboha haholo ka sehlooho sena. Ke lilemo li 26. Ke ne ke rera ho bula ak’haonte [websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona], eseng hobane ke batla ho ba le metsoalle e mengata, empa hobane batho ba bangata ba ne ba nkhothalletsa hore ke e bule. Sehlooho sena se nthusitse haholo. U ntse u ka ba le metsoalle le haeba u se na ak’haonte websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona.

M. P., Philippines

Ke ne ke nahanne hore sehlooho sena se tla bua hampe ka liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona. Empa se behile litaba ka tsela e leka-lekaneng. Se bontšitse melemo le likotsi ’me sa fana ka keletso ea kamoo re ka itšireletsang kateng likotsing tse ka ’nang tsa re hlahela liwebsaeteng tsena. Se mpontšitse bohlokoa ba hore ke be hlokolosi ha ke kenya boitsebiso ba ka ba lekunutu Inthaneteng.

C. W., United States

Mehato e Lebisang Katlehong ea Lelapa (October 2009) Makasine ena e khethehileng e thusitse lelapa la rōna haholo. Ke ratile ka ho khetheha mabokose a neng a re “Ak’u leke sena ho itlhahloba” a neng a hlalosa mohato ka mong ho e supileng. Lelapa la ka le se le qalile ho sebelisa litlhahiso tse tobileng tse fanoeng makasineng ena.

H. H., Korea

Se ka Tšohloang ke Lelapa Re leboha haholo ka sehlooho sena se hlahang kamehla. Morali oa rōna ea lilemo li tšeletseng o rata karolo ea Bana Batlang Litšoantšo, ’me o thabela le ho kenya mebala litšoantšong. Lihlooho tsena li hatisa bohlokoa ba karolo eo batsoali ba e phethang ea ho ruta bana ba bona ho tloha boseeng. Lihlooho tseo le li ngollang bana li bohlokoa haholo.

M. P., Poland

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela