Bacha Baa Botsa
Ke’ng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?—Karolo ea 1
“Ke na le metsoalle linaheng tse ling, ’me tsela e molemo eo re lulang re buisana ka eona ke ea ho sebelisa websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona. Ke rata hore ke khona ho buisana le eona le hoja e le hōle haholo.”—Sue ea lilemo li 17.a
“Ke nahana hore liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona ke tšenyo ea nako feela, li sebelisoa ke batho ba tsoafang ho kopana le ba bang. Tsela feela ea ho boloka setsoalle ke ha batho ba buisana ba shebane mahlong.”—Gregory ea lilemo li 19.
KE TLHALOSO efe ho tse ka holimo e batlang e hlalosa kamoo u ikutloang kateng? Ho sa tsotellehe hore na u ikutloa joang, ’nete ke hore: Batho ba bangata ba rata ho sebelisa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona.b Nahana ka sena: Ho nkile lilemo tse 38 hore batho ba limilione tse 50 ba sebelise seea-le-moea, tse 13 hore ba shebelle thelevishene le tse ’nè feela hore ba sebelise Inthanete. Likhoeling tse 12 tse sa tsoa feta, batho ba limilione tse 200 ba ile ba ingolisa ho Facebook, e leng Websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona Inthaneteng!
Tšoaea ’nete kapa bohata polelong e latelang:
Bacha ba etsa karolo e khōlō ea batho ba sebelisang liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona. ․․․․․ ’Nete ․․․․․ Bohata
Karabo: Bohata. Hoo e ka bang batho ba babeli ho ba bararo ba sebelisang websaete e ratoang haholo eo batho ba etsang metsoalle ho eona, ba lilemo li 25 kapa ho feta. Ka 2009, karolo e khōlō ea batho ba ileng ba ingolisa websaeteng eo, ba ne ba le ka holimo ho lilemo tse 55!
Leha ho le joalo, bacha ba limilione ba sebelisa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona, ’me ba bang ba bona ba thabela ho buisana le ba bang ka tsela ena. Mocha e mong ea bitsoang Jessica o re: “Ke ile ka koala ak’haonte ea ka empa ka boela ka e bula hobane ho ne ho se na motho ea ntetsetsang. Ekare batho baa u lebala ha u sa sebelise websaete eo ho etsoang metsoalle ho eona!”
Ke’ng e hohelang batho ho etsa metsoalle Inthaneteng? Karabo e bonolo ke hore: Ka tlhaho batho ba rata ho kopana le ba bang. ’Me liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona li etsa sona seo. Nahana mabaka a ka ’nang a etsa hore ba bangata ba batle ho ingolisa ho tsona.
1. Ho nolofatsa lintho.
“Ho thata hore motho a lule a buisana le metsoalle, empa ho ba bonolo ha kaofela ha eona e le sebakeng se le seng!”—Leah ea lilemo li 20.
“Ha ke ngola taba e itseng Inthaneteng ho tšoana le ha ke romeletse metsoalle eohle ea ka ‘e-mail’ ka nako e le ’ngoe.”—Kristine ea lilemo li 20.
2. Khatello ea lithaka.
“Ke lula ke memeloa hore ke kene lethathamong la metsoalle e itseng, empa ha ke na ak’haonte, kahoo ha ke khone ho kena.”—Natalie ea lilemo li 22.
“Ha ke bolella batho hore ke khethile ho se bule ak’haonte, ba ncheba joalokaha eka ba ntse ba re, ‘Athe bothata ba hao ke bofe?’”—Eve ea lilemo li 18.
3. Khatello ea ba mecha ea phatlalatso.
“Ho na le boikutlo bona bo khothalletsoang ke ba mecha ea phatlalatso ba hore haeba u sa buisane le batho ka lisebelisoa tsa elektronike, u ke ke ua ba le metsoalle. ’Me ho hloka metsoalle ho tšoana le ha motho a se na seo a se phelelang. Kahoo ha u sa etse metsoalle Inthaneteng, ha u letho.”—Katrina ea lilemo li 18.
4. Sekolo.
“Matichere a ka a sebelisa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona. A mang a ngola melaetsa moo ho re tsebisa hore na re tlil’o ngola tlhahlobo neng. Kapa ka mohlala, haeba ke sa utloisise ntho e itseng thutong ea lipalo, ke ngola molaetsa Lematjaneng la tichere ea ka ’me e tla nthusa ho rarolla bothata boo ka Inthanete.”—Marina ea lilemo li 17.
5. Mosebetsi.
“Batho ba batlang mosebetsi ba sebelisa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona ho ikopanya le ba bang. Ka linako tse ling, sena se ba thusa hore ba fumane mosebetsi.”—Amy ea lilemo li 20.
“Ke sebelisa websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona bakeng sa mosebetsi oa ka. E fa bareki monyetla oa hore ba bone litšoantšo tsa lintho tseo ke li etsang.”—David ea lilemo li 21.
Na u lokela ho ba le ak’haonte websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona? Haeba u ntse u lula lapeng, ke batsoali ba hao ba lokelang ho etsa qeto tabeng ena.c (Liproverbia 6:20) Haeba batsoali ba hao ba sa batle hore u be le ak’haonte, u lokela ho ba mamela.—Baefese 6:1.
Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba bang ba lumella bana ba bona ba seng ba hōlile hore ba sebelise liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona—’me ba beha leihlo tsela eo ba li sebelisang ka eona. Haeba batsoali ba hao ba etsa joalo, na ba kena-kenana le boinotši ba hao? Che! Websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona ke thulusi e matla, ’me ke ka nepo batsoali ba hao ba amehang ka tsela eo u e sebelisang ka eona. Ke ’nete hore liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona li kotsi, ho tšoana le lintho leha e le life tseo motho a ka li etsang Inthaneteng. Haeba batsoali ba hao ba u lumella hore u be le ak’haonte websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona, u ka qoba likotsi tseo joang?
“Ho Khanna” ka Tsela e Sireletsehileng
Ho sebelisa Inthanete ho batla ho tšoana le ho khanna koloi. Joalokaha mohlomong u hlokometse, hase bakhanni bohle ba nang le mangolo a ho khanna ba nang le boikarabelo. Ha e le hantle, batho ba bangata ba hlahetsoe ke likotsi tse tšabehang ka lebaka la bohlasoa ba bakhanni bao kapa ho se tsotelle ha bona.
Hoa tšoana le ka batho ba sebelisang Inthanete. Ba bang “ba khanna” ka tsela e nang le boikarabelo; ba bang habohlasoa. Haeba batsoali ba hao ba u lumella hore u be le ak’haonte websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona, ba tšepa hore u tla ba hlokolosi ha u e sebelisa kaha e ka ba kotsi. Kahoo, u bontšitse hore u “mokhanni” ea joang? Na u bontšitse hore u “sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana”?—Liproverbia 3:21.
Sehloohong sena re tla tšohla lintlha tse peli tseo u lokelang ho li ela hloko ha u sebelisa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona—e leng taba ea boinotši le nako eo u e qetang moo. Sehlooho sa “Bacha Baa Botsa” se tla hlaha makasineng e latelang ea Tsoha! se tla tšohla taba ea botumo ba hao le ea metsoalle.
HO BA LE BOINOTŠI
U ka ’na ua se ke ua nahana hakaalo ka ho sireletsa boinotši ba hao, ha u sebelisa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona. Etsoe na ha lia rereloa ho u kopanya le batho ba bang? Empa haeba u se hlokolosi, u ka oeloa ke tlokotsi.
Ka mohlala, a re re u na le chelete e ngata. Na u tla tsamaea u e pepesitse ha u tsamaea seterateng le metsoalle ea hao, e le hore batho bohle ba e bone? Seo e ka ba booatla—’me sa u bitsetsa masholu! Ha u le bohlale, u tla e pata moo batho ba ke keng ba e bona.
Nka hore boitsebiso ba hao ba botho bo tšoana le chelete. Ebe u sheba lethathamo le ka tlaase mona, ’me u tšoaea lintho tseo u neng u ke ke ua phutholoha ho li bolella batho bao u sa ba tsebeng.
․․․․․ aterese ea moo ke lulang
․․․․․ aterese ea ka ea e-mail
․․․․․ moo ke kenang sekolo teng
․․․․․ linako tseo ke leng lapeng ka tsona
․․․․․ linako tseo ho se nang batho ka tsona lapeng
․․․․․ lifoto tsa ka
․․․․․ lintho tseo ke li nahanang
․․․․․ lintho tseo ke li ratang le tseo ke li thahasellang
Esita le haeba u motho ea ratang ho thabela botsoalle le ba bang, u ka ’na ua lumela hore bonyane ho na le lintho tse ling lethathamong le ka holimo tseo u ke keng ua li bolella motho e mong le e mong. Empa bacha ba bangata—le batho ba bang ba baholo—ba file batho bao ba sa ba tsebeng boitsebiso boo, ba sa elelloe! U ka qoba ho oela lerabeng lee joang?
Haeba batsoali ba hao ba u lumella ho sebelisa websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona, u lokela ho ithuta mananeo a reretsoeng ho sireletsa boitsebiso ba hao ba botho—’me u a sebelise. U se ke ua tšepa hore websaete eo e tla sireletsa boitsebiso ba hao ba botho. ’Nete ke hore ho fapana le seo mohlomong u se nahanang, mananeo a liwebsaete a ka ’na a lumella batho ba bangata hore ba bone boitsebiso boo u bo ngotseng. Ke kahoo ngoanana e mong ea bitsoang Allison a ileng a etsa hore lintho tseo a li kenyang Inthaneteng li bonoe ke metsoalle ea hae e haufi feela. O re: “Metsoalle e meng ea ka e ne e e-na le metsoalle eo ke sa e tsebeng ’me ke ne ke sa batle hore batho bao ke sa ba tsebeng ba bale litaba tsa ka.”
Esita le haeba u buisana feela le metsoalle ea hao e haufi, u lokela ho ba hlokolosi. Corrine ea lilemo li 21 o re: “U ka lemalla ho utloa hore na metsoalle ea hao e re’ng, kahoo ua qala ho e fa boitsebiso ba hao bo bongata ho sa hlokahale.”
Lula u hopola hore poleloana “ho ba le boinotši” ha ho tluoa tabeng ea Inthanete ha e bolele ho ba le bona ka ho feletseng. Hobane’ng? Bukeng ea hae e bitsoang CyberSafe, Gwenn Schurgin O’Keeffe o re, “Liwebsaete tse khōlō li boloka likopi tsa boitsebiso bo ho tsona,” ’me o phaella ka ho re, “lintho tseo re li kenyang Inthaneteng ha ho mohla li hlakohang. Re lokela ho nka hore boitsebiso boo re bo kenyang moo bo tla lula bo le teng, kaha ho na le kopi ea bona kae-kae; ho nahana se fapaneng ke ho iphoufaletsa ’nete.”
NAKO EA HAO
Hase taba ea ho ba le boinotši feela e ka bapisoang le ho ba le chelete e ngata empa le nako e ka bapisoa le hona. Kahoo u lokela ho baballa nako ea hao. (Moeklesia 3:1) Ena ke e ’ngoe ea liphephetso tse khōlō tabeng ea ho sebelisa Inthanete, ho akarelletsa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona.d
“Ke ne ke atisa ho re, ‘Ke tl’o e sebelisa ka metsotso e seng mekae feela.’ Empa ho be ho fete hora ke ntse ke e sebelisa.”—Amanda ea lilemo li 18.
“Ke ne ke e lemaletse. Kamehla ha ke tsoa sekolong, ke ne ke qeta lihora ke bala seo batho ba bang ba se ngotseng mabapi le lintho tseo ke li kentseng Inthaneteng ’me le ’na ke sheba tseo ba li kentseng.”—Cara ea lilemo li 16.
“Ke ne ke khona ho kena websaeteng eo ka fono, kahoo ke sheba lintho ho eona ha ke ea sekolong, ha ke le sekolong le ha ke khutla teng. Ebe ha ke fihla lapeng, ke bula k’homphieutha. Ke ne ke tseba hore ke e lemaletse, empa ke sa batle ho khaotsa ho e sebelisa!”—Rianne ea lilemo li 17.
Haeba batsoali ba hao ba u lumeletse hore u sebelise websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona, nahana hore na ke nako e kae e loketseng eo u ka e qetang letsatsi ka leng u e sebelisa. Ebe u hlahloba nako eo u e qetang u e sebelisa. Qeta khoeli u ngola hore na u nka nako e kae u e sebelisa ’me u bone haeba u ntse u tšoareletse nakong eo u ipehetseng eona. Hopola hore nako e tšoana le chelete. Kahoo, u se ke ua lumella websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona hore e u jele nako. Etsoe ho na le lintho tse ling tseo e leng tsa bohlokoa le ho feta bophelong!—Baefese 5:15, 16; Bafilipi 1:10.
Bacha ba bang ba nkile mehato ho tiisa hore ba laola tsela eo ba sebelisang nako ea bona ka eona. Ka mohlala, nahana ka bacha ba latelang:
“Ke ile ka koala ak’haonte ea ka, kahoo ka ba le nako e ngata. Seo se ile sa etsa hore ke ikutloe ke lokolohile! Morao tjena, ke boetse ke butse ak’haonte eo, empa ke khona ho e laola. Ka linako tse ling ke nka matsatsi ke sa e sebelise. ’Me ka linako tse ling ke bile kea lebala ka eona. Haeba ho ba le ak’haonte websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona ho boetse ho mpha bothata, ke tla e koala.”—Allison ea lilemo li 19.
“Ke ‘nka khefu’ ka hore ke koale ak’haonte websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona ebe ka mor’a likhoeli tse seng kae ke boetse kea e bula. Ke etsa sena nako le nako ha ke elelloa hore ke qeta nako e ngata haholo ke e sebelisa. Hona joale ha ke sa nka hore ke tlameha ho e sebelisa nako ena kaofela joaloka pele. Ke e sebelisa ha ke batla ho etsa ntho e itseng feela ebe kea koala.”—Anne ea lilemo li 22.
Ntlha ea Bohlokoa
Ho na le ntlha e ’ngoe eo u lokelang ho e hlokomela ka liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona. E le ho u thusa ho e lemoha, tšoaea ✔ ntlheng eo u nahanang hore e hlalosa morero oa liwebsaete.
Morero o ka sehloohong oa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona ke . . .
(A) ․․․․․ ho sebelisetsoa khoebo.
(B) ․․․․․ ho kopanya metsoalle.
(C) ․․․․․ ho fana ka boithabiso.
Karabo e nepahetseng ke efe? Ha e le hantle, li reretsoe ho sebelisetsoa khoebo. Morero o ka sehloohong oa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona ke ho ntšetsa pele khoebo. Li reretsoe hore li etse phaello ka lipapatso. Baphatlalatsi ba nka liwebsaete tseo e le tsa bohlokoa le ho feta ha batho ba bangata ba ingolisa ho tsona ’me lintho tseo ba li kenyang moo li shejoa ke batho ba bangata. Etsoe ha motho a qeta nako a sebelisa liwebsaete tseo, o bona lipapatso tse eketsehileng.
Ho tseba seo ho tla u thusa ho elelloa hore liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona ha li lahleheloe ke letho—’me baphatlalatsi ba rua molemo o moholo—ha u fa batho ba bangata boitsebiso ba hao kapa u qeta nako e ngata haholo Inthaneteng. Ka lebaka leo, ha u sebelisa liwebsaete tseo, sireletsa boinotši ba hao ’me u hlahlobe le nako eo u e qetang u li sebelisa.
SEHLOOHONG SE LATELANG SA “BACHA BAA BOTSA” . . .
Ho sebelisa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona ho ka ama botumo ba hao le metsoalle. Bala ka taba ena.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona Inthaneteng e lumella ba ingolisitseng hore ba buisane le metsoalle e itseng.
b Tsoha! ha e khothalletse batho hore ba sebelise websaete e itseng ka ho khetheha kapa hona ho nyatsa e itseng. Bakreste ba lokela ho netefatsa hore tsela eo ba sebelisang Inthanete ka eona ha e khahlanong le melao-motheo ea Bibele.—1 Timothea 1:5, 19.
c E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng, sheba sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Na ke Lemaletse Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike?” se hlahang Tsoheng! ea January 2011. Ela hloko ka ho khetheha lebokose le leqepheng la 26 le reng, “Ke ne ke Lemaletse ho Etsa Metsoalle Inthaneteng.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
Ho nkile lilemo tse 38 hore batho ba limilione tse 50 ba sebelise seea-le-moea
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
Ka selemo se le seng feela morao tjena, batho ba fetang limilione tse 200 ba ile ba ingolisa ho Facebook
[Lebokose le leqepheng la 27]
KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?
Buisana le batsoali ba hao ka seo u ka se etsang ho itšireletsa ha u sebelisa Inthanete. Ke lintho life tseo ho leng molemo hore motho a se ke a li senola, hona hobane’ng? Ke boitsebiso bofe bo ka behang motho kotsing ha a ka bo kenya Inthaneteng? U ka boela ua kōpa batsoali ba hao ho u eletsa ka seo u ka se etsang hore u leka-lekanye lintho ha u bua le batho Inthaneteng le ha u bua le bona le shebane mahlong. Ke liphetoho life, haeba li le teng, tseo ba u eletsang hore u li etse?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lintho tseo u li kenyang liwebsaeteng tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona ha lia sireletseha joalokaha u nahana
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Nako e tšoana le chelete. Ha u e sebelisa nthong e le ’ngoe feela, u ke ke ua ba le e lekaneng bakeng sa lintho tse ling
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.