Ke Hobane’ng ha ho Ratoa Hakaale?
KE MOKHOA ofe oa ho buisana le batho ba bang oo u o sebelisitseng khoeling e fetileng?
Ho buisana le shebane mahlong
Ho ngola lengolo kapa ho romela karete
Ho founa
Ho romela e-mail
Ho romela molaetsa ka selefouno
Ho romellana melaetsa le batho ba bang ka nako e le ’ngoe
Ho buisana le ba bang le shebane k’homphieutheng
Ho sebelisa li-websaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona
Ho se ho e-na le mekhoa e mengata ea ho buisana eo batho ba ka e khethang, ’me o mong le o mong o na le melemo e itseng le likotsi. Nahana ka mehlala e ’maloa e latelang:
HO BUISANA LE SHEBANE MAHLONG
Molemo: Ho akarelletsa liphetoho tsohle tse nyenyane tse bang teng sefahlehong, lentsoeng le boitšisinyong ba ’mele.
Bothata: Batho ba buisanang ba lokela ho ba sebakeng se le seng.
HO NGOLA LENGOLO KAPA HO ROMELA KARETE
Molemo: Ho bontša botsoalle le ho nahanela.
Bothata: Motho o hloka nako hore a ngole lengolo ’me le qeta matsatsi pele le fihla ho motho ea le ngoletsoeng.
HO ROMELA E-MAIL
Molemo: E ka ngoloa ea ba ea romeloa kapele.
Bothata: Hangata ha e bontše tsela eo motho ea e ngotseng a ikutloang ka eona—kapa ho ka ba bonolo hore e utloisisoe hampe.
Tsela e ’ngoe ke ea ho sebelisa li-websaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona, e leng tseo ba bang ba reng ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho buisana le batho ba bang. Ho na le li-websaete tse makholo tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona, ’me e ratoang haholo ke Facebook, e nang le litho tse ka bang limilione tse 800! Makasine ea Time e re: “Haeba Facebook e ne e le naha, e ne e tla ba naha ea boraro e khōlō ka ho fetisisa, e latelang Chaena le India.” Li-websaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona ke eng, hona ke hobane’ng ha li ratoa hakaale?
Websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona e lumella motho ea nang le ak’haonte hore a arolelane boitsebiso le metsoalle eo a e khethileng. Jean ea lilemo li 21 o re: “Ke tsela e molemo ea hore u lule u buisana le batho. Ho etsa metsoalle Inthaneteng e boetse ke tsela e bonolo ea ho bontša ba bang lifoto tsa ha u ne u le leetong kapa liketsahalong tse itseng.”
Ke hobane’ng ha u sa ngole lengolo? Ba bang ba re, ‘Ho ja nako e ngata haholo,’ ’me ho etsa lifoto hoa tura. Ke hobane’ng ha u sa foune? Le hona ho ja nako e ngata—haholo-holo ha u lokela ho founela motho a le mong ka nako, ’me ba bang ba le sieo lapeng kapa u sa ba fumane ha u batla ho bua le bona. Ho ka ba joang ha u ka romela molaetsa oa e-mail? Danielle ea lilemo li 20 o tletleba ka hore: “Batho ha ba sa araba melaetsa ea e-mail, ’me le haeba ba e araba, ho ka nka libeke pele u e fumana. Athe websaeteng ea ho etsa metsoalle, ke ngola lintho tseo ke ntseng ke li etsa, ’me metsoalle ea ka e ’ngolla ka hore na letsatsi le tsamaile joang. Re tseba ka litaba tsa morao-rao hang feela ha re kena websaeteng eo. Ho bonolo!”
Seo hase bolele hore batho ba bua lintho tse tsoileng tseleng feela ha ba kene websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona. Ka mohlala, ha ho hlaha koluoa—e kang tšisinyeho ea lefatše le tsunami e ileng ea senya likarolo tse ling tsa Japane ka la 11 March, 2011—ba bangata ba kena websaeteng ena e le hore ba tsebe hore na batho bao ba ba ratang ba ntse ba phela joang.
Nahana ka se ileng sa etsahalla Benjamin, ea lulang United States. O re: “Ka mor’a tsunami e bileng teng Japane, mehala ea lithelefono e ne e sa sebetse. Motsoalle e mong oa ka, o ile a mpolella hore o romeletse motsoalle e mong oa rōna ea lulang Tokyo molaetsa oa e-mail, empa ha a e-s’o mo arabe. Ka eona nako eo, ke ile ka ntša selefouno ’me ka kena Inthaneteng tlas’a lebitso la motsoalle eo oa rōna. Hang-hang ke ile ka bona molaetsa o mokhutšoanyane oo a nthomeletseng oona, a mpolella hore o ntse a phela hantle, ’me o tla nthomella lintlha tse eketsehileng hamorao.”
Benjamin o phaella ka hore: “Ke ile ka lokela ho romela melaetsa ea e-mail ho metsoalle e meng ea ka e mo tsebang e neng e se na ak’haonte websaeteng ea ho etsa metsoalle, ’me ka e romella melaetsa ka bomong. Ho ile ha nka nako hore ke fumane liaterese tsa eona ’me ke e ngolle ka bomong. E ’maloa e ile ea nkaraba ka mor’a matsatsi a seng makae. Motho a le mong o ile a nkaraba ka mor’a libeke tse ka bang peli! Batho bao ba ne ba fumana melaetsa ea e-mail e mengata haholo hoo ho neng ho se bonolo hore ba e bale kaofela. Re ka be re bolokile nako e ngata haholo haeba re ne re sebelisa websaete ea ho etsa metsoalle. Ka metsotso e seng mekae feela, e mong le e mong a ka be a tseba lintho tse etsahalang!”
Ho hlakile hore websaete ea ho etsa metsoalle e na le melemo e itseng. Empa na e na le likotsi leha e le life? Haeba li teng, ke life, ’me u ka li qoba joang?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 5]
KAMOO E SEBETSANG KATENG
1. Motho o ngolla batho ba bang molaetsa o ba tsebisang lintho tse mo etsahallang ka nako eo (status update).
2. Batho bohle ba hlahang lethathamong la metsoalle ea hao ba fumana molaetsa oa hao ha ba kena tlas’a mabitso a bona—’me le uena u fumana melaetsa ea bona ha u kena tlas’a lebitso la hao.