Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb18 June leq. 7
  • E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Metsoalle ea Hao Inthaneteng ke Bo-mang?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Ke Hobane’ng ha ho Ratoa Hakaale?
    Tsoha!—2012
  • Lipotso Tse ’Nè Tseo U Lokelang ho Ipotsa Tsona ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng
    Tsoha!—2012
  • Ke’ng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?—Karolo ea 1
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
mwb18 June leq. 7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng

Jesu o hana ho fetola majoe bohobe

HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?: Joaloka lisebelisoa tse ngata, ho etsa metsoalle inthaneteng hona le melemo le likotsi tsa teng. Bakreste ba bang ba khetha ho se etse metsoalle inthaneteng ha ba bang bona ba e sebelisa ho buisana le metsoalle le beng ka bona. Leha ho le joalo, Diabolose o batla re sebelise mokhoa ona oa ho etsa metsoalle inthaneteng ka tsela e seng bohlale, e ka senyang kamano ea rona le Jehova. Joaloka Jesu, re ka sebelisa melao-motheo ea Lentsoe la Molimo ho lemoha likotsi tse joalo le ho li qoba.—Lu 4:4, 8, 12.

MARABA AO RE LOKELANG HO A QOBA:

  • Ho qeta nako e ngata ho feta tekano re sebelisa mecha ea puisano. Ho qeta lihora-hora re etsa metsoalle inthaneteng kapa re le mecheng ea puisano, ho ka re jella nako ea ho sebeletsa Jehova

    Melao-motheo ea Bibele: Ef 5:15, 16; Fil 1:10

  • Ho sheba lintho tse belaetsang. Ho sheba litšoantšo tse bakang takatso ea ho kopanela liphate, ho ka etsa hore re oele lerabeng la ho tloaela ho sheba litšoantšo le livideo tsa batho ba etsang thobalano. Ho bala boitsebiso ba bakoenehi le ho kena li websaeteng tsa bona ho ka senya tumelo ea rona

    Melao-motheo ea Bibele: Mat 5:28; Fil 4:8

  • Ho ngola le ho beha lintho tse fosahetseng. Kaha pelo e bolotsana, motho a ka beha litšoantšo tse fosahetseng inthaneteng kapa a ngola litaba tse mpe. Ho etsa joalo ho ka senya botumo ba motho kapa ha senya tumelo ea hae

    Melao-motheo ea Bibele: Bar 14:13; Ef 4:29

SHEBELLANG VIDEO EA E-BA BOHLALE HA U ETSA METSOALLE INTHANETENG, E BE LE BUISANA KAMOO LE KA QOBANG MAEMO A LATELANG:

Lesholu le sebelisang inthanete lea tseba ha mong’a ntlo a le sieo a ile phomolong
Motho ea u fang mosebetsi o bona setšoantšo sa hao se fosahetseng se inthaneteng
Ho pepesehela lipuo tse mpe inthaneteng
Ho qeta nako e ngata ho feta tekano inthaneteng ho ka etsa hore motho a thatafalloe ke ho tsoha ka nako hobane a robetse bosiu haholo
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela