Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/12 leq. 21
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lichelete tsa Tšepe tsa Bohōlō-hōlō Li Pakela ’Nete ea Boprofeta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Tšepahala ho Molekane oa Hao
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Kamoo le ka Atlehang Lenyalong la Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lenyalo la Hao le ka Pholosoa!
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 7/12 leq. 21

Maikutlo a Babali

Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa Joang Hore ke Natefeloe ke ho Bala Bibele? (April 2009) Ke mosali ea nyetsoeng ea lilemo li 24 ebile ke motsoali, ’me ke ’nile ka fumana ho le thata ho bala Bibele. Ke ile ka latela litlhahiso tse sehloohong sena, ’me ke tsoela pele ho sebelisa pampiri eo ho ileng ha thoe re e sehe moo. Hona joale ke se ke thabela nako ea ho ithuta Bibele. Ke bona kamoo libuka tsa Bibele li lumellanang kateng ka tsela e ikhethang. Ke qala ho thabela ho bala Bibele hakana. Ke le leboha haholo!

K. T., United States

Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 6 (April 2011) Sehlooho se reng “Roma Historing ea Bibele” se itse: “Ho ile ha etsahala’ng ka Jerusalema? Mabotho a Baroma a ile a boea sekoele, a eteletsoe pele ke Vespasian le mora oa hae Titus—lekhetlong lena e le masole a 60 000.” Mantsoe ao a bolela hore Vespasian le Titus ba ne ba eteletse pele lebotho la sesole ha Jerusalema e ne e hlaseloa. Empa libuka tsa histori li bontša hore Vespasian o ne a le Roma ka nako eo.

J. O., Australia

Karabo ea “Tsoha!”: Ho ea ka buka ea “Josephus—The Essential Writings,” e ngotsoeng ke Paul L. Maier, “Titus o ile a khutla Alexandria ka potlako, ’me a fihla le Lebotho le Leholo la Boleshome le Metso e Mehlano, ’me a ikopanya le ntate oa hae motseng oa Ptolemaise, e leng moo Vespasian a neng a letile teng le Lebotho le Leholo la Bohlano le la Boleshome.” Ho phaella moo, “Encyclopedia of the Roman Empire,” e ngotsoeng ke Matthew Bunson, e bolela se latelang ka Vespasian: “A e-na le mora oa hae Titus lehlakoreng la hae Vespasian o ile a felisa Borabele ba Bajuda ’me a lokisetsa ho thibella tempele ea Jerusalema ka 68 C.E., ha ho phatlalatsoa hore Nero ha a sa busa le hore o nketsoe sebaka ke Galba. . . . Qetellong ea 70 C.E., Vespasian o ile a fihla Roma.” Kahoo, ho bonahala eka qalong Vespasian le Titus ba ne ba le ’moho ha ho hlaseloa Jerusalema. Empa ho na le nako eo ka eona Vespasian a ileng a khutlela Roma ’me a siea lintho li le taolong ea Titus.

Na U Ipehetse Lipakane Tseo U ka li Finyellang? (February 2011) Ha sehlooho sena se etsa mehlala ea lipakane tse ke keng tsa finyelloa, se ile sa akarelletsa lintho tse kang “botumo, maruo, molekane ea phethahetseng, kapa ho phela hantle ka ho feletseng ’meleng.” Ke hobane’ng ha ho akarelelitsoe “molekane ea phethahetseng” mehlaleng eo? Ke hobane’ng ha pakane ea ho fumana molekane oa bophelo bohle e balloa tlas’a “lipakane tse ke keng tsa finyelloa”?

S. K., United States

Karabo ea “Tsoha!”: Sehlooho sena ha sea ka sa re lenyalo ke pakane e ke keng ea finyelloa. Ho e-na le hoo, se ile sa bua ka ho batla ho ba le “molekane ea phethahetseng.” Sehlooho sena se bua ka molekane ea “phethahetseng” e le motho ea sa etseng liphoso le ea se nang litšobotsi tse sa rateheng. Ho ipehela pakane ea ho fumana molekane ea joalo ke ho lelekisa lefeela ka mabaka ana a mabeli: La pele, ha ho na motho ea phethahetseng. (Baroma 3:23) La bobeli, ha motho a e-ba le takatso ea ho fumana molekane ea joalo, seo se bontša hore o amehile ka hore na eena o tla fumana’ng lenyalong ho e-na le hore na o tla fana ka eng. Ka lebaka leo, esita le batho ba bang ba keneng lenyalong, ba na le lipakane tse joalo tsa hore ba batle ho fetola balekane ba bona hore ba be ka tsela eo ba nahanang hore molekane ea “phethahetseng” o lokela ho ba ka eona. Empa lenyalo le tiileng le etsoa ke batho ba babeli ba hlokomelang taba ea hore ba na le mefokolo ka bobeli empa ba ntse ba khona ho ‘tsoela pele ba mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.’—Bakolose 3:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela