Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/12 maq. 28-29
  • U se ke ua Lebala ho re Kea Leboha!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke ua Lebala ho re Kea Leboha!
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thabo ea ho Fana e Hōlisoang ke ho Amohela ka Thabo
    Tsoha!—1987
  • Mpho e Khotsofatsang ke e Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Leboha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na U na le Moea oa ho Fana?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 7/12 maq. 28-29

U se ke ua Lebala ho re Kea Leboha!

U QETETSE neng ho fumana lengolo le u lebohang? Hona uena u qetetse neng ho le romella ba bang?

Mehleng ena eo batho ba seng ba ngollana melaetsa ka lisebelisoa tsa theknoloji, melaetsa e ngotsoeng ka letsoho ea ho leboha e se e fumaneha ngope setšoha. Leha ho le joalo, ho ngola molaetsa o reng “kea leboha” ke tsela e khethehileng ea ho bolella batho hore u ananela mosa oo ba u bontšitseng oona. Ka tlaase mona ho bontšitsoe litlhahiso tsa kamoo u ka etsang seo kateng.

1. Ngola lengolo ka letsoho ho e-na le ho le thaepa ka mochine kapa ka k’homphieutha.

2. Ngola lebitso la motho eo u batlang ho mo leboha.

3. Haeba u filoe mpho, e bolele ka lebitso le kamoo u rerang ho e sebelisa kateng.

4. Leboha hape qetellong ea lengolo.

Lengolo la teboho le thabisa motho ea le fumanang.

Kahoo, haeba nakong e tlang motho a u amohela ka mofuthu, a u etsetsa ketso e bontšang mosa kapa a u fa mpho, bontša hore u ananela seo a u etselitseng sona. U se ke ua lebala ho re kea leboha!

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 28, 29]

’Mangoane Mary ea Ratehang, (2)

Ke leboha haholo ka oache e nang le alamo eo u ntheketseng eona! (3) Kaha ke motho ea tsohang motšehare, oache ena e nthusa haholo. Ho bile monate haholo ho ba le uena bekeng e fetileng, ’me ke tšepa hore u tsamaile hantle ha u khutlela hae. Re labalabela ho boela re u bona nakong e tlang.

Ke leboha haholo ka mpho eo u mphileng eona e bontšang ho nahanela! (4)

Mochana oa hao,

John

[Setšoantšo]

(1)

[Lebokose le leqepheng la 29]

LITLHAHISO

● U se ke ua bolela mpho ea chelete ka ho toba. Ka mohlala, ho e-na le hore u bolele chelete eo u e filoeng, u ka ’na ua re: “Ke leboha haholo ka mpho eo u mphileng eona ka lerato. Ke rerile ho e sebelisetsa . . .”

● Bua feela ka lintho tse amanang le mpho eo le kamoo u e ananelang kateng. Ena hase nako ea hore u bue ka lintho tse ka thōko tse kang phomolo eo u tsoang ho eona kapa hore u ’nile ua kena sepetlele.

● U se ke ua bolela mathata ao u bileng le ’ona ka mpho eo u e filoeng. Ka mohlala, e tla be e le ho hloka mosa hore u ngolle motho ea u fileng mpho u re, “Kea leboha ka toaster eo u mphileng eona—empa bothata ke hore ha ho na moo ke e behang teng!”

[Lebokose le leqepheng la 29]

Bibele e re khothalletsa ho leboha. (Luka 17:11-19) E re laela hore re ‘rapele [Molimo] re sa phetse,’ hape e phaella ka ho re: “Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.”—1 Bathesalonika 5:17, 18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela