Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 12/15 maq. 4-7
  • Na U na le Moea oa ho Fana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U na le Moea oa ho Fana?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le eo U Batlang Hore a U Rate?
  • Na Mpho e Tsoa Pelong e Ratang?
  • Seo U Amehileng ka Sona Haholo-holo—Na ke Ketsahalo? Kapa ke Pontšo ea Lerato?
  • Moea oa ho Fana ka Seatla se Bulehileng Selemo ho Pota
  • Mpho e Khotsofatsang ke e Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • “Mpho ea Bohlokoa Haholo eo Nkileng ka e Fuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Ntho e ’Ngoe e Molemo ho Feta ho Fana ka Limpho tsa Keresemese
    Tsoha!—1993
  • Mpho eo Molimo a Faneng ka Eona ke ea Bohlokoa Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 12/15 maq. 4-7

Na U na le Moea oa ho Fana?

NA U hlokometse hore ho na le moea o mong o susumetsang batho hore ba fane? Mpho e ka ’na ea e-ba pontšo ea lerato, ho fana ka seatla se bulehileng, kananelo. Empa na ha u e-s’o elelloe hore mpho e ka boetse ea hlaha ho motho ea lakatsang hore a ratoe? Kapa e ka ’na ea fanoa feela hobane a ikutloa a tlamehile kapa hobane ea fanang a batla hore a tle a fumane ho hong ho itseng hamorao.

Mpho e ka ’na ea e-ba ka har’a sephutheloana se tlanngoeng ka lelente le letle. Empa na hase ’nete hore mpho e ka boetse ea e-ba sehlopha sa lipalesa, lijo tse ikhethang kapa ketso e mosa? Ha e le hantle, hangata limpho tse ananeloang ka ho tebileng li akarelletsa ho fana ka uena ka bouena.

Na ho na le eo U Batlang Hore a U Rate?

Ke ho tloaelehileng hore motho a fane ka mpho ho eo a batlang hore a mo rate. Linaheng tse ling mohlankana ea batlang ho hapa pelo ea eo e tlang ho ba monyaluoa oa hae a ka ’na a mo tlisetsa lipalesa. Leha ho le joalo, mosali ea bohlale o bona se ka ’ngane ho mpho eo. O hlahloba hore na moea o susumelitseng mpho ea mohlankana enoa ke o tletseng lerato le o tla mo etsa monna ea molemo na. Mpho e joalo, haeba e bonahatsa moea oa bomolimo, e ka lebisa thabong e khōlō ho ea fanang le ho ea amohelang.

Bibele e re bolella ka ketsahalo ea ha Abigaile, mosali oa Nabale, a lokisa ka potlako mpho ea seatla se bulehileng bakeng sa Davida, eo a neng a hlokomela hore ke ea khethiloeng ke Molimo hore e be morena oa kamoso oa Iseraele. Le eena o ne a batla ho bontšoa mohau. Monna oa hae o ne a ile a nyelisa Davida ’me ka bohale bo tletseng lerata a phephetha banna ba Davida. A etelletse pele sehlopha sa banna ba 400 ba hlometseng, Davida o ne a tlohile ho ea ripitla Nabale le ba ntlo ea hae. Abigaile o ile a kena lipakeng, ka potlako a romela Davida mpho ea seatla se bulehileng ea lijo tse ngata bakeng sa banna ba hae. Le eena ka boeena o ile a fihla a latetse mpho ea hae morao, ’me ka mor’a hore ka boikokobetso a kōpe tšoarelo ka seo monna oa hae a ileng a se etsa, o ile a fana ka bopaki ba hore o ne a e-na le temoho ha a ntse a behelana mabaka le Davida.

Morero oa hae o ne o hlompheha, ’me phello e ile ea e-ba e molemo. Davida o ile a amohela mpho ea hae ’me a re ho eena: “E-ea hae ka khotso; bona, ke utloile lentsoe la hao, ’me ke u hauhetse.” Hamorao, ka mor’a hore Nabale a shoe, Davida o ile a ba a kōpa Abigaile hore o batla ho mo nyala, ’me eena o ile a lumela ka thabo.—1 Samuele 25:13-42.

Leha ho le joalo, maemong a mang lerato leo motho a le batlang le ka akarelletsa ho bontša leeme, esita le toka e khopamisitsoeng. Maemong a joalo, mpho eo ke tjotjo. Ea fanang o nahana hore o tla fumana molemo, empa o ikamoha khotso ea kelello. Kamehla ho ba le kotsi ea hore ba bang ba ka ’na ba tseba, ’me o tla tlameha ho ikarabella. Esita le haeba lerato le batloang le fumanoe, ea ileng a le batla a ka ’na a fumana hore joale o se a tumme ka ho ba le merero e belaetsang. Bibele ha e bonahatsa bohlale ba bomolimo, e lemosa khahlanong le limpho tsa mofuta o joalo.—Deuteronoma 16:19; Moeklesia 7:7.

Na Mpho e Tsoa Pelong e Ratang?

Ha ho pelaelo—ho fana ho eo u mo ratang ka lebaka la hobane o batla ho etsa joalo ho tlisa thabo e khōlōhali ho feta ho fana hobane ba bang ba etsa hore u ikutloe u tlameha.

Mabapi le ho bokella lithuso bakeng sa Bakreste-’moho le eena ba neng ba hloka, moapostola Pauluse o ile a totobatsa melao-motheo e babatsehang ea ho fana ha bomolimo. O ile a ngola: “Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ee a natefeloe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.” O ile a phaella: “E mong le e mong a ntše kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ea hae; e seng ka ho soaba, leha e le ka ho khannoa; hobane Molimo o rata ea fanang a thabile.” (2 Ba-Korinthe 8:12; 9:7) Kahoo, ho hongata ho itšetlehile ka uena. Ho e-na le hore u kene sekolotong ka lebaka la ho se itekanyetse ha u fana ka mpho, na u sebelisa chelete u ipapisitse le eo u nang le eona bakeng sa morero oo? Ho e-na le hore u ikutloe u qobelleha ho fana, haholo-holo ka lebaka la ho thabisa kapa ka lebaka la tšusumetso eo u e fumaneng ha ho bapatsoa, na u ntša kamoo u lekantseng kateng pelong? Pauluse o ile a ngola tjena ka Bakreste ba pele ba ileng ba sebelisa melao-motheo e joalo ea bomolimo: “Ba re qopheletse ka merapelo e mengata, hore re n’o amohela ketso eo ea mohau le ho kena ha bona lithusong tse etsetsoang bahalaleli.”—2 Ba-Korinthe 8:4.

Ka ho fapaneng le hoo, Royal Bank Letter ea November le December 1994 e ile ea bolela tjena mabapi le libeke tse etellang pele Keresemese: “Nako ena e ka ’na ea bonahala e le boemo ba nyakallo eo e seng ea sebele e phahamisoang ke thahasello ea khoebo ea ho potlakisa bareki hore ba reke lintho tseo ha e le hantle ba neng ba ke ke ba li reka.” Haeba ho rekoa ka sekoloto, khotsofalo leha e le efe e fumanoeng ho faneng ka mpho ho ka etsahala hore e pupetsoe ka potlako ke ha sekoloto se lokeloa ho lefshoa.

Seo U Amehileng ka Sona Haholo-holo—Na ke Ketsahalo? Kapa ke Pontšo ea Lerato?

Na u fumana hore ho fana ha hao ka limpho ho etsoa haholo-holo liketsahalong tseo ho tsona ho bonahalang eka lia hlokahala? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba u lahleheloa ke boholo ba thabo e ka tlisoang ke ho ithaopela ho fana.

Ho na le batho ba bangata ba sa thabisoeng ke liphello tsa mpho e fanoang ka matsatsi a itseng ka ho khetheha. ’Mè e mong eo e bileng e leng mongoli oa libuka o ile a hlokomela hore meharo e ne e hlahella baneng ba hae ha letsatsi leo limpho li lebeletsoeng ka lona le ne le atamela. O ile a lumela hore le eena thabo ea hae ea mpho e ratehang e ile ea senngoa ke hobane a ne a lebeletse ntho e ’ngoe esele. Litlaleho tse ngata li bontša hore matsatsi a phomolo a hlahellang ka mekete le ho fapanyetsana limpho e boetse ke linako tseo ho nang le ho tepella ho hoholo ha maikutlo le tšebeliso e mpe ea joala.

Hoba a hlokomele hore ka linako tse ling ho hatisa ho fana ka limpho nakong ea matsatsi a phomolo ho ama bana habohloko, moprofesa oa thuto ea kelello ea qotsitsoeng ho The New York Times oa eletsa: “Nahanelang ka ho fana ka limpho tse itseng ka matsatsi a mang e le tsela ea ho fokotsa khatello ea maikutlo.” Na u nahana hore seo se ka ba le phello e molemo?

Tammy ea lilemo li 12, eo lelapa labo le sa ketekeleng Keresemese le matsatsi a tsoalo, o ile a ngola: “Ho thabisa haholoanyane ha u fumana mpho nakong eo u neng u sa e lebella.” O ile a bolela hore batsoali ba hae ba fa eena le khaitseli ea hae limpho selemo ho pota ho e-na le ho ba fa hanngoe kapa habeli ka selemo. Empa ho eena, ho na le ho hong habohlokoa haholoanyane ho feta limpho tseo. O li beha tjena, “Ke na le bophelo bo thabileng haholo ba lelapa.”

Buka ea Secrets of Strong Families ka ho tobileng ea bolela: “Bongata ba rōna re qeta nako le chelete ka makhetlo a ’maloa selemong re khetha limpho tse loketseng ka ho fetisisa bakeng sa batho bao re ba ratang ka matsatsi a tsoalo, meketjana ea ho ikhopotsa ketsahalo e itseng kapa matsatsi a phomolo. Mpho e molemohali ho feta tsohle e ke ke ea hloka chelete. ’Me ho ke ke ha hlokahala hore u e phuthele. Haeba u lumela, joalokaha batho ba bangata ba lumela, hore bophelo ba hao ke letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa leo u nang le lona, joale, karolo e itseng ea nako ea hao ke mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u lokelang ho fana ka eona. Re fana ka mpho eo ea bohlokoa ka tekanyo ea nako eo re e fang baratuoa ba rōna.”

U ka lumella ho fana hoo hore ho atolohele le kantle ho lelapa la hao. Ho ithaopela ho fana e le ho tlatsetsa litlhokong tse totobetseng tseo ba bang ba nang le tsona ho ka tlisa khotsofalo e khethehileng. Jesu Kreste o ile a re phehella hore re bontše kameho e lerato joalo ho ba futsanehileng, ba holofetseng le ba foufetseng, a phaella: “U tla ba motho ea lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka u buseletsang sona.”—Luka 14:12-14.

Rockland Journal-News (U.S.A.) morao tjena e ile ea tlaleha ka mohlala oa mofuta oo oa ho fana. Ha ntlo ea mosali-moholo e mong oa sefofu e heleha, metsoalle e ile ea mo hahela ntlo e ncha. Menehelo e ile ea etsoa ke likhoebo tse ’maloa tsa sebaka seo, ’me lekala la ’muso la sebaka seo le ile la fana ka mpho ea chelete. Koranta e ile ea re: “Leha ho le joalo, habohlokoa ka ho fetisisa, batho ba ka bang 150, bao boholo ba bona ba kopanelang le phutheho ea Lipaki tsa Jehova ea Haverstraw, ba ile ba nehelana ka nako ea bona bakeng sa ho haha ntlo.”

Sehlooho seo se ile sa tsoela pele: “Setšeng sa mohaho ho ne ho e-na le pokello ea thepa haufi le litafole tse neng li tletse lijo. Ka matsatsi a mabeli basebetsi ba ile ba emisa folete e ka lulang malapa a mabeli e nang le mekato e meraro ho ea holimo. . . . Lipaki tsa Jehova li tsebahala ka bokhoni ba tsona ba ho haha ka tsela e potlakileng. . . . Leha ho le joalo, ho ke ke ha bapisoa ho potlaka ha bona le ho tšoarella ha mosebetsi oa bona nako e telele: ho fana ka se tšoarellang nako e telele mosebetsing o etsoang ka lerato. Mof. Blakely a ka se khone ho bona ntlo ea hae e ncha, empa matsoho a hae a ka e ama, ’me pelo ea hae e tseba botebo ba maikutlo a hae a anngoeng ke ketso ena e se nang boithati.”

Moea oa ho Fana ka Seatla se Bulehileng Selemo ho Pota

Bao ka sebele ba nang le moea oa ho fana ka seatla se bulehileng ha ba emele matsatsi a khethehileng. Bophelo ba bona ha bo likolohe ho bona feela. Ha ba fumana ho itseng ho molemo, ba thabela ho ho arolelana le ba bang. Hona ha ho bolele hore ke makhoba a ho fana ka limpho. Ha ho bolele hore ba fana ho isa bohōleng boo malapa a bona a tlatlapehang. Ha ho bolele hore ba fana ntle le ho nahanela hore na ho tla ama moamoheli joang. Leha ho le joalo, ke batho ba “fanang,” joalokaha Jesu a ile a ruta barutuoa ba hae hore ba etse joalo.—Luka 6:38.

Ba ela hloko maemo a metsoalle le baahisani ba hōlileng, ba kulang, kapa bao ka litsela tse itseng ba hlokang khothatso. “Mpho” ea bona e ka ’na ea e-ba ho rongoa lebenkeleng kapa ho thusa ka mosebetsi oa ka tlung. E ka ’na ea e-ba ho ratha patsi kapa ho khōfa lehloa. E ka ’na ea e-ba sekotlolo se tšetseng lijo kapa nako e ka etsang hora ho etiloe le ho bala hammoho. Bophelo ba bona e ka ’na ea e-ba bo maphatha-phathe empa e seng hoo bo ka ba thibelang ho thusa. Ba ithutile ka phihlelo hore ka sebele “ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35.

Ho hlakile hore Mofani e moholo ka ho fetisisa ke ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Ke ea “fang bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.” (Liketso 17:25) Ka Bibeleng, o boetse o re fa temohisiso ka morero oa hae oa ho felisa bokhopo, ho kula le lefu, le ho etsa lefatše lena paradeise. (Pesaleme ea 37:10, 11; Tšenolo 21:4, 5) Hoba ba ithute ka hona, ba nang le moea oa ho fana ka seatla se bulehileng ha ba ipolokele litaba tseo tse molemo. Thabo e ’ngoe ea bona e khōlōhali ke ho li arolelana le ba bang. Oa bona ka sebele ke moea oa bomolimo oa ho fana. Na ke oona moea oo u o hlaolelang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Tse ling tsa limpho tsa bohlokoa ka ho fetisisa ha li hloke chelete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela