Se ka Tšohloang ke Lelapa
RE KA ITHUTA’NG HO . . . Kaine le Abele?
NA U KILE UA HALEFA HOO U NENG U BATLA HO OTLA NGOAN’ENO?
• Takang litšoantšo tsena. • Balang litemana tsa Bibele, ’me le li hlalose ka bokhutšoanyane ha le ntse le kenya mantsoe lipuisanong tse latelang. • Batlang lintho tsena tse patehileng: (1) apole le (2) letata.
MOLIMO O ILE A TALIMA NYEHELO EA ABELE KA MOKHOA O BONTŠANG KAMOHELO.—GENESE 4:4
GENESE 4:8 ․․․․․
HAMORAO, MOLIMO O ILE A BOTSA KAINE: “ ․․․․․ ?”—GENESE 4:9
Ke hobane’ng ha u lokela ho laola bohale?
NTLHA E THUSANG: Liproverbia 14:29; Baefese 4:26, 27, 31.
Ke eng e ka u thusang hore u khone ho laola bohale?
NTLHA E THUSANG: Liproverbia 14:30; 19:11; Baefese 4:32.
U ithutile eng tlalehong ee?
U nahana’ng ka see?
Balang Genese 4:7. Kaine o ne a lokela ho etsa’ng ha Molimo a mo khalemela?
NTLHA E THUSANG: Luka 14:11; 1 Petrose 5:5, 6.
Li Bokelleng ’me le Ithute
E seheng, le e mene ’me le e boloke
KARETE EA BIBELE 20 NOE
LIPOTSO
A. Noe o ile a phela ho fihlela a e-ba lilemo li ․․․․․.
B. Bara ba bararo ba Noe e ne e le bo-mang?
C. Qetellang temana ena ea Bibele: ‘Noe a tsoela pele ho etsa ka . . .’
[Chate]
4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.
Adama oa bōptjoa O hlahile ka Buka ea ho qetela
2970 B.C.E. ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
“Areka ea lula lithabeng tsa Ararate.”—Genese 8:4
LITHABA TSA ARARATE
NOE
PALE EA HAE EA BOPHELO
O ile a ruta ba lelapa la hae ho mamela litaelo tsa Jehova. O ile a bontša hore o mamela Molimo ka ho haha areka e le hore a pholose ba lelapa la hae le liphoofolo moroallong oa metsi. (Genese 6:5-22) Le hoja a ne a songoa, o ile a mamella ka botšepehi joaloka “’moleli oa ho loka.”—2 Petrose 2:5; Baheberu 11:7.
LIKARABO
A. 950.—Genese 9:29.
B. Sema, Kama le Jafeta.—Genese 6:10.
C. “. . . sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.’—Genese 6:22.
Batho ba Libakeng Tse Ling
3. Lebitso la ka ke Andres ’me ke na le Ana. Re lilemo li 11, ’me re lula El Salvador. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae El Salvador? Na li 10 000, 20 700, kapa li 37 000?
4. Ke letheba lefe le bontšang moo re lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le El Salvador.
A
B
C
D
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
Le ka fumana lihlooho tse ling tsa “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.jw.org
● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 12
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
1. Ho na le apole ka pel’a aletare setšoantšong sa boraro.
2. Letata le pakeng tsa Abele le nku setšoantšong sa bone.
3. 37 000.
4. A.