Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke Lintho Life Tse Sieo Setšoantšong See?
Balang Genese 13:5-17. Joale shebang setšoantšo sena. Ke lintho life tse sieo ho sona? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase. Qetellang setšoantšo sena ka ho kopanya matheba a ho sona, ebe lea se taka.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
[Setšoantšo se Qanollang]
(Sheba sengoliloeng)
SE KA TŠOHLOANG:
Ke qabang efe e ileng ea hlaha pakeng tsa Lota le Abrahama le pakeng tsa balisa ba bona? Le hoja Abrahama a ne a e-na le tokelo ea ho khetha pele, o ile a etsa’ng ho bōpa khotso?
NTLHA E THUSANG: Balang Genese 13:7-9.
Na Abrahama o ile a lula a koetletse Lota sekhopi?
NTLHA E THUSANG: Balang Genese 14:12-16.
Abrahama o ile a hlohonolofatsoa joang ka lebaka la ho bontša litšobotsi tse khahlisang Molimo?
NTLHA E THUSANG: Balang Genese 13:14-17.
U ka bontša joang hore u rata ho bōpa khotso?
NTLHA E THUSANG: Balang 1 Bakorinthe 13:4, 5; Jakobo 3:13-18.
SE KA ETSOANG KE LELAPA: E mong ka lapeng a ka etsisa e mong oa batho ba boletsoeng tlalehong e ka holimo ea Bibele, empa a sa bue. Ba bang ka lapeng ba leke ho bolela hore na o etsisa mang.
Li Bokelleng ’me le Ithute
E seheng, le e mene ’me le e boloke
KARETE EA BIBELE 5 ABRAHAMA
LIPOTSO
A. Abrahama o ne a le lilemo li kae ha a e-ba le Isaka?
B. Jehova o ile a tšepisa Abrahama eng?
C. Tlatsa likheo tsena. Kaha Abrahama o ne a e-na le tumelo e matla a bile a entse lintho tse babatsehang, o ile a bitsoa ․․․․․.
[Chate]
4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.
Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela
tsa bo-1900 B.C.E. ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
Ha a tloha Ure a ea Kanana
Ure
Harane
KANANA
ABRAHAMA
PALE EA HAE EA BOPHELO
Monna ea tšepahalang ea ileng a tloha motseng oa Ure o neng o ruile, e le hore a phethe thato ea Jehova, le hoja a ne a sa tsebe hore na o il’o lula hokae. (Baheberu 11:8-10) O ne a lula a ruta ba lelapa la hae hore “ba boloke tsela ea Jehova ba etse ho loka.” (Genese 18:19) Bibele e re ke “ntat’a bohle ba nang le tumelo.”—Baroma 4:11.
LIKARABO
A. Tse lekholo.—Genese 21:5.
B. Lichaba tsohle li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hae.—Genese 22:16-18.
C. “Motsoalle oa Jehova.”—Jakobo 2:21-24.
Batho ba Libakeng Tse Ling
3. Mabitso a rōna ke Rahela le Andrei. Re lilemo li supileng, ’me re lula Romania. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Romania? Na li 38 600, 68 300, kapa li 83 600?
4. Ke letheba lefe le bontšang moo re lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Romania.
A
B
C
D
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 11
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 3102
1. Khomo.
2. Nku.
3. Tse ka bang 38 600.
4. C.