Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/11 leq. 29
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baroetsana ba Asia ba Latoa Linaheng Tse Ling
  • Na ba Ntlafatsa ho se Tšepahale Lenyalong?
  • Na ka Tlhaho Batho ba Khona ho Tantša?
  • Ho Thoe’ng ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Websaete ea Rōna e Molaong—E Sebelisetse Thuto ea Botho le ea Lelapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba Lokelang ho se Tseba
    Tsoha!—2008
  • Lekhalo le Pakeng Tsa Barui le Mafutsana
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 5/11 leq. 29

Tsa Mona le Mane

“Ho na le menyetla e fetang 300 ea hore basali ba lulang linaheng tse futsanehileng ba shoe nakong ea boimana kapa ha ba pepa ho feta ba lulang linaheng tse ruileng.”—BUSINESSWORLD, PHILIPPINES.

Ho ea ka phuputso e entsoeng Jeremane, bana ba etsang karolo ea 40 lekholong ba lilemo li 11 ho ea ho 15, ha ba tsebe hore letsatsi le chaba ka bochabela; ha ba etsang karolo ea 60 lekholong ba sa tsebe hore khoeli e toloka ka mor’a libeke tse ’nè.—WELT ONLINE, JEREMANE.

Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane tempele ea Bafilista, Gathe ea boholo-holo. Tempele eo e tšehelitsoeng ke litšiea tse peli tse bohareng, e re hopotsa tlaleho ea Bibele e buang ka Samsone, ea ileng a itšoarella ka litšiea tse joalo, eaba o liha tempele.—THE JERUSALEM POST, ISERAELE.

Baroetsana ba Asia ba Latoa Linaheng Tse Ling

Koranta e hlahang Inthaneteng ea Philippines e bitsoang BusinessWorld e re: “Banna ba bangata ba Asia ba linaheng tse ruileng, tse kang Japane le Korea Boroa, ba batla basali linaheng [tsa Asia] tse futsanehileng, tse kang Vietnam le Philippines.” Pakeng tsa 1995 le 2006, palo ea banna ba Majapane ba nyalang basali ba tsoang linaheng tse ling, e ile ea eketseha ka karolo ea 73 lekholong. Hobane’ng? Tlaleho e bolela hore “basali ba moo ba emeng hantle licheleteng ba rata ho khetha-khetha,” ’me ba leqe ho nyaloa. Ka lehlakoreng le leng, basali ba tsoang linaheng tse futsanehileng ba ikemiselitse hore ba nyaloe ke banna ba etsang le mesebetsi e tlaase ba linaheng tse ruileng, kaha seo “se ba fa tšepo ea hore bophelo ba bona bo tla ntlafala.”

Na ba Ntlafatsa ho se Tšepahale Lenyalong?

Websaete ea baratani e tsositseng lipuo-puo e sebetsang linaheng tse hlano, e bapatsa litšebeletso tsa eona ka lepetjo le reng: “Bophelo bo bokhutšoanyane. E-ba le nyatsi.” Ho ea ka mothehi oa eona, Websaete eo ha e etse hore batho ba se ke ba tšepahala ho balekane ba bona, kaha batho ba kenang ho eona “ba se ba entse qeto ea hore ba be le linyatsi.” O re: “Mathata a mangata a amanang le ho se tšepahale lenyalong, a bakoa ke hore molekane e mong o tseba ka seo e mong a se etsang. Re thusa batho ba batlang ho ba le linyatsi hore ba etse seo ka masene. Hase rōna ba qapileng ho se tšepahale lenyalong—re mpa feela re ho ntlafalitse.” Hajoale Websaete eo e ithorisa ka hore e na le litho tse limilione tse ka bang 6,4.

Na ka Tlhaho Batho ba Khona ho Tantša?

Tlaleho e phatlalalitsoeng ke bafuputsi univesithing ea York, e Engelane le ea Jyväskylä, e Finland, e re: “Batho ba na le bokhoni bo ikhethang ba ho tsamaisana le morethetho, joaloka ho tapa ka leoto fatše ha ’mino o lla kapa ho tantša.” Bafuputsi bao ba hlokometse hore le pele bana ba ithuta ho bua, ba utloa morethetho oa pina ebile ba leka ho tsamaisana le oona. Ha ba atleha ho etsa seo ka nako e telele, ba bososela nako e teletsana. Sena se bontša hore ho utloa morethetho le ho leka ho tsamaisana le oona hase lintho tseo re lokelang ho ithuta tsona empa li iketsahalla ka tlhaho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela