Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/12 maq. 16-18
  • Monna oa Sebele ke ea Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Monna oa Sebele ke ea Joang?
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Tsoela Pele ha Hao ho ke ho Bonahale’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Bo-ntate ba ka Lula ba le Haufi le Bara ba Bona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na ke Motsoalle Feela—Kapa Kea mo Rata?, Karolo ea 2
    Tsoha!—2012
  • Na Motho eo o Ntoketse?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 12/12 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa

Monna oa Sebele ke ea Joang?

“Ntate o ile a hlokahala ha ke le lilemo li tharo. Ka linako tse ling ke ikutloa ke lakatsa eka nka be ke tšoana le bashanyana ba hōtseng ba e-na le bo-ntate. Ba bonahala ba itšepa haholonyane ho mpheta.”—Alex.a

“Ha ke na kamano e ntle hakaalo le Ntate. Ke ile ka tlameha ho ithuta ka bonna hore na ho bolela’ng ho ba monna oa sebele.”—Jonathan.

NA U kile ua ikutloa joaloka bacha baa bao ho qotsitsoeng mantsoe a bona ka holimo? Na u nahana hore ka lebaka le itseng, le ka mohla u ke ke ua ithuta hore na ho bolela’ng ho ba monna oa sebele? Haeba ho joalo, u se ke ua lahla tšepo!

Nahana hore na u ka hlōla mathata a mabeli a tloaelehileng joang.

BOTHATA BA PELE: Maikutlo a fosahetseng a tloaelehileng ka ho ba monna

Seo ba bang ba se buang:

  • Banna ba sebele ha ba boi; ha ba lle.

  • Banna ba sebele ha ba joetsoe hore na ba etse’ng.

  • Banna ba betere ho feta basali.

Tsela e ’ngoe eo re ka talimang sena ka eona: Tabeng ena ho bontšoa phapang pakeng tsa monna oa sebele le moshanyana—eseng pakeng tsa monna le mosali. U fetoha monna oa sebele ha u tlohela mekhoa ea bongoana. Moapostola oa Mokreste, Pauluse o ile a ngola a re: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana; empa kaha joale ke monna, ke lahlile mekhoa ea bongoana.” (1 Bakorinthe 13:11) Ka mantsoe a mang, ha u ntse u etsa hore mekhoa ea hao ea bongoana ea ho nahana, ho bua le ho etsa lintho e nkeloe sebaka ke mekhoa ea motho ea hōlileng ea ho nahana, ho bua le ho etsa lintho, ka tsela eo u paka hore u monna oa sebele.b

U k’u leke sena: Ngola likarabo tsa lipotso tse latelang pampiring:

  1. Ke likarong life moo ke ntlafalitseng tabeng ea ho lahla “mekhoa ea bongoana”?

  2. Nka ntlafatsa likarolong life?

Ho etsoa tlhahiso ea hore u bale: Luka 7:36-50. Bona kamoo Jesu a ileng a bontša kateng hore ke monna oa sebele (1) ka ho emela se nepahetseng (2) le ka ho tšoara ba bang ka tlhompho—ho kopanyelletsa le basali.

“Ke khahloa ke motsoalle oa ka, Ken. Ke monna ea matla—’meleng, maikutlong le moeeng—empa hape o mosa. Mohlala oa hae o nthutile hore monna oa sebele ha a khelle ba bang fatše e le hore feela eena a hlahelle.”—Jonathan.

BOTHATA BA BOBELI: Ho se be le ntate ea behang mohlala o motle

  • Seo ba bang ba se buang:

  • Haeba ntate a le sieo lapeng, le ka mohla u ke ke ua ithuta hore na ha e le hantle ho ba monna ho bolela’ng.

● Haeba ntate oa hao a u behetse mohlala o mobe, joang kapa joang u tla pheta liphoso tseo a li entseng.

Tsela e ’ngoe eo re ka talimang sena ka eona: Esita le haeba u sa hōlisoa hantle bongoaneng, hoo ha ho bolele hore joang kapa joang lintho li tla u tsamaela hampe! Leha ho le joalo, u ntse u ka khetha ho ntlafatsa boemo boo u leng ho bona. (2 Bakorinthe 10:4) U ka khetha ho latela keletso eo Morena Davida a e fileng mora oa hae Solomone ha a re: “U be matla ’me u be monna.”—1 Marena 2:2.

’Nete ke hore ho ka ba thata haeba u hōlela lelapeng leo ntate a sa u tsotelleng—kapa moo a leng sieo. Alex eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae qalong, o re: “Ho se tsebe ntate oa hao ho u beha ka mosing bophelong. Ke lilemo li 25, empa ke ikutloa eka ke hona ke ithutang lintho tseo ke neng ke lokela hore ebe ke ithutile tsona ha ke le lilemong tse ka tlaase ho 20.” Haeba u ikutloa joaloka Alex, ebe u ka etsa’ng ka seo?

Leka sena: Fumana motataisi—e leng motho ea behang mohlala o motle oa ho ba monna oa sebele.c Mo bo botse hore na ke litšobotsi life tseo a lumelang hore ke tsa bohlokoa haholo tseo monna oa sebele a nang le tsona. Ebe joale ua mo botsa hore na uena u ka etsa’ng hore u be le litšobotsi tseo.—Liproverbia 1:5.

Ho etsoa tlhahiso ea hore u bale: Liproverbia khaolo 1-9. Hlokomela keletso ea ntate e ka thusang moshanyana hore a hōle e le monna ea bohlale le oa moea.

“Ke motlotlo ka seo ke ntseng ke e-ba sona. Le hoja ke ne ke lakalitse hore ebe ntate o ne a le teng ha ke ntse ke hōla, ke na le tšepo ka bokamoso. Ke kholisehile hore lintho li tla ntsamaela hantle.”—Jonathan.

Ka mor’a Tsoha! ea December 2012, lihlooho tsa “Bacha baa Botsa” li se li tla fumaneha Inthaneteng feela

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

b Sheba lebokose le reng “Moshanyana ha a Bapisoa le Monna.”

c Baholo ka phuthehong ea Bokreste e ka ba batataisi ba molemo.

Ian—Ho ba monna oa sebele ha ho bolele feela hore u itšoara joaoloka monna, empa ho boetse ho bolela hore u ikemiselitse ho sebetsa ka thata, ho laola maikutlo a hao le ho jara boikarabelo ka liketso tsa hao.

MOSHANYANA HA A BAPISOA LE MONNA

Hangata ngoana a ka . . .

  • hloka mekhoa.

  • icheba boeena.

  • hahamalla boithabiso.

  • hahamalla boithabiso.

Monna oa sebele o leka ho . . .

  • bontša tlhompho.—Baroma 12:10.

  • itella ba bang.—1 Bakorinthe 10:24.

  • bontša boikarabelo.—Bagalata 6:5.

  • laola maikutlo a hae.—Liproverbia 16:32

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Le nahana hore monna oa sebele ke motho ea joang? Ebe ke ea joang tabeng ea ho bontša hore ke motho ea hōlileng?

MOLAETSA O EANG HO BATSOALI

BO-NTATE—

Mohlala oa hao ke oa bohlokoa haholo tabeng ea ho thusa mora oa hao hore a ithute hore na monna e lokela ho ba motho ea joang. Haeba u tšoara mosali oa hao ka tlhompho, u ruta mora hao hore a tšoare basali ka tlhompho. Haeba u sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa la hao—le haeba seo se bolela hore u etse mesebetsi e tlaase kapa e khathatsang—u ruta mora oa hao hore a sebetse ka thata le hore a be le boikarabelo.—1 Timothea 5:8.

E ka ’na eaba u ne u se na kamano e ntle le ntate oa hao. Mohlomong ntate oa hao o ne a se na kamano e ntle le ntate oa hae. Empa hopola sena: U na le monyetla oa ho khaotsa mokhoa oo. Qala hang-hang! E-ba motsoalle oa mora oa hao.d Haeba u mo behela mohlala o motle, ho ka etsahala hore e be monna oa sebele—monna eo u tla ikotla sefuba ka eena hore ke mora oa hao.—Liproverbia 23:24.

BO-’MÈ—

U ka thusa mora oa hao joang hore a hōle ’me e be monna oa sebele? Qoba ho mo bapisa ka tsela e mpe le monna oa hao. Ka mohlala, nka hore mora oa hao o etsa phoso e u hopotsang monna oa hao. U ka ’na ua phasoloha u sa nahane, ua re: “Khaotsa seo! U itšoanela hantle feela le ntat’ao!” Ke ’nete hore u nepile ka ho khalemala mora oa hao ha a entse phoso. jEmpa hopola sena: Haeba mantsoe a hao kapa liketso tsa hao li fana ka maikutlo a hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo monna oa hao a e etsang e fosahetse, u sa hlokomele u ka ’na ua sitisa mora oa hao hore a hōle e le monna oa sebele.

Tšehetsa monna oa hao hore a amehe ka se etsahalang bophelong ba mora oa hae. Ba khothalletse ho qeta nako ba le ’moho, me u shebe menyetla ea ho bua ka makhabane a monna oa hao le lintho tse ntle tseo a li etsang. Na o sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa? Na o qeta nako a e-na le bana ba hae? Na o tšoara ba bang ka tlhompho? Tsebisa mora oa hao kamoo u ananelang lintho tseo kateng. Pabatso e joalo e tla etsa hore mora oa hao a ithute mohlaleng o motle oa ntate oa hae.

d Ho fumana lintlha tse eketsehileng, sheba sehlooho se reng “Bo-ntate ba ka Lula ba le Haufi le Bara ba Bona Joang?” Molula-Qhooeng oa November 1, 2011, o hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela