Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/13 leq. 3
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Italy
  • Armenia
  • Japane
  • Chaena
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
  • Tlaleho ea Molao
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Mathata a Sephethephethe
    Tsoha!—2007
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 10/13 leq. 3

Tsa Mona le Mane

Italy

Ka 2011, ho ile ha rekisoa libaesekele tse ngata ho feta likoloi, Italy. A mang a mabaka ao ho thoeng e ka ’na eaba a bakile seo ke mathata a moruo, ho nyoloha ha theko ea peterole le litšenyehelo tsa ho lokisa likoloi. Libaesekele li batla li lokiseha ka litšenyehelo tse tlaase ebile ho bonolo ho li sebelisa.

Armenia

Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le entse qeto ea hore ’muso oa Armenia o hataketse litokelo tsa bahlankana ba 17 ba Lipaki Tsa Jehova, ba ileng ba tšoaroa hobane ba hanne ho etsa mosebetsi oa sechaba o tlas’a botsamaisi ba sesole. ’Muso oo o ile oa laeloa ho lefa bahlankana bao ba 17 le ho lefa litšenyehelo tsa bona tsa nyeoe.

Japane

Bana ba 63 ho ba lekholo ba etselitsoeng bomenemene liwebsaeteng tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona, ba re batsoali ba bona ba ne ba sa ba lemosa ka likotsi tsa ho li sebelisa. Ho babelaelloa ba 599 ba qositsoeng, ba 74 lekholong ba lumetse hore sepheo sa bona sa ho sebelisa liwebsaete tsena, e ne e le ho etsa thobalano le bana ba tlaase lilemong.

Chaena

Ba boholong litoropong tse khōlō ba lekanyetsa likoloi tse ncha tse ngolisoang moo, e le ha ba leka ho fokotsa tšubuhlellano ea sephethephethe. Ka mohlala, ha ba ngolise likoloi tse fetang 240 000 ka selemo, Beijing. Ka August 2012, batho ba ka bang 1 050 000 ba ile ba kenela tlhōlisano eo ho eona ba 19 926 ba ileng ba fumana tumello ea ho ngolisa likoloi, e leng se bolelang hore ke motho a le mong ho ba 53 ea ileng a atleha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela