Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/14 leq. 3
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Chaena
  • Lefatše
  • Canada
  • Ireland
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Khetho e Sabaletse, ho Sala Lipotso
    Tsoha!—2004
  • Machato a Hlomphehang Mahlong a Molimo le a Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tlaleho ea Molao
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 6/14 leq. 3

TSA MONA LE MANE

Chaena

Batho ba hlalaneng

Lipalo tsa batho ba hlalanang Beijing li nyolohile ka liphesente tse 41 likhoeling tse robong tse qalang selemong sa 2013, ha li bapisoa le tsa likhoeling tse lekanang le tseo tsa 2012. Litsebi li lumela hore e ka ’na eaba ho phahama hona ka sekhahla ho bakuoe ke hore ebe banyalani ba ntse ba leka ho qoba molao o sa tsoa kenngoa tšebetsong oa ho nyolloa ha lekhetho ka liphesente tse 20 ha banyalani ba rekisa matlo. Maemong a mang, banyalani ba bang le ba bang ba hlalaneng ba lumelloa hore ba fokoletsoe lekhetho ha ba rekisa matlo a bona a bobeli.

Lefatše

Poleiti e tšetseng likokoanyana tse jeoang

Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o bontša hore batho ba bangata ba ja likokoanyana e le ha ba leka ho loantša khaello ea phepo e nepahetseng. Tlaleho eo e re li na le phepo e ngata ’me li molemo bakeng sa ho fetola lintho tse neng li sa jeoe ke batho hore li jeoe, libōkō tse jeoang li ka nkela nama sebaka. Leha ho le joalo, tlalehong eo “ho hlokometsoe hore libakeng tse ling ho na le mefuta e mengata ea [likokoanyana] tse ke keng tsa jeoa.”

Canada

Libotlolo tse tšetseng mahe a emolisitsoeng a batho a hoamisitsoeng

Litleliniki tsa ba hlokang thari li loantšana le ba molao le boitšoaro mabapi le hore na li etse’ng ka mahe a batho a emolisitsoeng a bileng a hoamisitsoeng ao “beng” ba oona ba seng ba sa fumanehe. Tleliniking e le ’ngoe feela ho tlalehiloe hore ho na le mahe a ka bang 1 000 a emolisitsoeng ao beng ba oona “ho bonahalang eka ba se ba nyametse.”

Ireland

Tšebeletso ea lenyalo ea batho ba sa lumeleng ho Molimo

Ha Mak’hatholike a naheng ea Ireland a ne a nyalana, a ne a lokela ho khetha pakeng tsa ho tiisa lenyalo la ’ona kerekeng kapa ho le tiisa ho monyalisi oa ’muso ho fihlela ka 2013, ha manyalo a batho bao e seng balumeli a ne a lumelloa ka molao. Ho ea ka leselinyana la litaba la Reuters, “ho phehella ha batho ba neng ba batla ho ba le mekhoa e meng ea ho ngolisa manyalo ntle le ho ea ofising ea ngoliso, empa ba sa batle ho nyalisoa ke kereke, e bakile khaello e khōlō haholo” ea batho ba bacha ba nyalisang ka tsela ena e ncha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela