Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/14 leq. 16
  • Bokhoni ba Khola-bolokoe ba ho Fumana Tsela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokhoni ba Khola-bolokoe ba ho Fumana Tsela
  • Tsoha!—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likhola-bolokoe Tsa Afrika Lia Thusa!
    Tsoha!—1996
  • Litho tsa kutlo tsa Black Fire Beetle
    Tsoha!—2012
  • Matla a Kokoanyana e Tsaratsang Lero
    Tsoha!—2008
  • Khaketla ea Diabolical Ironclad Beetle
    Na e Entsoe?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 6/14 leq. 16
Likhola-bolokoe tse peli li theta bolo ea bolokoe

NA BO ENTSOE?

Bokhoni ba Khola-bolokoe ba ho Fumana Tsela

BOLOKOE bo phetha mesebetsi e mengata bakeng sa khola-bolokoe. Ea bo ja ’me e behela mahe ho bona. Tse ling tse tona li fa tse tšehali bo bongata e le ha li leka ho li hohela. Tlhōlisano ea ho fumana bolokoe bo ntseng bo le bocha e phahame haholo. Bafuputsi ba se ba kile ba shebella ha likhola-bolokoe tse 16 000 li bipetsa bolokoe ba tlou ’me li bo qeta ka lihora tse peli feela.

Mefuta e meng ea likhola-bolokoe e khona ho ikhula ho tse ling ebe li bōpa bolokoe joaloka bolo, ebe li bo pitikisetsa sebakeng se seng moo li il’o bo tsetela mobung o bonolo. Khola-bolokoe e pitikisa bolo eo ea eona ka tsela e otlolohileng kaha seo se e thusa ho baleha li khola-bolokoe tse ling, e le hore li se ke tsa nka bolo ea eona.

Empa e khona joang hore e se ke ea ’na ea potoloha nģ’a e le ’ngoe, haholo-holo ha e le bosiu?

Ak’u nahane: Lipatlisiso tsa nako e fetileng li bontšitse hore likhola-bolokoe li khona ho fumana tsela li sebelisa khanya ea letsatsi kapa ea khoeli, le hoja li khona ho tsamaea ka tsela e otlolohileng leha e le bosiu ho sena khoeli. Bafuputsi ba Afrika Boroa ba fumane hore likhola-bolokoe ha li shebe naleli e le ’ngoe feela, empa li sheba khanya e kholo e ntšoang ke sehlopha sa linaleli sa Milky Way. Ho ea ka makasine oa Current Biology, ena ke “tlaleho ea pele e ngotsoeng ea liphoofolo tse sebelisang khanya ea Milky Way.”

Mofuputsi Marcus Byrne, o re likhola-bolokoe li “na le mokhoa o bohlale haholo oa ho fumana tsela, esita leha ho le lefifi li sebelisa matla a tsona a tlhaho.” O phaella ka hore: “Ka hona li ka khona ho ruta batho ho rarolla mathata a amanang le pono.” Ka mohlala, roboto e ka ’na ea seteloa hore e batle mohaho o oeleng ka ho etsisa mokhoa oa khola-bolokoe oa ho fumana tsela.

U nahana’ng ka see? Na bokhoni ba khola-bolokoe ba ho fumana tsela bo bile teng ka ho iphethola ha lintho? Kapa na bo entsoe?

Na u ne u tseba?

Likhola-bolokoe li nolofatsa le ho matlafatsa mobu, li hasanya peō ’me li fokotsa palo ea likokoanyana tse fofang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela