Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 3/8 leq. 15
  • Likhola-bolokoe Tsa Afrika Lia Thusa!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likhola-bolokoe Tsa Afrika Lia Thusa!
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokhoni ba Khola-bolokoe ba ho Fumana Tsela
    Tsoha!—2014
  • Litho tsa kutlo tsa Black Fire Beetle
    Tsoha!—2012
  • Ke Mang ea Sireletsang Liphoofolo tse Hlaha tsa Afrika?
    Tsoha!—1993
Tsoha!—1996
g96 3/8 leq. 15

Likhola-bolokoe Tsa Afrika Lia Thusa!

KA MONGOLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA

MAKHOLO a mabeli a lilemo a fetileng, ha likhomo li ne li qala ho tlisoa Australia, ke mang ea neng a ka bonela pele mathata a tebileng a neng a tla tlela naha eo?

Ha nako e ntse e e-ea, makhulo a ile a kupetsoa hohle ke bolokoe ba likhomo, ba sitisa joang ho mela libakeng tse ling kapa ba etsa hore joang bo be kotsi bakeng sa ho jeoa ke likhomo. Qetellong, liqubu tsa bolokoe li ile tsa fetoha litsi tse khōlōhali tsa ho qhotsetsoa ha seoa sa lintsintsi tse tšoenyang. Ha e le hantle, ho ea ka tlaleho ea koranta ea Africa—Environment & Wildlife, ka bo-1970 bothata bo ne bo se bo fihletse “boemo bo kotsi haholo moruong le tikolohong eo ho pheloang ho eona.” Ho ne ho hakanngoa hore “lihekthere tse fetang limilione tse hlano tsa makhulo ha li sa mela letho selemo le selemo . . . , naetrojene e ngata e ne e sa khutlele mobung ka lebaka la bolokoe bo sa epeloang tlas’a mobu, ’me palo ea lintsintsi e ne e le seoa se seholo.”

Phoso e bile hokae? Afrika, ka tloaelo likhola-bolokoe li ne li tla hleka bolokoe masimong ka potlako le ka tsela e babatsehang. Bolokoe bo epetsoeng bo ne bo tla nontša mobu ’me bo etse hore o ngobele habonolo, kahoo khōlo ea limela e ntlafale. Ka tsela ena, mefuta e kotsi ea lintsintsi e ne e tla bolokoa tlas’a taolo ’me mahe a likokoanyana tse jang limela a ne a tla senyeha, ho thibela ho jaleha ha maloetse a bakoang ke libaktheria.

Leha ho le joalo, seo baahi ba pele ba Australia ba sa kang ba se lemoha ke hore likhola-bolokoe tsa Australia li sebetsa feela ho merokolo ea liphoofolo tsa tlhaho tsa naha eo le hore li ke ke tsa sebetsana ka katleho le bolokoe ba likhomo bo boholo, bo metsi.

Ke’ng se neng se lokela ho etsoa? Ho latoe likhola-bolokoe linaheng tse ling! Ka mohlala, mefuta e sa tšoaneng ea Afrika (e ka bang 2000), e sebetsana ka katleho le bolokoe bo bongata bo metsi, joaloka ba litlou. Likhola-bolokoe tsena ha li na bothata ba letho ba ho tlosa bolokoe ba likhomo. Empa ke palo e khōlō hakaakang ea likhola-bolokoe e hlokahalang bakeng sa ho phetha mosebetsi oo! Africa—Environment & Wildlife e tlaleha hore ho se seng sa lirapa tsa lifate, “ho ile ha hlokomeloa likhola-bolokoe tse 7000 qubung e le ’ngoe ea bolokoe ba tlou,” ’me serapeng se seng sa lifate, “tse 22 746 . . . li ile tsa bokelloa qubung ea bolokoe ba tlou ba lik’hilograma tse 7 ka lihora tse 12.” Nahana feela ka palo e khōlōhali ea likhola-bolokoe e hlokahalang bakeng sa ho rarolla qaka e Australia!

Ka thabo, boemo bo ntse bo ntlafala ka ho hlokomelehang hona joale—ka lebaka la likhola-bolokoe tsa Afrika.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela