SE KA THUSANG LELAPA | HO HŌLISA BANA
Ha Ngoan’a Hao a Bua Leshano
BOTHATA
Ngoan’a hao ea lilemo li hlano o ntse a bapala ka kamoreng e ’ngoe. Ka mor’a nako, u utloa ho pshatleha ntho e itseng. U mathela ka ho eena ’me u mo fumana a eme pel’a khalase e pshatlehileng. Ha u mo sheba feela u se u ntse u bona hore ke eena a e pshatlileng.
Ua mo kharumela, u re: “Na ke uena ea e pshatlileng?”
O araba ka potlako, o re: “Che ’Mè hase ’na!”
Lena hase lekhetlo la pele u utloa ngoan’a hao a bua leshano. Na seo se lokela ho u tšoenya?
SEO U LOKELANG HO SE TSEBA
Ha ho mohla ho bua leshano ho loketseng. Bibele e re Jehova Molimo o hloile “leleme la bohata.” (Liproverbia 6:16, 17) Molao o neng o filoe Baiseraele o ne o tiile khahlanong le mang kapa mang ea neng a thetsa ba bang.—Levitike 19:11, 12.
Leha ho le joalo, mashano ha a tšoane. Mashano a mang a buuoa ka morero oa ho ntša motho e mong kotsi. Mashano a mang a buuoa ha motho a tšohile, mohlomong e le ho qoba ho tlotlolloa kapa ho fuoa kotlo. (Genese 18:12-15) Le hoja ho bua leshano ho fosahetse, mashano a mang a tebile ho feta a mang. Haeba ngoan’a hao a u bolella leshano, u lokela ho nahana ka lilemo tsa hae le hore na ke hobane’ng ha a buile leshano.
U lokela ho lokisa bothata bona ha ngoan’a hao a sa ntse a le monyane. Dr. David Walsh o re: “Ke habohlokoa hore ngoan’a hao a ithute ho bua ’nete, haholo-holo ha ho le thata ho etsa joalo. Ho ba le likamano tse ntle le batho ho itšetlehile ka ho tšepana ’me ho bua leshano ho ka senya maqhama ao.”a
Leha ho le joalo, u se ke ua tšoha. Taba ea hore ngoan’a hao o buile leshano ha e bolele hore e se e le motho e mobe. Hopola hore Bibele e re: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.” (Liproverbia 22:15) Bana ba bang ba bontša booatla boo ka ho bua leshano, mohlomong ba nahana hore ke tsela e bonolo ea ho qoba ho fuoa kotlo. Kahoo, tsela eo u sebetsanang le boemo boo ka eona ke ea bohlokoa.
SEO U KA SE ETSANG
Batla hore na ke hobane’ng ha ngoan’a hao a bua leshano. Na o tšaba hore o tla fuoa kotlo? Na ke hobane a sa batle ho u soabisa? Haeba ngoan’a hao a qapa mashano e le hore a khahlise metsoalle ea hae, na ke hobane ha a e-s’o hōle ka ho lekaneng hore a utloisise phapang e teng pakeng tsa lintho tsa sebele le tse iqapetsoeng? Haeba u tseba hore na ke hobane’ng ha ngoan’a hao a bua leshano, u tla khona ho mo thusa.—Molao-motheo oa Bibele: 1 Bakorinthe 13:11.
Ka linako tse ling mo bolelle seo a se entseng ho e-na le hore u mo botse lipotso. Ketsahalong e boletsoeng qalong, ’Mè o ne a tseba hore na ho etsahetse’ng, empa o ile a kharumela ngoan’a hae, a re: “Na ke uena ea e pshatlileng?” Ngoana o ile a bua leshano, mohlomong a tšohile bohale ba ’mè oa hae. Empa ho e-na le ho botsa potso e seng e ntse e mo qosa, ho ne ho ka ba joang ha ka bonolo feela ’Mè a ne a ka re: “Jooe, u pshatlile khalase!” Ha a bolella ngoana seo a se entseng ho e-na le ho mo botsa potso, o etsa hore ngoana a se ke a lekeha hore a bue leshano—’me o mo thusa hore a tloaele ho bua ’nete.—Molao-motheo oa Bibele: Bakolose 3:9.
Mo babatse ha a buile ’nete. Ka tlhaho bana ba rata ho thabisa batsoali ba bona, kahoo sebelisa monyetla oo. Bolella ngoan’a hao hore botšepehi ke ba bohlokoa ka lapeng ’me u lebeletse hore a bue ’nete.—Molao-motheo oa Bibele: Baheberu 13:18.
Totobaletsa ngoan’a hao hore ha a bua leshano batho ba ke ke ba mo tšepa ’me ho ka nka nako hore ba mo tšepe hape. Mo khothatse ka hore u mo babatse ha a buile ’nete. Ka mohlala, u ka re, “Kea thaba ha u bua ’nete.”
Mo behele mohlala. Ho hlakile hore u ke ke ua lebella hore ngoan’a hao a bue ’nete haeba a utloa u bua mantsoe a kang, “Mo bolelle hore ha ke eo hae” haeba u sa batle ho bua le motho ea itseng ka fono kapa u re, “Ha ho moo ke eang kajeno, kea kula” le hoja u tseba hore u mpa u batla ho phomola feela.—Molao-motheo oa Bibele: Jakobo 3:17.
Sebelisa Bibele. Melao-motheo le lipale tsa batho ba sebele tse hlahang ka Bibeleng li re thusa hore re tšepahale. Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e ka u thusa hore u rute ngoan’a hao melao-motheo ea Bibele. Khaolo ea 22 e na le sehlooho se reng, “Lebaka Leo ka Lona re sa Lokelang ho Bua Leshano.” (Sheba karolo ea eona e qotsitsoeng lebokoseng le reng, “Buka e ka Thusang Ngoan’a Hao.”) Buka ea
a Ho tsoa bukeng ea, No: Why Kids—of All Ages—Need to Hear It and Ways Parents Can Say It.