Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/14 leq. 7
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Iseraele, Jordane le Palestina
  • Jeremane
  • Brithani
  • Latin America le Caribbean
  • Leoatle le Ikhethang Empa le Shoele!
    Tsoha!—2008
  • Keresemese e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Meetlo ea Keresemese e Simolohile Kae?
    Tsoha!—1989
  • Na ho Fana ka Limpho tsa Keresemese ho na le Kelello?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 12/14 leq. 7

TSA MONA LE MANE

Iseraele, Jordane le Palestina

Leoatle le Shoeleng

Leoatle le Shoeleng le ntse le psha ka sekhahla sa mithara selemo le selemo. Batho ba bang ba nahana hore leoatle leo le tla be le pshele ka ho feletseng ka selemo sa 2050. Ba boholong ba ntse ba batla litsela tsa ho rarolla bothata bona. Tsela e ’ngoe eo ba ntseng ba e nahana ke ho hloekisa metsi a Leoatleng le Lefubelu ka ho a ntša letsoai e le hore batho ba ka a sebelisa, ebe ba fetisetsa metsi ao a letsoai Leoatleng le Shoeleng. Batho ba bang ba nahana hore ho etsa sena ho tla senya lintho tse phelang Leoatleng le Shoeleng.

Jeremane

Ambulense

Phuputso e entsoeng ke k’hamphani e ’ngoe ea inshorense e bontšitse hore mokuli a le mong oa lefu la pelo ho ba bang le ba bang ba bararo o kena hangata sepetlele ka Letsatsi la Keresemese, ho feta ka nako leha e le efe ea selemo. K’hamphani eo e ile ea bontša hore khatello e khōlō ea maikutlo e bakoa ke ha ba malapa le metsoalle ba lebeletse ho rekeloa limpho tsa theko e holimo haholo.

Brithani

Popae ea khofu e tsofetseng ea Iceland

Borasaense ba Brithani ba ile ba phatlalatsa hore khofu ea Iceland, eo ho neng ho hakanngoa hore e lilemo li 405, ha e le hantle e ne e le lilemo li 507, ha e tla shoa ka tšohanyetso ka 2006 ’me ke phoofolo e phetseng nako e telele ka ho fetisisaa ho tse tlalehiloeng. Khofu eo e ile ea shoa nakong eo bo-rasaense ba neng ba e hoamisitse ha ba e isa laboratoring ea bona.

Latin America le Caribbean

Linaha tse mashome a mararo a metso e meraro tsa Latin America le Caribbean tse neng li le sebokeng se neng se tšoaretsoe Havana, Cuba, mathoasong a selemo sena, li phatlalalitse hore ke ‘linaha tsa khotso’ kaha li lumellane hore ha li sa tla hlola li rarolla liqabang tsa tsona ka ho loana. Har’a batho ba neng ba le teng, e ne e le Mongoli e Moholo oa Machaba a Kopaneng, e leng Ban Ki-moon.

a Poleloana e reng, “phoofolo e phetseng nako e telele ka ho fetisisa” ha e akarelletse liphoofolo tsa maoatleng tse kang likorale, tseo ho hakanngoang hore li se li phetse lilemo tse likete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela