Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/15 leq. 16
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše
  • Engelane
  • Australia
  • Ho Hlahlobisisa Bolumeli
    Tsoha!—1989
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Bolumeli bo Felloa ke Nako?
    Tsoha!—2015
  • Ho Sebelisa Bolumeli bo Hloekileng Bakeng sa Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 1/15 leq. 16
Marulelo a kereke

TSA MONA LE MANE

Bolumeli Boa Hlahlojoa

Bolumeli bo tlameha ho momahanya batho. Leha ho le joalo, ka makhetlo a ’maloa bo ile ba baka likhohlano le ho se tšepane.

Lefatše

Setšoantšo sa lefatše seo ho tšoailoeng kotara ea lona

Batho ba bangata lefatšeng ka bophara ba lula linaheng tseo ho tsona bolumeli bo thibetsoeng ebang ke ka lebaka la melao ea naha kapa lintoa tsa lehae. Palo ea linaha tseo ho tsona batho ba ileng ba hlekefetsoa ka lebaka la ho ba litho tsa bolumeli e ile ea batla e imena habeli lilemong tse hlano tse fetileng.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Ke mabaka a etsang hore batho ba se rate bolumeli?—Matheu 23:27, 28; Johanne 15:19.

Engelane

Tona-khōlō ea mehleng Tony Blair o ile a ngola koranteng ea Observer hore liketso tsa morao tjena tsa bokhukhuni, li bile teng ka lebaka la bolumeli. O phaella ka hore: “Lintoa tsa mehleng ena hase hakaalo hore li bakoa ke lipolotiki ho tšoana le tsa lekholong la bo-20 la lilemo, empa ho ka etsahala hore ebe li bakoa ke ho se tšoane ha merabe kapa bolumeli ba batho.”

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Ke hobane’ng ha bolumeli bo atisa ho ba sesosa sa karohano?—Mareka 7:6-8.

Australia

Motho a le mong o hlakotsoe ’me ba bang ba bane ba phahamisitse matsoho

Lefapha la Lipalo-palo la Australia le tlaleha hore ke Moaustralia a le mong feela ho ba bahlano ea bolelang hore ha a bolumeling leha e le bofe. Tlaleho eo e re “esita leha batho ba ipolela hore ke litho tsa bolumeli, seo hase bolele hore ba etsa lintho tse amanang le bolumeli.” Ke banna ba etsang liphesente tse 15 feela le basali ba etsang liphesente tse 22 feela bao e leng litho tsa bolumeli ba lumelang hore ba nka karolo litabeng tsa bolumeli.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Ke lintho life tse mpe tse bonahalang ka ho hlaka malumeling a kajeno?—Matheu 7:15-20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela