Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/15 leq. 16
  • Tsa Mona le Mane—Ho Hlahloba Litaba Tsa Tikoloho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane—Ho Hlahloba Litaba Tsa Tikoloho
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Australia
  • Lehoatata la Sahara
  • Lefatše
  • Bokamoso bo Tšoere Eng?
    Tsoha!—2001
  • Matlotlo a Ntseng a Fokotseha a Lefatše
    Tsoha!—2005
  • Bophelo bo Rarahaneng
    Tsoha!—2001
  • Re Atlehile Hakae ho Sireletsa Tikoloho?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 6/15 leq. 16
Lehoatata la Sahara

TSA MONA LE MANE

Ho Hlahloba Litaba Tsa Tikoloho

Le hoja lefatše le hlahisa moea le metsi a hloekileng hammoho le lijo tse nang le phepo, batho ba tsoela pele ho kena-kenana le lintho tsena tsa tlhaho. Bo-rasaense ba leka ka matla ho batla mekhoa ea ho sireletsa tikoloho.

Australia

Ho hakanngoa hore metsi a seng letsoai hakaalo, a ka koahelang sebaka se boholo ba li-cubic kilometer tse 500 000, a fumaneha botebong ba maoatle a lefatše. Vincent Post oa Univesithi ea Flinders e Adelaide o re: “Pele metsi a leoatle a ne a le tlaase haholo ho feta kajeno,” kahoo lebōpo la leoatle le ne le le leholo. Ka nako eo, pula e ne “e tlatsa libaka tse nang le metsi tseo hona joale li leng botebong ba leoatle.” Bo-rasaense ba lumela hore ha nako e ntse e ea, metsi ao a tla thusa batho ba fetang limilione tse 700 ba sa fumaneng metsi a hloekileng.

Lehoatata la Sahara

Halofo ea mefuta ea liphoofolo tse khōlō e kileng ea fumaneha Sahara, e nyametse kapa e se e tlameha ho phela sebakeng se etsang karolo ea ’ngoe lekholong ea sebaka seo e neng e phela ho sona qalong. Lebaka le leng la sena ke ho se tsitse ha maemo a lipolotiki tikolohong eo le ho tsoma. Le hoja lintho tse phelang mahoatateng li lekana le tse phelang merung, bafuputsi ba re “bo-rasaense ha ba na thahasello e kaalo linthong tse phelang mahoatateng, hobane ho se na tšehetso ea lichelete e lekaneng.” Kahoo, ho thata hore bahlokomeli ba lintho tsa tlhaho ba hlahlobe tikoloho le lintho tse phelang ho eona tse kotsing ea ho fela.

Lefatše

Ho hakanngoa hore motho a le mong ho ba robeli ba ileng ba shoa ka 2012, o bolailoe ke tšilafalo ea moea. Ho ea ka Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, “tšilafalo ea moea ke e ’ngoe ea lintho tse kotsi ka ho fetisisa tikolohong ’me e kulisa batho.”

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Ke hobane’ng ha batho ba sebetsang ka thata le ba nang le boikemisetso bo botle, ba sitoa ho thibela ho senngoa ha tikoloho ea rōna?—Jeremia 10:23.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela