Matlotlo a Ntseng a Fokotseha a Lefatše
“Ho na le khokahano nthong e ’ngoe le e ’ngoe ea tlhaho, ’me joale re iphumana re ikarabella booatleng boo re kileng ra bo etsa.”—Makasine ea African Wildlife.
HO LATELA Letlōle la Lefatše la Liphoofolo Tse Hlaha, ho tloha ka bo-1980 batho ba ’nile ba sebelisa matlotlo a tlhaho a lefatše ka lebelo le fetang leo le inchafatsang ka lona.a Eo e mpa e le feela pontšo e ’ngoe ea khatello e khōlō ea kamoo tikoloho ea rōna e tšoeroeng hampe kateng.
Pontšo e ’ngoe ke boemo ba tikoloho ea lefatše le lihloliloeng tse ho eona. Poleloana “tikoloho le lihloliloeng tse ho eona” e bua ka tšebelisano e rarahaneng ea lintho tse phelang ka har’a tikoloho e itseng ea tlhaho, ho akarelletsa lintho tse phelang le tse sa pheleng. Ka kakaretso bophelo ba tikoloho ena le lihloliloeng tsa eona—bo bonahatsoang ke bongata ba lintho tse phelang merung, metsing a hloekileng, le mefuta ea lintho tse phelang leoatleng—bo bōptjoa ke seo Letlōle la Lefatše la Liphoofolo Tse Hlaha le se bitsang Lenane la Lintho Tse Phelang Polaneteng. Pakeng tsa 1970 le 2000, lenane lena le ile la nyolohela karolong e ka etsang 37 lekholong.
Na a ka Anela Bohle?
Haeba u phela linaheng tsa bophirimela moo mabenkele a teng a lulang a tletse thepa ’me a sa koale, ho ka ba thata ho lumela hore ho na le libaka tseo ho tsona ho ka bang le khaello ea lintho tsa tlhaho. Leha ho le joalo, ke baahi ba fokolang feela ba lefatše ba phelang ka boiketlo. Ba bangata baa ikhoantlella hore feela ba phele. Ka mohlala, ho hakanngoa hore batho ba fetang limilione tse likete tse peli ba phela ka lidolara tse tharo ka letsatsi kapa ka tlaase le hore ba limilione tse likete tse peli ha ba fumane litšebeletso tsa motlakase tseo ba ka khonang ho li lefella.
Batho ba bang ba beha lichaba tse ruileng molato ka mekhoa ea tsona ea khoebo bakeng sa ho futsaneha ha linaha tse ntseng li hōla moruong. Vital Signs 2003 e re: “Ka litsela tse sa tšoaneng, moruo oa lefatše o khahlanong le lithahasello tsa mafutsana.” Ha batho ba bangata ba ntse ba leka ka matla ho fumana karoloana ea matlotlo a tlhaho, a ntseng a fokotseha le ho feta, ba futsanehileng bona ha ba leke le ho leka. Ka lebaka leo matlotlo a eketsehileng a tlhaho a se a salla ba ka a khonang—e leng barui.
Meru e Ntseng e Fela
Ho hakanngoa hore baahi ba Afrika ba etsang karolo ea 80 lekholong ba pheha ka patsi. Ho phaella moo, makasine ea Afrika Boroa ea Getaway e re: “Baahi ba Afrika ba eketseha ka lebelo le phahameng ka ho fetisisa [’me] lebelo leo batho ba phelang litoropong ba eketsehang ka lona ke le phahameng ka ho fetisisa lefatšeng.” Ka lebaka leo, sebaka se pota-potileng litoropo tse ling tse khōlō tikolohong ea Sahel, sebaka se seholo se letsoatlare se moeling o ka Boroa Lehoatateng la Sahara, se remiloe lifate lik’hilomithara tse fetang lekholo ho pota litoropo tseo. Lifate tseo li ne li sa rengoe ka mabaka a sa utloahaleng. Moprofesa Samuel Nana-Sinkam o re: ‘Palo e khōlō ea baahi ba Afrika e senya tikoloho ea eona ka lebaka feela la hore e phele.’
Boemo bo fapane ka ho feletseng Amerika Boroa. Ka mohlala, Brazil, ho na le lik’hamphani tse molaong tse ka bang 7 600 tsa ho rema lifate merung e nang le pula e ngata. Tse ngata tsa tsona ke tsa lik’hamphani tsa machaba tse ikopantseng. K’hamphaning e remang lifate, sefate sa mahogany se ka ja R200. Leha ho le joalo, nakong eo barekisi, bahoebi le bahlahisi ba etsang phaello, theko ea sona sefate seo e ka ’na ea be e nyolohetse ho R850 000 pele se fihla moo se rekisoang e le fenishara. Hase feela mahogany e ’nileng ea bitsoa khauta e tala.
Ho ’nile ha ngoloa ho hongata ka ho senngoa ha meru ea Brazil e nang le pula e ngata. Litšoantšo tsa sathelaete li bontša hore meru ea Brazil ea lisekoere-k’hilomithara tse 20 000 e ile ea senngoa selemo le selemo pakeng tsa 1995 le 2000. Makasine ea Veja ea Brazil e ea tlaleha: “Ho senngoa hona ho etsoang ka lebelo le tšosang ho bolela hore sebaka sa meru se boholo ba lebala la bolo ea maoto se nyamela metsotsoana e meng le e meng e robeli.” Ho thahasellisang ke hore mahogany ea Brazil e etsang karolo ea 70 lekholong e tlalehoa e ile ea rekoa ke United States e le ’ngoe ka selemo sa 2000.
Ho senngoa ha meru hoa tšoana likarolong tse ling tsa lefatše. Ka mohlala, halofo ea meru ea Mexico le likhoa tsa eona li nyametse lilemong tse 50 tse fetileng. Ho lahleha ha meru ea Philippines e bile ho hoholo le ho feta. Naha eo e lahleheloa ke lihekthere tse 100 000 tsa meru selemo le selemo, ’me ka 1999 ho ile ha hakanngoa hore ka lebelo leo, hoo e ka bang karolo ea bobeli ho tse tharo ea meru ea naha eo e tla be e felile le pele ho fela lilemo tse leshome.
Ho ka nka lilemo tse 60 ho ea ho tse 100 hore sefate sa lehong le thata se hōle ka ho lekaneng, empa ho nka metsotso feela ho se rema. Na ho lokela ho re makatsa hore ebe meru ea rōna e sitoa ho mela ka potlako joaloka lebelo leo e rengoang ka lona?
Masimo a Nyamelang
Ha mobu o se na limela, mobu o ka holimo o phakisa o oma ’me o fefoloa ke moea kapa o hoholoe ke metsi. Ketsahalo ena e bitsoa khoholeho ea mobu.
Khoholeho ea mobu e ba teng ka tlhaho ’me ka kakaretso hase bothata bo tebileng—ntle leha batho ba mpefatsa boemo boo ka ho se hlokomele mobu hantle. Ka mohlala, makasine ea China Today e re lifefo tsa lehoatateng hammoho le mabaka a mang a kang ho rengoa ha meru le ho fulisa ho tlōla, ‘li ekelitse libaka tsa lehoatata le ho feta.’ Maemo a sa tloaelehang a komello lilemong tsa morao tjena a siile liprofinse tse ka bophirimela le boroa-bophirimela ho Chaena li angoe ke meea e batang ea Siberia e puputlang ho pholletsa le naha eo. Lithane tse limilione-milione tsa lehlabathe le lesehla le lerole li ’nile tsa fefoloa, le leng la ba la fihla le Korea le Japane. Hona joale hoo e ka bang karolo ea 25 lekholong ea naha ea Chaena ke lehoatata.
Ho senyeha ha mobu oa Afrika ho bakiloe ke lintho tse tšoanang. Africa Geographic e re: “Ho rengoa ha meru hore ho tle ho lengoe lijo-thollo, ho entse hore lihoai li fokolise mobu o seng o ntse o fokola ka tsela eo li ke keng tsa hlola li o lokisa.” Ho hakanngoa hore ka mor’a hore serapa se khothoe, nakong ea lilemo tse tharo se lahleheloa ke ho nona ha sona ka karolo ea 50 lekholong. Kahoo, makasine eo e ea phaella: “Lihekthere tse limilione li ke ke tsa hlola li e-ba le mobu o nonneng hape ’me tse limilione le tsona li ea hona moo kaha chai ea temo libakeng tse ling e ntse e fokotseha selemo le selemo.”
Ho boleloa hore Brazil e lahleheloa ke lithane tse limilione tse 500 tsa mobu selemo le selemo ka lebaka la khoholeho ea mobu. Mexico, Lefapha la Tikoloho le Matlotlo a Tlhaho le bolela hore karolo ea 53 lekholong ea hlathe, karolo ea 59 ea sekhoa le karolo ea 72 ea meru li angoa ke khoholeho ea mobu. Ha ho se ho hlahlobiloe boitsebiso bohle, tlaleho ea Lenaneo la Tsoelo-pele la Machaba a Kopaneng e re, “khoholeho ea mobu e ama mohlomong karolo ea bobeli ho tse tharo ea masimo lefatšeng. Ka lebaka leo, lihlahisoa tsa temo li fokotseha ka potlako, ha palo ea batho ba feptjoang eona e ntse e eketseha.”
Metsi—Ke Mahala le Hoja e le a Bohlokoahali
Motho a ka phela khoeli a sa je, empa ha a sa noe metsi a ka shoa ka nako e ka etsang beke. Kahoo, litsebi li bolela hore ho fokotseha ha phepelo ea metsi a hloekileng e tla ba sesosa sa likhohlano tse ntseng li eketseha lilemong tse tlang. Ho latela tlaleho ea makasine ea Time ea 2002, lefatšeng ka bophara batho ba fetang limilione tse sekete ha ba na metsi a hloekileng a nooang.
Khaello ea metsi e bakoa ke mabaka a sa tšoaneng. Fora, tšilafalo e phetha karolo e itseng ’me ke ntho e ntseng e eketseha eo batho ba amehileng ka eona. Le Figaro e re: “Linōka tsa Fora li litšila haholo.” Litsebi tsa saense li fumane hore sesosa sa bothata bona ke metsi a nang le nitrate ka bongata linōkeng, eo e fumanehang haholo menontšeng e sebelisoang ke lihoai. Koranta eo e re: “Linōka tsa Fora li ile tsa ntšetsa lithane tse 375 000 tsa nitrate Atlantic ka 1999, e leng e ngata ka makhetlo a batlileng a imena habeli ho feta ka 1985.”
Boemo boa tšoana le Japane. Yutaka Une, hlooho ea mokhatlo oa ho sireletseha ha lihoai tse sa etseng phaello o re, e le hore li ka lula li fepela naha eo ka lijo, “lihoai ha li na boikhethelo haese ho itšetleha ka menontša ea lik’hemik’hale le chefo e bolaeang likokoanyana hore li finyelle seo sechaba se se batlang.” Sena se entse hore metsi a ka tlas’a lefatše a silafale—e leng seo IHT Asahi Shimbun ea Tokyo e se bitsang “bothata bo boholo ho pholletsa le Japane.”
Mexico, koranta ea Reforma e tlaleha hore karolo ea 35 lekholong ea maloetse “e bakiloe ke tikoloho.” Ho feta moo, phuputso e entsoeng ke mongoli oa lefapha la bophelo e senotse hore “moahi a le mong ho ba bang le ba bang ba bane ha a na tsamaiso ea likhoerekhoere; ba fetang limilione tse robeli ba kha metsi lilibeng, linōkeng, matšeng kapa melatsoaneng; ’me ba fetang milione ba fumana metsi literakeng tsa litanka tsa metsi.” Hase feela karolo ea 90 lekholong ea batho ba nang le letšollo Mexico ho nahanoang hore e bakiloe ke metsi a litšila!
Makasine ea Brazil Veja e re, “Mabōpong a Rio, ha ho fumanoe feela letsatsi le chesang hamonate, lehlabathe le lesoeu le leoatle le leputsoa. Ho boetse ho na le baktheria e ngata ea ka maleng e fumanoang mantleng, le oli e qhalanetseng metsing e bang teng ka linako tse ling.” Seo se etsahala hobane karolo e fetang 50 lekholong ea likhoerekhoere tsa Brazil li tšolohela ka ho toba linōkeng, matšeng le maoatleng li sa hloekisoa. Hoo ho baka hore ho be le khaello e khōlō ea metsi a hloekileng. Linōka tse potileng motse o moholo oa Brazil, São Paulo, li silafalitsoe hoo metsi a nooang hona joale a latoang bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 100.
Ka lehlakoreng le leng la lefatše, boholo ba khaello ea metsi a Australia bo bakoa ke ho bitsoang ka hore ke tšebetso ea letsoai le silafatsang metsi. Ka mashome a lilemo beng ba masimo ba ile ba khothalletsoa ho khotha thite e le hore ba ka lema lijalo. Ka lebaka la ho haella ha lifate le lihlahla tse ka monyang metsi a ka tlas’a lefatše, mothamo oa metsi ao oa nyoloha ’me o tla o loile ka letsoai le fumanehang mpeng ea lefatše. Commonwealth Scientific and Industrial Research Organisation (CSIRO) ea Australia, e re: “Lihekthere tse ka bang limilione tse 2,5 tsa masimo li se li anngoe ke letsoai. Boholo ba tsona ke masimo a temo a behang haholo a Australia.”
Ba bang ba lumela hore hoja baetsi ba melao ea Australia ba sa ka ba thahasella phaello ho feta batho, bothata ba letsoai bo ka be bo ile ba qojoa. Hugo Bekle oa Univesithi ea Edith Cowan e Perth, Australia, o re: “Mebuso e ile ea bolelloa ho tloha khale koana ka 1917 hore mobu oa sebaka se loketseng koro haholo o batla o le boemong ba ho silafatsoa ke letsoai ka ho khetheha. Phello eo ho rema lifate ho bang le eona melatsoaneng e nang le letsoai e ile ea phatlalatsoa ka bo-1920 ’me phello ea hona ka mothamo oa metsi o ntseng o nyoloha e ile ea amoheloa e le ’nete ke Lefapha la Temo ka bo-1930. Tlaleho e batsi e ile ea etsoa ke ’Muso [oa Australia] ka CSIRO ka 1950, . . . leha ho le joalo, mebuso e ’nile ea hlokomoloha litemoso tsena, e qhelela ka thōko litsebi tsa saense ka hore li leeme.”
Ho Phela ha Batho ho Kotsing
Ha ho pelaelo hore liketso tse ngata tsa batho li entsoe ka morero o motle. Empa joalokaha hangata e le ’nete, ha re tsebe ka ho lekaneng ka tikoloho hore re ka bolela esale pele liphello tsa liketso tsa rōna ka nepo. Liphello e ’nile ea e-ba tse senyang. Tim Flannery, motsamaisi oa Musiamo oa Australia Boroa, o re: “Rōna batho re ferekantse botsitso ba bophelo hoo re sokelang le lona lefatše le re phelisang ’me ka lebaka leo, le bophelo ba rōna bo kotsing.”
Tharollo ke efe? Na batho ba tla ke ba ithute ho tšoara tikoloho eo ba phelang ho eona hantle? Ka sebele, na Lefatše le tla pholosoa?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, ho hakanngoa hore ka 1999 ho sebelisoa hona ha matlotlo a tlhaho a lefatše ka lebelo le fetang leo le inchafatsang ka lona ho ile ha fihla karolong ea 20 lekholong. Hona ho bolela hore matlotlo a tlhaho ao batho ba ileng ba a sebelisa nakong ea likhoeli tseo tse 12 a ile a hloka likhoeli tse 14 hore a nkeloe sebaka ke a macha.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Lerotholi le Leng le le Leng ke la Bohlokoa
Mehato e seng mekae feela e bonolo e ka boloka lilithara tse ngata tsa metsi.
● Lokisa lipompo tse lutlang.
● U se ke ua kena shaoareng nako e telele.
● Koala pompo ea metsi ha u ntse u beola kapa u itsukunya.
● Sebelisa lithaole habeli kapa hararo pele u li hlatsoa.
● Emela hore ho be le liaparo tse ngata tse hlokang ho hlatsuoa pele u sebelisa mochine o hlatsoang. (Ho ka sebelisoa keletso e tšoanang le tabeng ea mochine o hlatsoang lijana.)
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
A Baballe, Esere Ua a Hloka
● The Canberra Times e ea tlaleha: Le hoja Australia e le k’honthinente e ommeng ka ho fetisisa lefatšeng, karolo e fetang 90 lekholong ea metsi a eona a nosetsang a “sebelisoa ka mokhoa o bonolo oa ho nosetsa limela ka liforo.” Ena ke ‘theknoloji e tšoanang le e neng e sebelisoa ke bo-Faro ha ba ne ba ntse ba haha liphiramide.’
● Lefatšeng ka bophara, ka karolelano metsi a sebelisoang ke motho a le mong (ho akarelletsa le metsi a sebelisoang temong le indastering) ke lilithara tse ka bang 550 000 ka selemo. Leha ho le joalo, Moamerika oa ka Leboea ea tloaelehileng, o sebelisa lilithara tse ka bang 1 600 000 ka selemo. Rephablike e ’ngoe e kileng ea e-ba ea Russia e sebelisa a mangata ka ho fetisisa, lilithara tse fetang limilione tse 5,3 bakeng sa motho a le mong ka selemo.
● Ho ea ka Africa Geographic, “ka karolelano, Moafrika Boroa e mong le e mong o hloka lihekthere tse 4,0 ka selemo ha naha eona e khona ho fana ka lihekthere tse 2,4 feela bakeng sa motho a le mong ka selemo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ponahalo ea sebaka sa Sahel se renngoeng lifate Burkina Faso. Sebaka sena se ne se e-na le lifate tse teteaneng lilemong tse 15 tse fetileng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Jeremy Hartley/Panos Pictures
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Mokhoa oa temo oa ho chesa le ho rema lifate o senya meru ea libaka tse nang le pula e ngata Cameroon
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Fred Hoogervorst/Panos Pictures
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Tšilafatso e bakoang ke likoloi e ntse e le ntho eo ho amehiloeng ka eona United States
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Lisekoere-k’hilomithara tse ka bang 20 000 tsa meru ea Brazil li ile tsa senngoa selemo le selemo pakeng tsa 1995 le 2000
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Ricardo Funari/SocialPhotos.com
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Metsi a ka tlas’a lefatše a fepelang seliba sa motse ona India, a silafalitsoe ke mapolasi a moo a li-“prawn”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Giacomo Pirozzi/Panos Pictures
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Batho ba fetang limilione tse likete tse peli ba phela ka lidolara tse tharo ka letsatsi kapa ka tlaase ho moo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Caroline Penn/Panos Pictures