Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/15 leq. 16
  • Likere Tsa Kokoanyana ea Issus Leafhopper

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likere Tsa Kokoanyana ea Issus Leafhopper
  • Tsoha!—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2015
  • Sephiri se Seholo sa Saense Sea Rarolloa
    Tsoha!—2009
  • Fetisa Molaetsa ka Tsela e Atlehileng!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Leoto la Pere
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 8/15 leq. 16
Kokoanyana ea Issus leafhopper

NA LI ENTSOE?

Likere Tsa Kokoanyana ea Issus Leafhopper

Setšoantšo se hōlisitsoeng sa maoto a ka morao a Issus leafhopper

KA NAKO e telele batho ba ne ba nahana hore motho ke eena ea qapileng likere. Empa ho fumanoe bopaki ba hore maikutlo ao a fosahetse! Litsebi li sibolotse hore lintho tse phelang le tsona li na le likere tse momahanang, joaloka tsa kokoanyana e nyenyane e bitsoang Issus leafhopper, e fumanehang hohle lirapeng tsa Europe.a

Kokoanyana ena e nyenyane e iphepang ka lero la makhasi, e ka qhoma ka ho panya ha leihlo! E le hore e qhome, ho hlokahala hore maoto a eona a mabeli a ka morao a tlohe ka sekhahla se tšoanang a bile a tlohela hong. E etsa seo joang?

Ak’u nahane: Bo-rasaense ba sibolotse hore maoto a mabeli a ka morao a leafhopper a na le likere. Ha kokoanyana ena e qhoma, likere tse maotong a eona li tiisa hore maoto ao a qhoma ka tsela e tšoanang. Ho seng joalo e ne e tla qhoma ka tsela e sa laoleheng!

Libōpuoa tse khōlō tsona li itšetleha ka tsamaiso ea methapo ea kutlo e le hore maoto a tsona a qhome ka tsela e tšoanang. Leha ho le joalo, haeba leafhopper e nyenyane e ne e itšetlehile ka methapo ea boko ba eona, e ne e tla qhoma butle haholo. Ke kahoo e nang le likere tse peli. Gregory Sutton, eo e leng mongoli le mofuputsi o re: “Hangata re nahana hore likere li fumaneha feela mechineng e entsoeng ke batho.” O phaella ka ho re: “Lebaka ke hore ha rea ka ra ipha nako ea ho sheba [libakeng tse ling] ka hloko.”

U nahana’ng ka see? Na likere tsa Issus leafhopper li bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na li entsoe?

a Likere tsa kokoanyana ena lia fela ha e se e hōlile.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela