Sephiri se Seholo sa Saense Sea Rarolloa
HA batho ba qoelang ba ne ba hlahloba sekepe se soahlamaneng lebōpong la sehlekehleke sa Greece sa Antikýthēra ka 1901, ba ile ba fumana letlotlo. Sekepe seo e ne e le sa khoebo sa Roma ea boholo-holo, se neng se nkile lintho tse akhang ’mabole, litšoantšo tsa boronse le lichelete tsa silevera, tse neng li tsoa Pergame. Lichelete tseo li ile tsa nolofalletsa bafuputsi ho hakanyetsa hore sekepe sena, seo mohlomong se neng se ea Roma, se ile sa teba pakeng tsa selemo sa 85 le sa 60 B.C.E.
Haesale li fumanoa, lintho tsena tse entsoeng ka matsoho li bolokiloe Musiamong oa Sechaba oa Lintho Tse Epolotsoeng oa Athene, Greece. Leha ho le joalo, ntho e ileng ea etsa hore bafuputsi ba tle musiamong ona ka 2005 e ne e se litšoantšo kapa lichelete tseo. Ntho eo ba neng ba hlile ba e thahasella e ne e le mochine oa boronse oo qalong o neng o tšetsoe ka lebokoseng la lehong, le batlang le lekana le lebokose la lieta. Sesebelisoa sena se tsejoang e le Mochine oa Antikythera, se bontša hore batho ba pele ba ne ba khona ho qapa lintho tsa saense ho feta kamoo qalong batho ba neng ba nahana kateng. Ho ’nile ha thoe sesebelisoa sena ke “mochine o rarahaneng ka ho fetisisa o tsejoang oa mehleng ea khale.”
Hantle-ntle mochine oo ke’ng? Hona ke hobane’ng ha e le oa bohlokoa hakaale?
Mochine oa Mohlolo
Ha lebokose leo le ne le ntšoa ka leoatleng, le ne le le mafome le bile le le thata. Ka mor’a lilemo tse ka bang 2 000, le ne le tšoana le lejoe le letala. Kaha batho ba ne ba khahliloe ke ho fumana litšoantšo, ha baa ka ba tsotella mochine ona o hlollang hakaalo.
Ha moepolli e mong oa lintho tsa khale oa Mogerike a ne a hlahloba mochine ona ka 1902, o ne o le litsekana. O ne o e-na le mabili a o tsamaisang a boholo bo sa tšoaneng, a nang le meno a ponngoeng hantle, a likhutlo li tharo. Mochine ona o ne o shebahala joaloka oache, empa ho ne ho bonahala eka e ke ke ea e-ba oache kaha ho lumeloa hore lioache li ile tsa qala ho sebelisoa haholo lilemong tse ka bang 700 tse fetileng.
Sehlooho se seng se buang ka Mochine oa Antikythera se hlalosa hore “ka kakaretso bo-rahistori ha ba lumele hore [Bagerike ba lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng] ba ne ba e-na le tsebo ea saense ea ho etsa likere tse tsamaisang lintho ka ho nepahala—tse entsoeng ka tšepe ’me tsa hlophisoa hore ho etsoe ‘mabili a tsamaisanang ka likere’ tse khonang ho tlosa ntho karolong e ’ngoe ho e isa ho e ’ngoe.” Leha ho le joalo, ho ne ho nahanoa hore mochine oo ke astrolabe ea mofuta o itseng, e leng thulusi eo pele e neng e sebelisetsoa ho lekanyetsa bolelele ba lintho ho itšetlehiloe ka lihloliloeng tsa leholimo.
Empa ba bangata ba ne ba pheha khang, ba re likere tseo li entsoe ka tsela e rarahaneng haholo hore ebe li entsoe lilemong tse 2 000 tse fetileng. Kahoo ba ile ba fihlela qeto ea hore e tlameha ebe hase karolo ea sekepe seo sa boholo-holo se soahlamaneng. Ka lehlakoreng le leng, setsebi se seng se ile sa bolela hore e ka ’na eaba mochine oo ke o qapiloeng ke Archimedes ea ileng a bua ka Bolo e Chitja. Lekholong la pele la lilemo B.C.E, Cicero o ile a hlalosa hore mochine ona ke tšoantšetso ea lipolanete ka tsela e itseng—ke mohlala o khonang ho bontša ka tsela e fokolang ho tsamaea ha letsatsi, khoeli le lipolanete tse hlano tseo batho ba li bonang. Leha ho le joalo, kaha ho ne ho se na bopaki leha e bofe bo hlakileng bo bontšang litaba ka tsela e fapaneng, khopolo ea astrolabe e ile ea ata.
O Hlahlojoa ka Hloko Haholoanyane
Ka 1958, Derek de Solla Price eo e neng e le setsebi sa fisiks empa hamorao a fetoha moprofesa oa histori, o ile a hlahloba mochine oo. O ne a lumela hore mochine oo o ka khona ho bala liketsahalo tsa nako e fetileng kapa oa lepa liketsahalo tsa ka moso tse amanang le linaleli, tse kang hore na khoeli e tla toloka neng. O ile a hlokomela hore matšoao a ho oona a bontša likarolo tsa almanaka—e leng matsatsi, likhoeli le matšoao a bonohe ba linaleli. O ile a nahana hore e tlameha ebe qalong o ne o e-na le manakana a potolohang, a bontšang hore na lihloliloeng tsa leholimo li hokae ka linako tse sa tšoaneng.
Price o ile a fihlela qeto ea hore lebili le leholo le amana le ho tsamaea ha letsatsi le hore ha le potoloha hanngoe seo se emela selemo se le seng. Haeba kere e ’ngoe, e hokahaneng le ea pele, e ne e emela ho tsamaea ha khoeli, joale karolelano ea palo ea meno a mabiling ao a mabeli e lokela ho bontša likhopolo tseo Bagerike ba boholo-holo ba neng ba e-na le tsona mabapi le tselana eo khoeli e potolohang ho eona.
Ka 1971, Price o ile a hlahloba mochine oo a sebelisa X-ray. Liphello tsa tlhahlobo eo li ile tsa tiisa likhopolo tsa hae. Mochine oo e ne e le sesebelisoa se rarahaneng sa ho lepa linaleli. Price o ile a toroea tsela eo a nahanang hore mochine oo o sebetsa ka eona ’me ka 1974, a phatlalatsa lintho tseo a li fumaneng. O ile a ngola, a re: “Ha ho sebaka se seng seo ho sona ho bolokiloeng sesebelisoa se tšoanang le sena. . . . Linthong tsohle tseo re li tsebang tsa saense le theknoloji tsa Mehleng ea Bagerike, re ne re ke ke ra nahana hore mochine oa mofuta ona o ka ba teng.” Nakong eo, batho ha baa ka ba nkela lipatlisiso tsa Price holimo. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba tsoela pele ka lipatlisiso tseo.
Leseli le Lecha
Ka 2005, sehlopha sa bafuputsi se boletsoeng qalong se ile sa hlahloba mochine oo se sebelisa mochine o tsoetseng pele oa CAT-scan bakeng sa ho hlahisa litšoantšo tsa X-ray tse hlakileng haholo, tse bontšang mahlakore a mararo. Liphuputso tsena li fane ka leseli le lecha mabapi le hore na mochine ona o ne o sebetsa joang. Ha motho ea o sebelisang a sotha konopo, bonyane mabili a 30 a hokahaneng a ne a tsamaisa manakana a mararo a nako, a ka pele le ka morao ho lebokose leo. Sena se ne se etsa hore motho ea o sebelisang a lepe nako eo lihloliloeng tsa leholimo li e nkang li potoloha, ho akarelletsang hore na letsatsi le fifala neng, ha ho bapisoa le lipapali tsa Liolimpiki le lipapali tse ling tsa Bagerike tse neng li tšoaroa ka mor’a lilemo tse ’nè. Ka tloaelo lipapali tsena li ne li sebelisetsoa ho bala tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako.
Ke hobane’ng ha boitsebiso boo e ne e le ba bohlokoa hakaale? Ho na le mabaka a ’maloa. Bolepi ba linaleli e ne e le ba bohlokoa ho lichaba tsa boholo-holo kaha lialmanaka li ne li latela letsatsi le khoeli, e leng se neng se bontša lihoai ha e le nako ea ho jala. Bo-ralikepe ba ne ba tataisoa ke linaleli. Mekhatlo ea sechaba ea Bagerike e ne e amana ka tsela e itseng le bolepi ba linaleli. Ho boetse ho na le lebaka le leng leo boitsebiso boo e neng e le ba bohlokoa ka lona.
Martin Allen, ea sebetsang Morerong oa Liphuputso ka Mochine oa Antikythera, oa ngola: “Ho Bababylona ba boholo-holo, ho lepa nako eo letsatsi le fifalang ka eona e ne e le habohlokoa haholo, kaha ba ne ba nahana hore nako eo e ba tlisetsa bomalimabe. Ha e le hantle, batho ba ne ba ka nahana hore mochine oo ke sesebelisoa sa bopolotiki, se lumellang ba pusong hore ba buse bafo ba bona. Ba bang ba ’nile ba nahana hore lebaka le leng leo ka lona re sa tsebeng hakaalo ka mechine ena, ke hobane e ne e entsoe pinyane ke masole kapa bo-ralipolotiki.”
Ho sa tsotellehe hore na re ithuta eng hape mochineng oo, re bona bopaki ba hore bolepi ba linaleli le tsebo ea lipalo ea Bagerike ba boholo-holo, tseo boholo ba tsona li neng li thehiloe neanong ea khale ea Bababylona, li ne li tsoetse pele ho feta kamoo re ka nahanang kateng. Makasine ea Nature e re: “Mochine oa boholo-holo oa Antikythera ha o etse feela hore re nahane ka ho teba ka tsela eo theknoloji e ’nileng ea tsoela pele ka eona ho theosa le mehla—empa o re fa leseli le lecha mabapi le histori ka boeona.”
[Lebokose le leqepheng la 26]
O ENTSOE KE MANG?
E tlameha ebe Mochine oa Antikythera e ne e se oona feela oa mofuta oo. Martin Allen oa ngola, o re: “Ha ho na bopaki ba hore ho bile le liphoso leha e le life. Likarolo tsohle tsa mochine oo li na le morero. Ha ho na masoba a itjang feela kapa likotoana tsa litšepe, e leng ho neng ho tla fana ka maikutlo a hore moetsi oa oona o ile a ’na a o fetola ha a ntse o etsa. Sena se lebisa qetong ea ho lumela hore e tlameha ebe o ne a entse mechine e mengata pele a etsa ona.” Joale, o entsoe ke mang? Hona ho etsahetse’ng ka mechine e meng eo a e entseng?
Phuputso e entsoeng haufinyane tjena mochineng oo e bontšitse mabitso a likhoeli manakaneng a bontšang nako, a neng a lepa nako ea ha letsatsi le fifala. Mabitso ao ke a Korinthe. Sena se etsa hore babatlisisi ba fihlele qeto ea hore mochine ona o ile oa etsoa oa ba oa sebelisoa ke batho ba setso se itseng. Makasine ea saense e bitsoang Nature, e re: “Ho ka etsahala hore ebe batho ba likolone tsa Korinthe tse ka leboea-bophirimela ho Greece kapa Syracuse e Sicily ke bona ba neng ba o sebelisa—’me haeba o ne o sebelisoa ke batho ba Syracuse, e ka ’na eaba o ne o sebelisoa mehleng ea Archimedes.”
Ke hobane’ng ha ho se na mechine e tšoanang le oona e ntseng e le teng? Allen o re: “Boronse ke sehlahisoa sa bohlokoa le seo ho leng bonolo ho se sebelisa hape. Ka lebaka leo, ha hoa tloaeleha ho fumana lintho tsa boholo-holo tse entsoeng ka boronse. Ha e le hantle lintho tse ngata tsa bohlokoa historing tse entsoeng ka boronse, li fumanoe ka metsing, moo li neng li ke ke tsa fumanoa ke batho ba neng ba ka ’na ba bo sebelisa hape.” Mofuputsi e mong o re: “Re na le [mohlala] ona o le mong feela hobane batho ba sebetsang ka litšepe tsa khale ba ne ba ke ke ba o fumana.”
[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Karolo e ka hare e entsoeng bocha ea Mochine oa Antikythera
1. Manakana a nako a ka pele a ne a bontša libōpeho tsa khoeli le moo letsatsi le khoeli li leng hona teng. A ne a boetse a bontša letsatsi le khoeli ho latela almanaka e balang nako e itšetlehile ka letsatsi le motsamao oa lona (le lipolanete tse bonahalang), kamanong le lihlopha tsa linaleli
2. Manakana a nako a holimo karolong e ka morao a ne a bontša kamano e teng pakeng tsa likhoeli, lilemo le linako tsa Lipapali Tsa Bagerike
3. Manakana a nako a ka tlaase karolong e ka morao a ne a bontša nako eo letsatsi le khoeli li tlang ho fifala ka eona
[Litšoantšo]
Kamoo o shebahalang kateng ka pele
Kamoo o shebahalang kateng ka morao
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Both photos: ©2008 Tony Freeth/Antikythera Mechanism Research Project (www.antikythera-mechanism.gr)
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
E ka ’na eaba karolo e ka ntle, ka morao e ne e shebahala tjena
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
©2008 Tony Freeth/Antikythera Mechanism Research Project (www.antikythera-mechanism.gr)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
All photos: ©2005 National Archaeological Museum/Antikythera Mechanism Research Project (www.antikythera-mechanism.gr)