Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/07 leq. 21
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bala Likokoanyana Amazon
  • Leqeme la Motlakase
  • Ho Utloisoa Bohloko Inthaneteng
  • Mochine oa Boholo-holo oa Bolepi ba Linaleli
  • Sephiri se Seholo sa Saense Sea Rarolloa
    Tsoha!—2009
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba Lokelang ho se Tseba
    Tsoha!—2008
  • Ho Thoe’ng ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Websaete ea Rōna e Molaong—E Sebelisetse Thuto ea Botho le ea Lelapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 9/07 leq. 21

Tsa Mona le Mane

◼ Selemo sa 2006 “e ka ’na eaba ke sona selemo sa botšelela se chesang ka ho fetisisa ho tse tlalehiloeng.” Lilemo tse leshome tse ileng tsa chesa ka ho fetisisa li tlalehiloe lilemong tse 12 tse sa tsoa feta.—WORLD METEOROLOGICAL ORGANIZATION.

◼ Lefapha la Tšireletseho ea Sechaba Beijing le phatlalalitse molao oa hore lelapa ka leng le lokela ho ba le “ntja e le ’ngoe” e le ho laola ho ata ha lefu la bohlanya-ntja. Batho ba ka bang 2 660 ba ile ba bolaoa ke lefu leo Chaena ka 2004.—XINHUA ONLINE, CHAENA.

◼ Baeti ba fihlelang hoteleng ba tšoarang liloto tsa menyako, mabone, lithelefono le li-remote tsa TV ba ipepesetsa “monyetla o moholo oa ho tšoaetsoa ke kokoana-hloko e bakang sefuba.”—MACLEAN’S, CANADA.

Ho Bala Likokoanyana Amazon

Hajoale litsebi tsa likokoanyana li se li fumane mefuta e ka bang 60 000 ea likokoanyana morung oa Amazon oo pula e nang haholo ho oona. Ho latela Folha Online, palo ea mefuta eo e leng hona e tla sibolloa e hakanyetsoa ho 180 000. Hona joale ho na le litsebi tse 20 tsa likokoanyana tse sebetsang sebakeng seo. Lipalo-palo tsa morao tjena li bontša hore litsebi tsena li fumana le ho hlalosa mefuta e ka bang 2,7 ka karolelano, selemo se seng le se seng. Ho latela lipalo tsena, ho tla hlokahala meloko e ka bang 90 ea litsebi tsa likokoanyana, tseo moloko ka mong o tlang ho sebetsa lilemo tse 35, kapa ka kakaretso ho hlokahala lilemo tse ka bang 3 300 hore ho qetoe mosebetsi ona oa ho fumana mefuta eohle ea likokoanyana!

Leqeme la Motlakase

Makasine e bitsoang Our Planet, e hatisoang ke Lenaneo la Machaba a Kopaneng la Tikoloho, e re: “Batho ba hakanyetsoang ho ba limilione tse likete li 1,6—e leng hoo e ka bang kotara ea baahi bohle ba lefatše—ha ba na motlakase, ’me ba etsang limilione tse likete li 2,4 ba sebelisa mashala, khapane, kapa patsi bakeng sa ho pheha le ho iphuthumatsa. Mosi oa libeso tsena tsa khale o bolaea basali le bana ba ka etsang limilione tse peli le halofo ka selemo.”

Ho Utloisoa Bohloko Inthaneteng

Mecha ea boitsebiso e bulehetseng bohle Inthaneteng e etsa hore batho ba buisane le batho ba bangata bao ba sa ba tsebeng, ’me ho utloahala eka sena se etsa hore ba ikutloe ba ratoa haholo. Folha Online e re mecha e joalo e boetse e “tletse ka batho ba buang leshano,” ba nang le khethollo ea morabe, bo-ntšunya-khare le ba tletseng lehloeo. Ba bang mecheng e joalo ba fana ka boitsebiso ba leshano ka bona. Ba bang ba hobosa ba nonneng haholo, ba bakhutšoanyane, ba nang le moriri o harelaneng haholo le lintho tse joalo, ba ba utloisa bohloko haholo maikutlong. Ho latela setsebi sa kelello sa Brazil se bitsoang Ivelise Fortim, sena se bakoa ke hore “se etsahalang [mecheng ea boitsebiso ea Inthanete] ke sa bohlokoa haholo ho batho ba hlokofatsoang ho feta se etsahalang bophelong ba sebele.”

Mochine oa Boholo-holo oa Bolepi ba Linaleli

Ka 1901, batho ba qoelang maoatleng ho batla liphoofotsoana tsa leoatleng tse bitsoang liponche ba ile ba inola ntho e entsoeng ka matsoho e neng e se e jeloe ke mafome, e neng e tsoa sekepeng sa Roma sa boholo-holo se ileng sa robehela sehlekehlekeng sa Greece se bitsoang Antikýthēra. Ntho eo e ile ea tsejoa e le mochine oa ho lepa linaleli o rarahaneng ka tsela e hlollang, oa lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Bo-rasaense ba sa tsoa ithuta “Mochine ona oa Antikythera” ba sebelisa theknoloji e phahameng ea mahlaseli a X-ray, ba fumane hore mochine oo o ne o entsoe ka bonyane mabili a manyenyane a 30 a boronse a pota-potang, ao qalong a neng a kentsoe ka har’a lebokose la lehong. Mochine oo o ne o ka bontša ka nepo moo letsatsi le khoeli li leng hona teng le ho bona esale pele hore na lefatše le tla sira khoeli neng le hore na khoeli e tla sira letsatsi neng. Ho latela makasine ea Nature, mochine oo o “rarahane haholo ho feta mochine leha e le ofe ho e tsejoang e ileng ea etsoa lilemong tse sekete ka mor’a oo.”

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 21]

AP Photo/Thanassis Stavrakis

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela