Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/15 maq. 12-13
  • Ha u Khutlela Lapeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha u Khutlela Lapeng
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTHATA
  • Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?
    Tsoha!—2010
  • Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Nka Sebelisa Chelete ea ka Hantle Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka Etsa’ng ho Sebelisa Chelete Hantle?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 10/15 maq. 12-13
Batsoali ba bula monyako ha mor’a bona a khutlela lapeng

SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

Ha U Tlameha ho Khutlela Lapeng

BOTHATA

Bacha ba bang ba ile ba tloha malapeng a habo bona ho ea phela ba le bang empa ha ba e-ba le mathata a lichelete, ba khutlela hae. Na seo se kile sa u etsahalla?

Ho ka ba thata ho khutlela lapeng le haeba o rata batsoali ba hao. Ka mohlala, moroetsana e mong ea bitsoang Saraha o re: “Ho lula ke le mong ho nthusitse hore ke itšepe hobane ke ne ke sa itšetleha ka batho ba bang. Empa ho khutlela lapeng ho e ntse hore ke ikutloe joaloka ngoana.” Mohlankana e mong ea bitsoang Richard o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Ke ne ke sa batle ho khutlela lapeng empa ke ne ke sa tsebe hore na nka iphelisa joang. Ke ne ke ikutloa eka ke hlōlehile bophelong.”

Haeba u na le bothata bo tšoanang, sehlooho sena se tla u thusa.

KE HOBANE’NG HA SEE SE ETSAHALA?

Bothata ba lichelete. Bacha ba bangata baa makala ha ba hlokomela hore na ho hlokahala chelete e ngata hakae e le hore ba iphelise. Richard eo ho builoeng ka eena qalong o re: “Ke ile ka tlameha ho sebelisa chelete eohle eo ke ipoloketseng eona.” Ho etsahetse se tšoanang le ka moroetsana ea bitsoang Shaina ea ileng a tloha lapeng ha a le lilemo li 24 ’me a khutla ka mor’a selemo le halofo. O re: “Ekare nka be ke ile ka sebelisa chelete ka bohlale. Ke ile ka tloha lapeng ke se na chelete empa ka khutla ke kene likolotong.”b

Mathata a ho fumana mosebetsi. Shaina o ile a hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na u etsa matsapa afe ho boloka chelete e le hore u iphelise, ho felloa ke mosebetsi ho ka senya merero eo. O re: “Ke ne ke e-na le lengolo la bongaka ke boetse ke kenetse mokhatlo o thusang batho ho fumana mosebetsi. Empa ha ke felloa ke mosebetsi ke ile ka tsieleha. Ke ne ke phela mahaeng sebakeng seo ho neng ho se na mosebetsi o mong oa bongaka!”

Ho lebella mehlolo. Bacha ba bang ba qalang ho sebetsa ba nahana hore ho bonolo, athe ha ho joalo. Ba hlokomela hore mosebetsi oa bona o boima ho feta kamoo ba neng ba nahana kateng. Ho ekeletsa moo, baa nyahama ha ba hlokomela hore ha e le hantle ha ba na bolokolohi bo bokaalo. Ba ne ba sa lebella hore ho hōla ho tsamaea le boikarabelo bo boima.

SEO U KA SE ETSANG

Kōpa batsoali ba hao hore u khutlele lapeng. Buisana le bona ka lintho tse kang: U tla lula nako e kae le bona? Nakong eo u leng lapeng, u tla ntša bokae? U tla ba thusa ka mesebetsi efe? U tla etsa’ng e le hore u boele u ikemele? Kaha u se u khutletse lapeng, u tla lokela ho mamela melao eo batsoali ba u behelang eona ho sa tsotellehe hore na u lilemo li kae. —Molao-motheo oa Bibele: Exoda 20:12.

Ithute ho sebelisa chelete. Buka ea The Complete Guide to Personal Finance: For Teenagers and College Students e re: “Tsela eo u sebelisang chelete ea hao ka eona e ka u thusa hore u hlokomele hore na u tla khona ho ikemela. . . . Ntho ea bohlokoa ke hore u se ke ua sebelisa chelete ea hao linthong tseo u sa li hlokeng.”—Molao-motheo oa Bibele: Luka 14:28.

Batla keletso. Batsoali ba hao kapa batho ba bang ba baholo ba ka u thusa ka mekhoa ea ho boloka chelete bankeng, ho bajeta le ho patala likoloto. Moroetsana e mong ea bitsoang Marie o re: “Ke ile ka tlameha ho boela ke ithuta mekhoa ea ho sebelisa chelete. Motsoalle oa ka o ile a nthusa ho ngola lintho tseo ke hlileng ke li hlokang le tseo ke sa li hlokeng. Ke ile ka hlokomela hore boholo ba lintho tse ling li ne li sa hlokahale. Ke ile ka boela ka ithuta hore ha kea lokela ho reka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e batlang.”—Molao-motheo oa Bibele Liproverbia 13:10.

Ntho ea bohlokoa hase mosebetsi oo u o etsang empa ke tsela eo ipabolang ka eona ha u o etsa

Batla mosebetsi. Sebelisa nako eo u nang le eona hore u ’ne u batle mosebetsi. Tlhokomeliso: Batho ba bang ba ka ’na ba u khothalletsa hore u sebetse mosebetsi oo u o batlang feela. Empa ho etsa joalo ho ka u sitisa hore u fumane mosebetsi habonolo! Ho e-na le hore u senye nako u batla mosebetsi o itseng feela, batla mesebetsi e fapa-fapaneng. Hopola hore ntho ea bohlokoa hase mosebetsi oo u o etsang empa ke tsela eo u ipabolang ka eona ha u o etsa. Ha e le hantle, ha basebetsi ba ipabola mosebetsing oa bona, baa o thabela. Thabo eo u bang le eona mosebetsing ha ea itšetleha ka hore na u etsa mosebetsi ofe!

a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

b Hangata liithuti tsa k’holeje tsa United States ke tsona tse tobanang le bothata bona. Ho latela tlaleho ea  The Wall Street Journal, hangata ha seithuti se qeta k’holejeng, se ea be se e-na le sekoloto se ka etsang $33,000 (R400 000).

MANGOLO A SEHLOOHO

  • “Hlompha ntat’ao le ’m’ao.” —Exoda 20:12.

  • “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?”—Luka 14:28.

  • “Bohlale bo fumanoa ho ba mamelang likeletso.”—Liproverbia 13:10 (BPN).

BAKENG SA BATSOALI

Sebelisa nako eo u sa ntseng u e-na le bana ba hao hamolemo ka hore u ba rute ho ikemela. Se na se akarelletsa ho ba ruta ho sebelisa chelete (ho sebelisa chelete ka bohlale), ho etsa mesebetsi ea lapeng (ho pheha, ho hlatsoa, ho aena le ho lokisa koloi) le mekhoa e metle (ho sebelisana le batho).

Ho fumana lintlha tse eketsehileng sheba leqephe la 305 le 306 bukeng ea “Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang,” Buka ea 1 e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E fumaneha ho www.jw.org/st. Sheba tlas’a LINGOLILOENG > LIBUKA LE LIBUKANA.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela