Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 7 maq. 49-54
  • Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sepheo sa ka ke Sefe?
  • Na ke se ke Itokisitse?
  • Ke Leba Hokae?
  • Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?
    Tsoha!—2010
  • Nka Eetsa’ng Hore ke Sebelise Chelete Hantle?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Nka Sebelisa Nako ea ka Hantle Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 7 maq. 49-54

Khaolong ea 7

Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?

“Ka linako tse ling, ke nka hore batho ba nkhella fatše, kaha ke lilemo li 19 empa ke ntse ke lula lapeng, ba bona eka ha ke hōle.”—Katie.

“Ke habile lilemo tse 20, ’me ke hloile taba ea hore ha ke khone ho iketsetsa seo ke se ratang. Ke ’nile ka nahana hore ke tlohe lapeng.”—Fiona.

NAKO e telele pele u lokela ho tloha lapeng, u ka ’na ua qala ho ba le takatso ea ho ba le bolokolohi. Ke ntho ea tlhaho hore u ikutloe ka tsela eo. Etsoe joalokaha ho hlalositsoe Khaolong ea 3, morero oa Molimo oa qalong e ne e le hore bacha ba hōle ’me qetellong ba siee batsoali ba bona e le hore ba thehe malapa a bona. (Genese 2:23, 24; Mareka 10:7, 8) Empa u ka tseba joang ha u se u hlile u loketse ho tloha lapeng? Ak’u nahane ka lipotso tse tharo tsa bohlokoa tseo u lokelang ho li araba. Ea pele e re . . . 

Sepheo sa ka ke Sefe?

Sheba lethathamo le latelang. Tšoaea mabaka ao u batlang ho tloha lapeng ka ’ona, u qale ka a bohlokoa.

․․․․․ Ho baleha mathata a lapeng

․․․․․ Ho fumana bolokolohi bo eketsehileng

․․․․․ Ho batla hore metsoalle e ntlhomphe

․․․․․ Ho thusa motsoalle ea hlokang motho ea lulang le eena

․․․․․ Ho ithaopela ho ea thusa sebakeng se seng

․․․․․ Ho ba le phihlelo

․․․․․ Ho fokoletsa batsoali moroalo oa lichelete

․․․․․ Mabaka a mang ․․․․․

Hase hore mabaka a boletsoeng ka holimo a fosahetse. Taba ke hore na sepheo sa hao ke sefe. Ka mohlala, haeba u tloha lapeng hobane feela u baleha meeli e itseng eo u e behetsoeng, u ka ’na ua makala!

Danielle ea ileng a tloha lapeng ha a le lilemo li 20, o ile a ithuta ho hongata ho se mo etsahaletseng. O re: “Kaofela ha rōna re lokela ho phela ka har’a meeli e itseng. Ha u lula u le mong, mosebetsi kapa maemo a hao a lichelete a tla khina seo u ka se etsang.” Carmen ea ileng a qeta likhoeli tse tšeletseng a le naheng e ’ngoe, o re: “Ke ile ka thabela phihlelo eo, empa hangata ke ne ke se na nako ea ho iketla! Ke ne ke tlameha ho etsa mesebetsi ea lapeng—ke hloekisa ntlo, ke lokisa lintho, ke fothola lehola, ke hlatsoa, ke koropa le ho etsa lintho tse ling tse joalo.”

U se ke ua lumella ba bang hore ba u susumelletse ho etsa qeto ka lepotlapotla. (Liproverbia 29:20) Esita le haeba u e-na le mabaka a utloahalang a ho tloha lapeng, ha ho hlokahale feela hore u be le sepheo se setle. U lokela hore u tsebe ho itlhokomela—e leng se re lebisang potsong ea bobeli . . . 

Na ke se ke Itokisitse?

Ho tloha lapeng ho tšoana le ho hahlaula naha-thote. Na u ne u ka ea naha-thote feela empa u sa tsebe ho hloma tente, ho besa mollo, ho pheha kapa hona ho bala ’mapa? Che! Empa bacha ba bangata ba tloha malapeng ba se na tsebo e hlokahalang, e le hore ba itlhokomele ha ba se ba lula ba le bang.

Morena Solomone ea bohlale o ile a re “ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Ho u thusa ho itlhahloba hore na u se u itokiselitse ho lula u le mong, nahana ka lihloohoana tse latelang. Tšoaea ✔ pel’a lintho tseo u seng u ntse u li tseba le X pel’a tseo u lokelang ho li ntlafatsa.

□ Ho sebelisa chelete: Serena ea lilemo li 19 o re: “Ha ho mohla nkileng ka lefella ntho leha e le efe. Ke tšaba ho tloha lapeng le ho tlameha ho etsa moralo oa tšebeliso ea chelete.” U ka ithuta ho sebelisa chelete joang?

Maele a Bibele a re: “Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng.” (Liproverbia 1:5) Kahoo, ke hobane’ng ha u sa botse batsoali ba hao hore na ka khoeli, e ka ba bokae ho lefella rente kapa sekoloto sa ntlo, ho reka lijo, ho lefella litšenyehelo tsa koloi kapa lipalangoang? Ebe u kōpa batsoali ba hao hore ba u bontše ho etsa moralo oa tšebeliso ea chelete le tsela ea ho lefella likoloto.a

□ Ho tseba mesebetsi ea lapeng: Brian ea lilemo li 17 o re ntho eo a e tšabang ka ho fetisisa ka ho tloha lapeng ke hore o tla tlameha ho itlhatsoetsa. U ka tseba joang hore u se u loketse ho itlhokomela? Aron ea lilemo li 20, o fana ka tlhahiso ena: “Leka ho qeta beke u phela joalokaha eka u lula u le mong. Ja feela lijo tseo u itokiselitseng tsona, tseo u itheketseng tsona le hona e le ka chelete ea hao. Apara liaparo tseo u itlhatsoelitseng tsona le tseo u ikaenetseng tsona. Hloekisa ka tlung. ’Me u leke ho ikisa hohle moo u eang teng, u sa latoe kapa hona ho isoa.” Ho latela tlhahiso ena ho tla u etsetsa lintho tse peli: U tla (1) fumana tsebo ea bohlokoa ’me (2) u ananele le ho feta mosebetsi oo batsoali ba hao ba o etsang.

□ Ho phelisana hantle le batho: Na u phelisana hantle le batsoali ba hao le banab’eno? Haeba ha ho joalo, u ka ’na ua nahana hore ho tla ba bonolo ha u se u lula le motsoalle. Empa nahana ka seo Eve ea lilemo li 18 a se buileng, o re: “Metsoalle ea ka e ’meli e ne e lula hammoho. E ne e le metsoalle ea hlooho ea khomo pele e lula hammoho, empa e ne e sa khone ho phelisana hantle. E mong o ne a le makhethe, e mong a le bohlasoa. E mong o ne a nka kamano ea hae le Molimo ka ho teba, e mong eena a sa e nke ka ho teba. Ba ne ba sitoa ho lula hammoho!”

Tharollo ke efe? Erin ea lilemo li 18, o re: “U ka ithuta ho hongata tabeng ea ho phelisana hantle le batho ha u ntse u lula lapeng. U ithuta ho rarolla mathata le ho tenyetseha. Ke hlokometse hore bacha ba tlohang malapeng hobane ba qoba ho ngangisana le batsoali ba bona ha ba ithute ho lokisa likhohlano, empa baa li baleha.”

□ Ho ba le kemiso ea lintho tsa moea: Bacha ba bang ba tloha malapeng ka sepheo se hlakileng sa ho baleha kemiso ea bolumeli ea batsoali ba bona. Ba bang ba tloha ba ikemiselitse ho tsoela pele ka kemiso e tsitsitseng ea ho ithuta Bibele le ea borapeli, empa ka mor’a nakoana ba qala mekhoa e mebe. U ka qoba joang ho “senyeheloa ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng”?b—1 Timothea 1:19.

Jehova Molimo o batla hore kaofela ha rōna re kholisehe ka seo re se lumelang. (Baroma 12:1, 2) E-ba le kemiso e tsitsitseng ea ho ithuta Bibele le ea borapeli ’me u e khomarele. Re u khothalletsa hore u ngole kemiso ea lintho tsa moea k’halendareng ’me u leke ho qeta khoeli u e khomaretse, batsoali ba hao ba sa u hopotse.

Qetellong, potso ea boraro eo u lokelang ho nahana ka eona ke e reng . . . 

Ke Leba Hokae?

Na u batla ho tloha lapeng e le hore u balehe mathata? Kapa u batla ho tsoa tlas’a taolo ea batsoali? Haeba ho joalo, u amehile ka hore na u siea’ng, eseng ka hore na u ea hokae. Ho etsa joalo ho tšoana le ho leka ho khanna koloi u shebile ka seiponeng—u amehile ka lintho tse ka morao hoo u sa boneng tse ka pele. U ithuta’ng ho see? U se ke ua nahana feela ka ho tloha lapeng—tsepamisa maikutlo pakaneng ea bohlokoa.

Bacha ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba falletse libakeng tse ling linaheng tsa habo bona kapa linaheng tse ling e le hore ba etse mosebetsi oa boboleli moo. Ba bang ba falla ho ea thusa ho haha libaka tsa borapeli kapa ho ea sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Empa ba bang ba nka hore ba lokela ho qeta nako e itseng ba lula ba le bang pele ba kena lenyalong.c

Ho sa tsotellehe hore na sepheo sa hao ke sefe, nahana lintho ka hloko. Maele a Bibele a re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Mamela keletso ea batsoali ba hao. (Liproverbia 23:22) Rapella taba ena. ’Me ha u etsa qeto, nahana ka melao-motheo ea Bibele eo re sa tsoa e tšohla.

Potso ea bohlokoa hase hore, Na ke se ke loketse ho tloha lapeng? empa ke hore, Na ke se ke loketse ho lula ke le mong? Haeba u arabela ka e, potsong eo ea ho qetela, joale e ka ’na eaba u se u loketse ho lula u le mong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 19, Bukeng ea 2.

b Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 34 le ea 35, Bukeng ea 2.

c Meetlong e meng, ho tloaelehile hore ngoana, haholo-holo oa ngoanana, a lule lapeng ho fihlela a nyaloa. Bibele ha e fane ka keletso e tobileng tabeng ena.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae.”—Matheu 19:5.

KELETSO

Qeta likhoeli tse itseng u fa batsoali ba hao chelete ea lijo, bolulo le litšenyehelo tse ling. Haeba u sa khone kapa u sa batle ho lefella litšenyehelo tsa ha u ntse u le lapeng, u tla be u sa itokisetsa hantle ho lula u le mong.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Sepheo seo u tlohang lapeng ka sona se ka ama hore na u tla thaba hakae ha u se u lula u le mong.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Seo nka ratang ho se finyella ha ke tloha lapeng ke ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Esita le haeba bophelo bo nyolosetsa lapeng, ho lula teng ka nakoana ho ka u tsoela molemo joang?

● Ha u ntse u le lapeng, u ka etsa’ng e tla tsoela ba lelapa leno molemo le ho u thusa hore u itokisetse ho lula u le mong?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 52]

“Ke ntho ea tlhaho hore motho a batle ho ba le bolokolohi. Empa haeba sepheo sa hao sa ho tloha lapeng ke feela hore u balehe melao, seo se bontša hore ha u e-s’o lokele ho lula u le mong.”—Aron

[Setšoantšo se maqepheng a 50, 51]

Ho tloha lapeng ho tšoana le ho hahlaula naha-thote—u lokela hore u tsebe ho itlhokomela pele u qala leeto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela