Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 2 maq. 4-6
  • Ke’ng Seo Bibele e se Rutang ka Bodemona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke’ng Seo Bibele e se Rutang ka Bodemona?
  • Tsoha!—2017
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BODEMONA BO QALILE JOANG?
  • Lebaka Leo U Lokelang ho Qoba Tšebelisano le Meea ka Lona
    Tsoha!—2008
  • Jehova a ka U Thusa Hore U Hlole Meea e Khopo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ke Hobane’ng ha ho Sebelisana le Meea ho Thahaselloa Hakaale?
    Tsoha!—2000
  • ’Nete ea Bibele e Lokolla Tšebelisanong le Meea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2017
g17 no. 2 maq. 4-6

SEHLOOHO SE SEKOAHELONG | NA HO KOTSI HO SHEBELLA-LIFILIMI TSE TŠOSANG?

Molimo o Ikutloa Joang ha re Sebelisana le Bademona?

BATHO ba bangata ba rata ho bala libuka, ho kena Inthaneteng le ho shebella lintho tse nang le bodemona. Ba li nka e le lipale feela tse se nang kotsi. Empa Bibele e re khalemella lintho tse joalo. Mohlala, lengolo la Deuteronoma 18:10-13 le re: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe . . . leha e le mang ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu.” Hobane’ng? Lengolo leo le tsoela pele ka ho re: “Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova. . . . Le lokela ho hloka molato ho Jehova Molimo oa lōna.”

Ke hobane’ng ha Bibele e re khalemella lintho tse amanang le bodemona?

BODEMONA BO QALILE JOANG?

Bibele e re bolella hore pele Molimo a bopa lefatše, o ile a etsa mangeloi a limilione. (Jobo 38:4, 7; Tšenolo 5:11) Mangeloi ao a ne a ka ikhethela ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. A mang a mangeloi ao a ile a khetha ho se mamele Molimo eaba a theohela lefatšeng. Ka lebaka leo, lefatše le ile la tlala lintoa.—Genese 6:2-5, 11; Juda 6.

Bibele e re mangeloi ao a khopo a ile a susumetsa batho ba limilione hore ba se ke ba mamela Molimo. (Tšenolo 12:9) A ile a boela a etsa hore batho ba tšoenyehe le ho feta ka bokamoso.—1 Samuele 28:5, 7; 1 Timothea 4:1.

Ke ’nete hore bademona ba bonahala eka ba thusa batho ba bang. (2 Bakorinthe 11:14) Ha e le hantle, bademona ba batla ho sitisa batho ho tseba ’nete ka Molimo.—2 Bakorinthe 4:4.

Bibele e re ntho leha e le efe e amanang le bodemona e fosahetse. Ka mor’a hore batho ba mehleng ea baapostola ba tsebe hore ntho leha e le efe e amanang le bodemona e fosahetse, ba ile “ba bokella libuka tsa bona [tsa bodemona] ’me ba li chesa”, le hoja li ne li le turu.—Liketso 19:19.

Le mehleng ena, ho na le batho ba ileng ba lahla ntho leha e le efe e amanang le bodemona. Mohlala, ha ngoanana e mong ea bitsoang Mariaa a le lilemo li ka bang 12 feela, o ne a khona ho bona hore na ho tla etsahala’ng kamoso. O ne a balla bana bao a kenang sekolo le bona likarete tse bontšang bokamoso ’me lintho tseo a neng a li hlalosa li ne li fela li etsahala.

Kahoo, o ile a rata ntho ena le ho feta.

Maria o ne a nahana hore ke Molimo ea mo fang matla a ho hlalosetsa batho ka bokamoso. Empa o re: “Ke ne ke makatsoa ke hore ke khona ho bona bokamoso ba batho ba bang empa ’na ba ka ke sa khone ho bo bona.”

Maria o ne a lula a ipotsa lintho li hana ho fela, kahoo o ile a rapela Molimo. Hamorao o ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ha a ntse a ithuta o ile a hlokomela hore ha se Molimo ea mo fang matla a ho hlalosa bokamoso. O ile a boela a ithuta hore mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa Molimo o lokela ho lahla ntho leha e le efe e amanang le bodemona. (1 Bakorinthe 10:21) Maria o ile a etsa’ng? O ile a lahla likarete, libuka le lintho tse ling tseo a neng a li sebelisa. Hona joale Maria o ruta batho ba bang lintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng.

Ha Michael e sa le mocha, o ne a rata ho bala libuka tse buang ka batho ba nang le matla a fetang a tlhaho. O re: “Ke ne ke rata ho bala ka bacha ba lekanang le ’na ba nang le matla a fetang a tlhaho, ba etsang mehlolo.” O ile a qetella a se a bala haholo ka boselamose le lintho tsa kereke ea Satane. Michael o re: “Ke ile ka ba bohelehele eaba ke batla ho tseba haholo ka lintho tsena.”

Ka mor’a hore Michael a ithute Bibele o ile a hlokomela hore o lokela ho hlahloba lintho tseo a li balang. O re: “Ke ile ka lahla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le bodemona. Ke ithutile ntho ea bohlokoa lengolong la 1 Bakorinthe 10:31, le reng: ‘Le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.’ Kahoo, pele ke bala ntho, ke se ke ipotsa hore na ntho eo ke e balang e tlotlisa Molimo. Haeba karabo e le che, ke e tlohela hang-hang.”

Bibele e tšoantšoa le lebone. Ke eona feela e khonang ho senola kotsi ea ho sebelisana le bodemona. (Pesaleme ea 119:105) E boetse e re tšepisa hore haufinyane re tla phela lefatšeng le se nang tšusumetso ea bademona. Mohlala, Lengolo la Pesaleme ea 37:10, 11 le re: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng. Ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše. Ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”

a Mabitso a sehloohong sena a fetotsoe.

Ho Sebelisana le Bademona ho Akarelletsa’ng?

Ho sebelisana le bademona ho akarelletsa boloi, bolepi ba linaleli le ho ba le matla a fetang a tlhaho. Libakeng tse ngata batho ba ea ho lingaka tsa setso le ho baloi hore ba buisane le bademona. Ba sebelisa litaola, ba bala mela e ka har’a matsoho, ba sheba linaleli ho bona bokamoso ha ba bang bona ba ea ho baprofeta.

Libuka, limakasine le lifilimi li etsa eka bodemona ha bo kotsi. Litsebi tse ling li bontša hore sena se entse hore batho ba fetole tsela eo ba nkang bodemona ka eona.

Haeba u batla ho tseba ho eketsehileng, sheba khaolo ea 10 ea buka ea Ha e le Hantle Ke’ng Seo Bibele e se Rutang? E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova ’me e fumaneha websaeteng ea www.jw.org/st. U ka boela oa skena letšoao lena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela