Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 4 maq. 14-15
  • Ho Batla ho Etsa se Fosahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla ho Etsa se Fosahetseng
  • Tsoha!—2017
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho lekeha ho etsa ntho e fosahetseng
  • Ikemisetse ho qoba ho etsa se fosahetseng
  • Kamoo u ka qobang ho etsa lintho tse fosahetseng
  • U ka Hlōla Teko ea ho Kopanela Liphate Joang?
    Tsoha!—2014
  • Ho Hlōla Mefokolo ea Nama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Nka Hlola Liteko Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • U ka Hlōla ho Hoheleha!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2017
g17 no. 4 maq. 14-15

SEO BIBELE E SE RUTANG

Ho Batla Ho Etsa Se Fosahetseng

Ha motho a itumella ho etsa lintho tse fosahetseng, a ka ba le mathata a akarelletsang a lenyalo, ho kula kapa ho lula a e-na le letsoalo le molato. Re ka etsa’ng ho qoba ho etsa lintho tse fosahetseng?

Ho lekeha ho etsa ntho e fosahetseng

Motho a ka hoheleha ho etsa ntho e fosahetseng. Mohlala, ha u le lebenkeleng u bona ntho eo u e ratang, ebe u batla ho e utsoa, u bile u hlokomela hore mohlomong u ke ke oa tšoaroa. Empa letsoalo la hao lea u khalemela, kahoo, u e sheba feela ebe oa feta. Oa thaba ha u hlokomela hore u entse ntho e nepahetseng.

SEO BIBELE E SE RUTANG

Bibele e tiisa hore ka linako tse ling kaofela ha rona re na le ho utloa re batla ho etsa lintho tse fosahetseng, ’me seo ha se bolele hore re batho ba babe. (1 Bakorinthe 10:13) Seo e leng sa bohlokoa ke hore na re etsa’ng ha re utloa re batla ho etsa se fosahetseng. Ba bang ba lula ba nahana ka lintho tsena ’me qetellong baa li etsa. Ba bang bona ba qoba ho li nahana hobane ba tseba hore li fosahetse.

“E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae” —Jakobo 1:14.

Ikemisetse ho qoba ho etsa se fosahetseng

Bibele e hlalosa se etsang hore motho a etse se fosahetseng. Jakobo 1:15 e re: “Takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.” Ka mantsoe a bonolo, haeba re lula re nahana ka lintho tse fosahetseng, joang kapa joang re tla qetella re li entse. Empa re ka qoba ho ba makhoba a menahano e fosahetseng.

SEO BIBELE E SE RUTANG

Leha motho a se a itloaelitse ho etsa lintho tse fosahetseng a ka khona ho fetoha ebe o tloaela ho etsa tse nepahetseng. A ka etsa sena ka hore a leke ho etsa ntho e ’ngoe e molemo, mohlomong a ka itloaetsa ho qoqa le motsoalle kapa a nahana ka ho etsa ho hong ho molemo. (Bafilipi 4:8) Ntho e ’ngoe e ka thusang ke ho nahana ka liphello tsa ho etsa ntho e fosahetseng, tse kang hore motho a lule a utloile bohloko, a lemale kapa a qetelle a sitetsoe Molimo. (Deuteronoma 32:29) Ho rapela le hona ho ka thusa haholo. Jesu Kreste o itse: ‘Rapelang le sa khaotse, e le hore le se ke la kena molekong.’—Matheu 26:41.

“Le se ke la thetsoa: Molimo a ke ke a songoa. Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule”—Bagalata 6:7.

Kamoo u ka qobang ho etsa lintho tse fosahetseng

TSELA EO LINTHO LI LENG KA EONA

Boikutlo ba ho batla ho etsa ntho e fosahetseng ke leraba le isang motho sefing. (Jakobo 1:14) Sena se hlaka haholo ha motho a robala le motho eo a sa nyalanang le eena ’me ho ba le liphello tse mpe haholo.—Liproverbia 7:22, 23.

SEO BIBELE E SE RUTANG

Jesu Kreste o itse: “Joale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hōle le uena.” (Matheu 5:29) Ha se hore Jesu o ne a bolela hore motho a hle a honye leihlo la hae, empa o ne a bolela hore motho o lokela ho qoba ho etsa lintho tse fosahetseng e le hore Molimo a tle a mo fe bophelo bo sa feleng. (Bakolose 3:5) Sena se bolela hore hang-hang motho o lokela ho etsa qeto ea hore a se ke a etsa se fosahetseng. Mohlanka e mong oa Molimo o kile a rapela a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.”—Pesaleme ea 119:37.

Bibele e re: “Nama ea fokola.” Sena se bolela hore ka linako tse ling ho ka ba thata ho etsa se nepahetseng. (Matheu 26:41) Re lula re etsa liphoso, empa ho khothatsang ke hore Jehova Molimo “o mohau ’me o mosa,” kahoo ha re baka re bile re qoba ho pheta liphoso tse tšoanang, o tla re tšoarela.—Pesaleme ea 103:8. ◼

“Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” —Pesaleme ea 130:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela