Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 6 maq. 8-9
  • Ruta Bana ba Hao ho Ikokobetsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ruta Bana ba Hao ho Ikokobetsa
  • Tsoha!—2017
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTHATA
  • SEO U LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO U KA SE ETSANG
  • Ho Ikokobetsa
    Tsoha!—2019
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara Boikokobetso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Hlaolela Boikokobetso ba Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Mamella
    Tsoha!—2019
Bala Tse Ling
Tsoha!—2017
g17 no. 6 maq. 8-9
Ngoana ea batlang hore motsoali a mo qekise

SE KA THUSANG LELAPA | HO HOLISA BANA

Ruta Bana ba Hao ho Ikokobetsa

BOTHATA

  • Mora oa hao ea lilemo li 10 oa ikhohomosa

  • O batla hore motho e mong le e mong a mo thothomelle.

Mohlomong u ee u ipotse hore na ho senyehile hokae. U ipotsa tjena hobane u rata ha a ikutloa e le motho oa bohlokoa empa a sa ikhohomose.

Na motsoali a ka ruta ngoana ho ikokobetsa empa le teng a sa etse hore a ikhalale?

Ngoana ea ikentseng mofumahali eo batsoali ba hae ba mo sebeletsang

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Morao tjena batsoali ba khothalletsoa ho lula ba babatsa bana leha ho se na letho le letle leo ba le entseng. Lebaka ke hore ho ne ho lumeloa hore ho etsa joalo ho tla thusa bana ho hola ba sa ikhalale. Empa na mokhoa oo o thusa bana? Buka e bitsoang Generation Me e re: “Tsela ena ea ho holisa bana e kotsi hobane e etsa hore ba ikhohomose.”

Bana ba holisitsoeng tjena ba lebella hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang e atlehe ebile ba nahana hore ba ke ke ba etsa liphoso. Ha ba se ba le baholo, ha ba khone ho ba le metsoalle ea sebele hobane ba rata ha lintho tse ntle li etsetsoa bona feela. Hangata, ba ba le khatello ea maikutlo ha ba hlaheloa ke lintho tsena.

Bana ba ikutloa ba le bohlokoa ha ba babatsoa ka lebaka la lintho tse ntle tseo ba li entseng, eseng ha ba sa etsa letho. Ba lokela ho ithuta ho etsa lintho tseo ba tla babatsoa ha ba se ba li entse. (Liproverbia 22:29) Ba boetse ba lokela ho ithuta ho nahana hore na batho ba bang ba ikutloa joang. (1 Bakorinthe 10:24) Motho a ka ithuta lintho tsena hafeela a ikokobelitse.

SEO U KA SE ETSANG

Babatsa ngoana hafeela a entse hantle. Mo babatse ha a pasitse empa u se ke oa potlakela ho beha tichere molato ha ngoana a sa pasa. Haeba u beha tichere molato, ngoana a ke ke a ithuta ho amohela hore o entse phoso. Boemong bona, u ka mo thusa ho bona hore na a ka lokisa hokae. U hopole hore u se ke oa etsa phoso ea ho mo babatsa a e-s’o etse letho le letle.

Mo khalemele ha a entse phoso. Ha se hore u lokela ho lula u mo tšoaea-tšoaea liphoso. (Bakolose 3:21) Empa ho na le lintho tse seng hantle tseo a ka li etsang tseo u sa lokelang ho iphapanyetsa tsona. Ho seng joalo, a ka tloaela ho li etsa.

Mohlala oa lintho tseo u sa lokelang ho iphapanyetsa tsona e ka ba ha ngoana oa hao a rata ho ipolelisa. Ha u sa mo khalemele, a ka hloka metsoalle ea sebele. Mo hlalosetse hore haeba a rata ho ipolelisa, oa itlotlolla. (Liproverbia 27:2) U mo thuse ho utloisisa hore motho ea ikokobelitseng ha a ipolelise. Ha u mo hlalosetsa litaba tsena ka mosa, o tla ithuta ho ikokobetsa empa a sa ikhalale.—Molao-motheo oa Bibele: Matheu 23:12.

Mo rute ho rarolla mathata. Haeba u tloaetse ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ngoana oa hao a e batlang, a ka nahana hore oa mo kolota ha u sa e etse. Mohlala, u ka hlalosetsa ngoana hore na ke hobane’ng ha u sa mo rekele ntho eo a e kopang. Haeba u se u sa khone ho mo etsetsa ntho eo u neng u mo tšepisitse eona, mo thuse ho utloisisa hore ka linako tse ling bophelong ho etsahala lintho tse joalo. U ka boela oa mo phetela hore na ha li u etsahalla u itšelisa ka ho etsa’ng. U se ke oa mo bokotsa, empa u mo tlohelle hore a ithute ho rarolla mathata a hae.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 29:21.

Mo rute ho fana. Mo thuse ho utloisisa hore “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) U ka buisana le eena ka hore na o bona eka ke bo-mang ba hlokang thuso ea lona, ebe u tsamaea le eena ha u il’o ba thusa. Ha u ba thusa u thabile, ngoana oa hao o tla hlokomela hore ho fana ke ntho e monate, a be a ithute ho ikokobetsa.—Molao-motheo oa Bibele: Luka 6:38.

Hore u bale haholoanyane ka litaba tse amanang le ho holisa bana hantle, skena letšoao lena kapa u kene ho www.jw.org/st u batle sehlooho se reng: “Ho Hōlisa Bana ba Nahanelang Lefatšeng le Tletseng Boithati.”

MANGOLO A KA THUSANG

  • “Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ’me mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Matheu 23:12.

  • “Haeba motho a bokotsa mohlanka oa hae ho tloha bocheng ho ea pele, bophelong ba hae hamorao o tla fetoha ea se nang teboho.”—Liproverbia 29:21.

  • “Itloaetseng ho fana.”—Luka 6:38.

NKA HORE BA BANG BA U PHAHAMETSE

Bibele e re: “Le sa etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”—Bafilipi 2:3, 4.

Ngoana ea rutiloeng hore mantsoe a temana ena ke ’nete, oa tseba hore batho ba bang ba mo phahametse. Ha ngoana oa hao e le moikokobetsi, a ke ke a tšoana le batho ba mehleng ena ba ikhohomosang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela