Hlaolela Boikokobetso ba Sebele
“U tla pholosa batho ba ikokobelitseng.”—2 SAMUELE 22:28.
1, 2. Ke ntho efe eo babusi ba bangata ba lefatše ba ’nileng ba tšoana ka eona?
MEHAHO ea liphiramide tsa Egepeta ke bopaki bo bontšang hore banna ba kileng ba busa naha eo e ne e le batho ba mofuta ofe. Banna ba bang ba tsebahalang e ne e le Sankeribe oa Assyria, Alexandere e Moholo oa Greece le Juliase Cesare oa Roma. Ho na le ntho e le ’ngoe eo babusi bana kaofela ba neng ba tšoana ka eona. Ba ne ba tumme ka ho hloka boikokobetso ba sebele.—Matheu 20:25, 26.
2 Na u nahana hore ho na le ’musi leha e le ofe ho ba boletsoeng ka holimo eo kamehla a neng a ka batla batho ba boemo bo tlaase ’musong oa hae ba hlokang khothatso? Ho hlakile hore ha ho joalo! Hape, na u nahana hore ba ne ba ka ea matlong a boemo bo tlaase a bafo ba bona ba hateletsoeng ho ea ba matlafatsa? Tsela eo babusi bana ba neng ba talima batho ba maemo a tlaase ka eona e fapane hakaakang le ea ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa oa bokahohleng, Jehova Molimo!
Mohlala o Moholohali oa Boikokobetso
3. ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa o tšoara batho ba hae joang?
3 Jehova o moholo ebile o phahame ka tsela e ke keng ea batlisisoa, empa leha ho le joalo “mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Jehova o etsa joang ha a fumana barapeli ba tlaase ba tepelletseng moeeng ka lebaka la liteko tse sa tšoaneng? Ka tsela e itseng re ka re o “lula” le bona ka moea oa hae o halalelang e le hore a “hlasimolle moea oa ba ikokobelitseng le ho hlasimolla lipelo tsa ba hateletsoeng.” (Esaia 57:15) Kahoo, barapeli ba hae ba hlasimolohileng ba tsoha molota ’me ba tsoela pele ba mo sebeletsa ka thabo. Ka sebele Molimo o ikokobelitse!
4, 5. (a) Mopesaleme o ile a ikutloa joang ka tsela eo Molimo a busang ka eona? (b) Ho bolela’ng hore Molimo o “itheola boemong” e le hore a thuse “ea tlaase”?
4 Bokahohleng ha ho mang kapa mang ea kileng a ikokobetsa joaloka ’Musi Morena e le hore a thuse batho ba baetsalibe. Mopesaleme o ne a ka ngola: “Jehova o phahame ka holim’a lichaba tsohle; khanya ea hae e ka holim’a maholimo. Ke mang ea tšoanang le Jehova Molimo oa rōna, ea lulang sebakeng se phahameng? O itheola boemong hore a talime leholimong le lefatšeng, o phahamisa ea tlaase lerōleng; o phahamisa ea futsanehileng sekoting sa molora.”—Pesaleme ea 113:4-7.
5 Jehova o hloekile ebile oa halalela kahoo ha a ‘ikhohomose.’ (Mareka 7:22, 23) Ho “itheola boemong” ho ka bolela ho theohela boemong ba motho ea tlaase sechabeng kapa ho tloha boemong bo phahameng kapa bo hlomphehang e le hore motho a tsebe ho sebelisana le motho ea ka tlaase ho eena. Kahoo, Libibeleng tse ling ho Pesaleme ea 113:6 ho thoe Molimo oa ikokobetsa. Seo se hlalosa hantle hakaakang Molimo oa rōna ea ikokobelitseng eo ka lerato a fang barapeli ba hae ba sa phethahalang seo ba se hlokang!—2 Samuele 22:36.
Lebaka Leo ka Lona Jesu a Neng a Ikokobelitse
6. Ke ketso efe e khōlōhali e ileng ea bontša hore Jehova o ikokobelitse?
6 Ketso e khōlōhali e ileng ea bontša hore Molimo o ikokobelitse le hore o lerato ke ha a ne a romela Mora oa hae oa letsibolo hore a tsoaloe lefatšeng le ho hōlisoa e le motho e le hore batho ba bolokehe. (Johanne 3:16) Jesu o ile a re ruta ’nete mabapi le Ntat’ae oa leholimo a ba a nehelana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le hore a tlose “sebe sa lefatše.” (Johanne 1:29; 18:37) Kaha Jesu o ne a etsisa Ntat’ae ka ho phethahetseng, a bile a etsisa le boikokobetso ba Jehova, o ile a ithaopela ho etsa seo Molimo a neng a mo kōpile sona. Oo e bile mohlala o moholohali oa boikokobetso le oa lerato o kileng oa behoa ke se seng sa libōpuoa tsa Molimo. Hase batho bohle ba neng ba rata boikokobetso ba Jesu, lira tsa hae li ne li bile li mo nka e le “ea tlaase ka ho fetisisa oa moloko oa batho.” (Daniele 4:17) Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore balumeli-’moho le eena ba lokela ho etsisa Jesu ’me ba ikokobetse ha ba sebelisana.—1 Bakorinthe 11:1; Bafilipi 2:3, 4.
7, 8. (a) Jesu o ithutile boikokobetso joang? (b) Jesu o ile a kōpa eng ka bao e neng e tla ba barutuoa ba hae?
7 Pauluse o ile a totobatsa mohlala o babatsehang oa Jesu ha a ne a ngola mantsoe a latelang: “Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu, eo, le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, a sa kang a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, empa o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me a tšoana le batho. Ho feta moo, ha a iphumana ka sebōpeho e le motho, o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.”—Bafilipi 2:5-8.
8 Ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Jesu o ithutile boikokobetso joang?’ O ithutile bona ka ho ba haufi le Ntat’ae oa leholimo ka nako e telele haholo, ’me nakong eo e ne e le “mosebetsi ea hloahloa” oa Molimo ha ho bōptjoa lintho tsohle. (Liproverbia 8:30) Ka mor’a borabele ba Edene, Mor’a Molimo oa Letsibolo o ile a bona kamoo Ntat’ae a neng a ikokobelitse kateng ha a sebelisana le batho ba baetsalibe. Ka ho tšoanang, ha Jesu a le lefatšeng, o ile a etsisa boikokobetso ba Ntat’ae eaba o etsa kōpo ena: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.”—Matheu 11:29; Johanne 14:9.
9. (a) Ke eng eo Jesu a neng a e rata ka bana? (b) Jesu o ile a ruta thuto efe a sebelisa ngoana e monyenyane?
9 Kaha Jesu o ne a ikokobelitse e le kannete, bana ba banyenyane ba ne ba sa mo tšabe. Empa ba ne ba mo rata. Le eena o ile a bontša hore o ne a rata bana a bile a ba ela hloko. (Mareka 10:13-16) Ke eng eo Jesu a neng a e rata haholo ka bana? Ka sebele ba ne ba e-na le litšobotsi tse ratehang tseo ka linako tse ling barutuoa ba hae ba hōlileng ba neng ba sa li bontše. Ha ho pelaelo hore bana ba nka hore batho ba baholo ba ba phahametse. U ka hlokomela sena ka lipotso tse ngata tseo ba li botsang. Ha e le hantle, bana ba banyenyane ba ruteha habonolo ho feta batho ba baholo ba bangata, ebile ha ba ikhohomose ho tšoana le batho ba baholo. Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a nka ngoana e mong e monyenyane eaba o re ho balateli ba Hae: “Ntle le hore le sokolohe ’me le be joaloka bana ba banyenyane, ho hang le ke ke la kena ’musong oa maholimo.” Eaba o tsoela pele o re: “Mang kapa mang ea tla ikokobetsa joaloka ngoana enoa e monyenyane ke eena e moholo ’musong oa maholimo.” (Matheu 18:3, 4) Jesu o ile a bua ka molao o reng: “E mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa ’me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Luka 14:11; 18:14; Matheu 23:12.
10. Re tla hlahloba lipotso life?
10 ’Nete eo e hlahisa lipotso tsa bohlokoa. Ka tsela e itseng ho fumana ha rōna bophelo bo sa feleng ho itšetlehile ka hore na ebe re ikokobelitse e le kannete kapa che, empa ke hobane’ng ha ho le thata hore Bakreste ba ikokobetse ka linako tse ling? Ke hobane’ng ha ho le thata hore re tlohele boikhohomoso ’me re ikokobetse ha re thulana le liteko? Hona ke eng e tla re thusa hore re khone ho ikokobetsa e le kannete?—Jakobo 4:6, 10.
Se re Thatafalletsang ho Ikokobetsa
11. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe re lokela ho loanela ho ikokobetsa?
11 Haeba u ntse u loanela ho ikokobetsa, tseba hore ha u mong. Morao koana ka 1920, makasine ena e ile ea re ha e tšohla keletso ea Bibele e mabapi le hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ikokobetsa: “Joalokaha re bona kamoo Morena a talimang boikokobetso e le ba bohlokoa kateng, barutuoa bohle ba ’nete ba lokela ho loanela ho bontša tšobotsi ena letsatsi le leng le le leng.” Eaba e bolela ’nete ena e totobetseng: “Ho sa tsotellehe keletso eohle ea Mangolo, ho se phethahale ha batho ho bonahala ho le matla haholo hoo batho ba Morena le ba entseng qeto ea ho latela tsela ea Morena ba thatafalloang haholo ho bontša tšobotsi ena ea boikokobetso ho feta tšobotsi leha e le efe e ’ngoe.” Seo se totobatsa lebaka le leng le lokelang ho etsa hore Bakreste ba ’nete ba loanele ho ikokobetsa—e leng tšekamelo ea rōna ea boetsalibe ea ho batla thoriso e sa re lokelang. Lebaka ke hore re litloholo tsa batho ba babeli ba baetsalibe, e leng, Adama le Eva, ba ileng ba inehella litakatsong tsa boithati.—Baroma 5:12.
12, 13. (a) Lefatše le sitisa Mokreste ho bontša boikokobetso joang? (b) Ke mang ea re thatafalletsang ho ikokobetsa?
12 Lebaka le leng le ka etsang hore ho be thata ho bontša boikokobetso ke hore re pota-potiloe ke lefatše le khothalletsang batho hore ba loanele ho phahamela ba bang. Tse ling tsa lipakane tse tloaelehileng tsa lefatše lena ke ho labalabela ho khotsofatsa “takatso [ea boetsalibe] ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” (1 Johanne 2:16) Ho e-na le ho laoloa ke litakatso tse joalo tsa lefatše, barutuoa ba Jesu ba lokela ho boloka mahlo a bona a talimile ’nģa e le ’ngoe le ho tsepamisa mohopolo ho etseng thato ea Molimo.—Matheu 6:22-24, 31-33; 1 Johanne 2:17.
13 Lebaka la boraro le etsang hore ho be thata ho ba le boikokobetso le ho bo bontša ke hore lefatše lena le busoa ke moikhohomosi oa pele, e leng Satane Diabolose. (2 Bakorinthe 4:4; 1 Timothea 3:6) Satane o khothalletsa mekhoa ea hae e mebe. Ka mohlala, o ile a re ha Jesu a ne a ka mo rapela o ne a tla mo fa “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.” Kaha Jesu o ne a ikokobelitse kamehla, o ile a hana tšepiso eo ea Diabolose hehehe! (Matheu 4:8, 10) Ka ho tšoanang, Satane o leka Bakreste hore ba ipatlele thoriso. Empa Bakreste ba ikokobelitseng ba loanela ho latela mohlala oa Jesu, ba lebisa thoriso le tlhompho ho Molimo.—Mareka 10:17, 18.
Ho ba le Boikokobetso ba Sebele le ho bo Bontša
14. “Boikokobetso ba boikaketsi” ke eng?
14 Lengolong la hae le eang ho Bakolose, moapostola Pauluse o ile a ba lemosa khahlanong le boikokobetso ba boiketsiso bo etsetsoang ho khahla batho. Pauluse o ile a bo bitsa “boikokobetso ba boikaketsi.” Batho ba iketsang eka ba ikokobelitse empa ba sa ikokobetsa hase batho ba moea. Ha e le hantle, ba itšenola hore ba hlile baa ‘ikhohomosa.’ (Bakolose 2:18, 23) Jesu o buile ka mehlala ea boikokobetso bo joalo ba boikaketsi. O ile a nyatsa Bafarisi ka lithapelo tsa bona tsa mponeng le ka tsela eo ba neng ba itima lijo ka lifahleho tse hlomohileng le ka ho itšenya lifahleho e le hore ba bonoe ke batho. Empa rōna haeba re batla hore lithapelo tsa rōna e be tsa bohlokoa ka pel’a Molimo, re lokela ho li etsa ka boikokobetso.—Matheu 6:5, 6, 16.
15. (a) Re ka etsa’ng e le hore re lule re ikokobelitse kelellong? (b) E meng ea mehlala e metle ea batho ba ileng ba ikokobetsa ke efe?
15 Se thusang Bakreste hore ba ikokobetse kelellong ntle ho boikaketsi, ke ho ela hloko mehlala e molemohali ea boikokobetso, e leng Jehova Molimo le Jesu Kreste. Ho etsa sena ho hloka hore re ithute Bibele kamehla hammoho le lingoliloeng tse thusang ho ithuta Bibele tse lokiselitsoeng ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Ke habohlokoa haholo hore balebeli ba Bakreste ba ithute, ‘e le hore lipelo tsa bona li se ke tsa iphahamisetsa barab’abo bona.’ (Deuteronoma 17:19, 20; 1 Petrose 5:1-3) Nahana ka mehlala e mengata ea batho ba ileng ba hlohonolofatsoa ka lebaka la boikokobetso ba bona, ba joaloka Ruthe, Anna, Elizabetha le ba bang ba bangata. (Ruthe 1:16, 17; 1 Samuele 1:11, 20; Luka 1:41-43) Nahana hape le ka mehlala e mengata e metle ea banna ba hlaheletseng ba ileng ba lula ba ikokobelitse tšebeletsong ea Jehova, ba joaloka Davida, Josiase, Johanne Mokolobetsi le moapostola Pauluse. (2 Likronike 34:1, 2, 19, 26-28; Pesaleme ea 131:1; Johanne 1:26, 27; 3:26-30; Liketso 21:20-26; 1 Bakorinthe 15:9) Ho thoe’ng ka mehlala e mengata ea mehleng ee ea batho ba ileng ba ikokobetsa eo re e bonang ka phuthehong ea Bokreste? Haeba Bakreste ba ’nete ba thuisa ka mehlala ena, e tla ba thusa “ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong.”—1 Petrose 5:5.
16. Tšebeletso ea Bokreste e re thusa joang hore re ikokobetse?
16 Ho kopanela kamehla tšebeletsong ea Bokreste le hona ho ka re thusa hore re ikokobetse. Ho ikokobetsa kelellong ho ka etsa hore re atlehe ha re atamela batho bao re sa ba tsebeng bao re ba fumanang ka ntlo le ntlo le libakeng tse ling. Sena se hlokahala haholo ha beng ba matlo ba sa thahaselle molaetsa oa ’Muso kapa ba re halefela ha re qala ho bua le bona. Hangata batho ba belaella lintho tseo re li lumelang, empa boikokobetso bo ka thusa Mokreste hore a ’ne a arabe lipotso tsa bona “ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15) Bahlanka ba Molimo ba ikokobelitseng ba ’nile ba fallela masimong a macha ’me ba thusitse batho ba litso le ba maemo a sa tšoaneng le a bona bophelong. Ho ka ’na ha hlokahala hore basebeletsi bana ba ikokobetse ha ba tšoanela ho sebetsa ka thata hore ba ithute puo e ncha e le hore ba thuse bao ba lokelang ho ba bolella litaba tse molemo. Ka sebele ba etsa mosebetsi o babatsehang!—Matheu 28:19, 20.
17. Ke mesebetsi efe ea Bokreste e hlokang hore re ikokobetse?
17 Ba bangata ba ’nile ba etsa mesebetsi ea bona ea Bokreste ka boikokobetso, ba etelletsa pele lithahasello tsa ba bang ka pele ho tsa bona. Ka mohlala, ho hlokahala boikokobetso hore ntate oa Mokreste a tele nako e itseng ea lintho tseo a li ratang e le hore a lokisetse le ho khannela bana ba hae thuto e atlehang ea Bibele. Boikokobetso bo boetse bo thusa bana hore ba hlomphe batsoali ba bona le ho ba mamela, le hoja ba sa phethahala. (Baefese 6:1-4) Hangata basali ba nang le banna ba sa lumelang ba tobana le maemo a hlokang hore ba ikokobetse ha ba ntse ba leka ho hapa balekane ba bona ka “boitšoaro . . . bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:1, 2) Ho hlokahala boikokobetso le lerato la boitelo e le hore re hlokomele batsoali ba kulang le ba tsofetseng.—1 Timothea 5:4.
Boikokobetso bo Rarolla Mathata
18. Boikokobetso bo ka re thusa joang hore re rarolle mathata?
18 Bahlanka bohle ba Molimo ha baa phethahala. (Jakobo 3:2) Ka linako tse ling, Bakreste ba babeli ba ka ’na ba fapana ka maikutlo kapa ba se ke ba utloisisana ka ntlha e itseng. E mong a ka ’na a ba le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Hangata, maemo a joalo a ka lokisoa ka ho sebelisa keletso e latelang: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” (Bakolose 3:13) Bonneteng, ha ho bonolo ho latela keletso ena, empa boikokobetso bo ka thusa motho hore a e sebelise.
19. Re lokela ho hopola eng ha re bua le motho ea re foselitseng?
19 Ka linako tse ling Mokreste a ka ’na a nahana hore sesosa sa pelaelo se tebile haholo hoo a ke keng a se hlokomoloha. Haeba ho joalo, boikokobetso bo tla mo thusa hore a ee ho motho eo a nkang hore o mo foselitse e le hore ba bōpe khotso. (Matheu 18:15) Lebaka le leng le etsang hore ka linako tse ling mathata a ’ne a tsoele pele pakeng tsa Bakreste ba babeli ke hobane mohlomong boikhohomoso bo sitisa e mong oa bona kapa bobeli ba bona ho lumela phoso. Kapa ea nkang khato ea ho ea ho e mong a ka ’na a etsa sena ka boikutlo ba hore eena ha a na molato, a bile a tšoaea e mong phoso. Empa boikokobetso ba sebele bo tla re thusa haholo hore re rarolle liphapang.
20, 21. E ’ngoe ea lintho tse molemohali tse ka re thusang hore re ikokobetse ke eng?
20 Ho rapella thuso ea Molimo le moea oa hae ho tla re thusa hore re ikokobetse. Empa hopola hore, “Molimo . . . o fana ka mosa o sa tšoanelang [ho akarelletsa le moea oa hae o halalelang] ho ba ikokobetsang.” (Jakobo 4:6) Haeba u sa utloane le molumeli-’moho le uena, rapela Jehova hore a u thuse hore ka boikokobetso u lumele liphoso leha e le life tseo u li entseng tse bakileng bothata boo, ho sa tsotellehe hore na ke tse nyenyane kapa tse khōlō. Haeba u utloisitsoe bohloko ’me ea u foselitseng a bua a tiile a re, “Ke kōpa tšoarelo,” joale ikokobetse ’me u mo tšoarele. Haeba u thatafalloa ho etsa joalo, rapela Jehova hore a u thuse hore u tlose maikutlo leha e le afe a boikhohomoso pelong ea hao.
21 Ho utloisisa melemo e mengata e tlisoang ke boikokobetso ho lokela ho re susumelletsa hore re hlaolele tšobotsi ena ea bohlokoa le ho e boloka. Ka sebele Jehova Molimo le Jesu Kreste ke mehlala e babatsehang tabeng ena! Le ka mohla u se ke ua lebala tšepiso ena ea Molimo: “Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.”—Liproverbia 22:4.
Lintlha Tseo re ka Thuisang ka Tsona
• Ke bo-mang bao e leng mehlala e molemohali ea boikokobetso?
• Ke hobane’ng ha ho le thata ho ikokobetsa?
• Ke eng e ka re thusang hore re ikokobetse?
• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re lule re ikokobelitse?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Jesu o ne a hlile a ikokobelitse
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Lefatše le khothalletsa batho hore ba loanele ho phahamela ba bang
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
WHO photo byL. Almasi/K. Hemzǒ
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Boikokobetso bo re thusa hore re atamele batho bao re sa ba tsebeng ha re le tšebeletsong
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Hangata liphapang li ka lokisoa ka hore ka boikokobetso re koahele taba ka lerato
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Bakreste ba ka bontša boikokobetso ka litsela tse ngata