Mehlala eo re ka e Etsisang ea Boikokobetso
“Boikokobetso ba hao bo tla nkhōlisa.”—PESALEME EA 18:35, NW.
1. Ke bopaki bofe ba boikokobetso bo ka bonoang ho eo e kileng ea ba mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower?
JOSEPH F. RUTHERFORD e ne e le senatla, a le bolelele ba limithara tse fetang 1,8 ’me a le boima ba lik’hilogramo tse fetang 90. O ne a bile a na le lentsoe le matla, leo a neng a sa le sebelise feela ho tsebahatsa lebitso la Jehova ka tsela eo le neng le e-s’o ka le tsebahatsoa ka eona pele empa le ho pepesa boikaketsi ba baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana, a bitsa bolumeli ba bona “leraba le khoebo ea bomene-mene.” Empa le hoja lipuo tsa hae li ne li le matla, ha a ne a rapela le lelapa la Bethele le ntlo-khōlō, o ne a utloahala joaloka moshanyana ha a bua le ntate oa hae, ka hona a fana ka bopaki ba kamano ea hae e haufi-ufi le Moetsi oa hae le boikokobetso ba hae. E, o ne a ikokobelitse joaloka ngoana e monyenyane.—Mattheu 18:3, 4.
2. Ke ka tsela efe ka ho khetheha bahlanka ba Jehova ba fapaneng haholo le batho ba lefatše?
2 Ka ntle ho pelaelo, bahlanka bohle ba ’nete ba Jehova Molimo ba ikokobelitse. Tabeng ena ba fapane haholo le batho ba lefatše. Kajeno, ho feta leha e le neng pele, le tletse ka batho ba ikhohomosang. Batho ba maemong a phahameng le ba matla, ba ruileng le ba rutehileng, esita le ba bangata ba futsanehileng le ba nang le bothata ka litsela tse ling baa ikhohomosa.
3. Ho ka thoe’ng ka litholoana tsa boikhohomoso?
3 Boikhohomoso bo baka likhohlano le litsietsi tse ngata. Ha e le hantle, bomalimabe bohle bo leng teng bokahohleng bo qalile ka lebaka la lengeloi le ileng la ikhohomosa, la batla ho rapeloa ka tsela eo ka ho khetheha e neng e loketse ’Mōpi, Jehova Molimo. (Mattheu 4:9, 10) Ho feta moo, enoa ea ileng a iketsa Diabolose le Satane, o ile a atleha ho thetsa mosali oa pele, Eva, ka ho ipiletsa boikhohomosong ba hae. A mo tšepisa hore ka ho ja tsa sefate se thibetsoeng, o ne a tla tšoana le Molimo, a tsebe botle le bobe. Haeba o ne a ikokobelitse, a ka be a itse, ‘Ke hobane’ng ha ke batla ho tšoana le Molimo?’ (Genese 3:4, 5) Ha re nahana ka boemo ba mahlomola boo moloko oa batho o leng har’a bona, ’meleng, kelellong, le boitšoarong, batho ha ba na boikemelo hakaakang ka ho ikhohomosa! Ha ho makatse ha re bala hore Jehova o hloile “boikhantšo le boikhohomoso”! (Liproverbia 8:13) Mehlala ea boikokobetso e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo, Bibele, e fapane haholo ho batho bohle ba ikhohomosang.
Jehova Molimo O Ikokobelitse
4. Ke mangolo afe a bontšang hore Jehova o ikokobelitse?
4 Jehova Molimo—Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ’Musi oa Bokahohle, Morena oa bo-sa-feleng—o ikokobelitse. (Genese 14:22, NW) Na ehlile ho joalo? E, ka sebele! Joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 18:35 (NW), Morena Davida o itse: “U tla mpha thebe ea poloko ea hao, ’me letsoho la hao le letona le tla ntšehetsa, ’me boikokobetso ba hao bo tla nkhōlisa.” Ka ho hlakileng Morena Davida o ile a fa Jehova tlotla bakeng sa ho etsa hore boikokobetso ba hae bo hōlise Davida. Hape, ho Pesaleme ea 113:6 (NW) re bala hore Jehova “oa inyenyefatsa hore a shebe leholimong le lefatšeng.” Liphetolelo tse ling li re, “oa inama hore a shebe,” (New International Version) “oa ikoba hore a shebe tlaase hakaalo.”—The New English Bible.
5. Ke liketsahalo life tse pakang boikokobetso ba Jehova?
5 Ka sebele Jehova Molimo o ile a inyenyefatsa ka tsela eo a ileng a sebelisana le Abrahama ka eona, a lumella Abrahama hore a belaelle ho loka ha Hae ha a rera ho timetsa metse e khopo ea Sodoma le Gomorrha.a (Genese 18:23-32) ’Me ha Jehova a bua ka takatso ea hae ea ho felisa sechaba sa Iseraele—lekhetlong le leng ka lebaka la borapeli ba litšoantšo, ’me lekhetlong le leng lesele e le ka lebaka la bofetoheli—lekhetlong ka leng Moshe o ile a behela Jehova mabaka joalokaha eka o bua le motho e mong. Ha e le hantle lekhetlong ka leng Jehova o ile a lumellana le eena. O ile a bonahatsa boikokobetso ha a utloa boipiletso ba Moshe mabapi le sechaba sa Hae sa Iseraele. (Exoda 32:9-14; Numere 14:11-20) Kamoo ho bonahalang ka teng, mehlala e meng ea ha Jehova a sebelisana le batho motheong oa litšebelisano tsa motho le motho e mong, e ka bonoa kamanong ea hae le Gideone le Jonase, joalokaha e tlalehiloe ho Baahloli 6:36-40 le Jonase 4:9-11.
6. Ke tšobotsi efe ea Jehova e tsoelang pele ho senola boikokobetso ba hae?
6 Ha e le hantle, bonyane hoo e ka bang ka makhetlo a robong, ho boleloa hore Jehova o “lieha ho halefa.”b Ho ba le mamello ha Jehova, ho lieha ho halefa, ha a sebelisana le libōpuoa tse sa phethahalang ho theosa le likete tsa lilemo ke bopaki bo eketsehileng ba hore o ikokobelitse. Batho ba ikhohomosang ha ba na mamello, ba potlakela ho halefa, e leng se fapaneng hōle le mamello. Boikokobetso ba Jehova bo etsa hore boikhohomoso ba batho ba sa phethahalang bo bonahale e le bothoto bo bokaakang! Kaha re bolelloa hore re ‘be baetsisi ba Molimo joalokaha re le bana ba ratoang,’ re tlameha ho ikokobetsa joalokaha le eena a ikokobelitse.—Ba-Efese 5:1.
Mohlala oa Kreste oa Boikokobetso
7, 8. Mangolo a re’ng ka boikokobetso ba Jesu Kreste?
7 Mohlala oa bobeli o hlaheletseng oa boikokobetso oo re ka o etsisang o boletsoe ho 1 Petrose 2:21: “Hape, ke seo le bilelitsoeng sona; hobane Kreste le eena o utloisitsoe bohloko bakeng sa lōna, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng.” Nako e telele pele a tla lefatšeng e le motho, ho ile ha profetoa ka eena ho Zakaria 9:9: “Nyakalla haholo, morali oa Sione, u tšèle litlatse, morali oa Jerusalema! Bona, morena oa hao ke enoa; o tla ho uena; ke ea lokileng, ea nang le poloko, ke ea ikokobetsang, ea kaletseng esele, e leng petsana, namane ea esele e tšehali.” Hoja Jesu Kreste o ne a ikhohomosa, a ka be a ile a amohela mpho ea Diabolose ea mebuso eohle ea lefatše bakeng sa ketso e le ’ngoe ea borapeli. (Mattheu 4:9, 10) O boetse a bontša boikokobetso ka ho neha Jehova tlotla eohle bakeng sa thuto ea hae, a re: “Etlare hobane le fanyehe Mor’a motho, ke moo le tla tseba hobane ke ’na enoa, le hobane ha ke etse letho ke ’notši, ke mpa ke bolela litaba tseo, joalo ka ha Ntate a nthutile.”—Johanne 8:28.
8 Ka tšoanelo o ne a ka bua mantsoe ana ho bamameli ba hae: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, hobane ke na le botho bo bonolo le pelo e ikokobelitseng, ’me le tla fumana khatholoho bakeng sa liphefumolohi tsa lōna.” (Mattheu 11:29, NW) ’Me o ile a beha mohlala o motle hakaakang oa boikokobetso ka ho hlatsoa maoto a baapostola ba hae mantsiboeeng a ho qetela ao a neng a e-na le bona e le motho! (Johanne 13:3-15) Ka ho loketseng ka ho fetisisa, ho Ba-Filippi 2:3-8 (NW), moapostola Pauluse o eletsa Bakreste hore ba be le “kelello e ikokobelitseng,” a qotsa Jesu Kreste e le mohlala: “Le ’ne le boloke boikutlo bona ba kelello bo neng bo boetse bo le ka ho Kreste Jesu, eo le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, a sa kang a nahana ho iphamolela, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, empa o ile a iketsa lefeela ’me a nka sebōpeho sa lekhoba a ba a tšoana le batho. Ho feta moo, eitse ha a iphumana a tšoana le motho, o ile a ikokobetsa ’me a bontša kutlo ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.” Ha a ne a tobane le maqakabetsi a maholo ka ho fetisisa bophelong ba hae, ka boikokobetso o ile a rapela Ntate oa hae: “Ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho mpe ho etsoe ea hao!” (Mattheu 26:39) Ka sebele, re tlameha ho ikokobetsa e le hore re ka ba baetsisi ba Jesu Kreste, ra latela mehato ea hae haufi-ufi.
Moapostola Pauluse, Mohlala o Motle oa Boikokobetso
9-12. Moapostola Pauluse o behile mohlala o motle oa boikokobetso ka litsela life?
9 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le be baetsisi ba ka, joalo ka ha le ’na ke le oa Kreste.” (1 Ba-Korinthe 11:1) Na moapostola Pauluse o ile a etsisa Jesu Kreste ka ho ba le kelello e ikokobelitseng, ka hona a re behela mohlala o mong oa boikokobetso oo re ka o latelang? Ka sebele o entse joalo. Tabeng ea pele, ka boikokobetso o ile a lumela hore ke lekhoba la Jesu Kreste. (Ba-Filippi 1:1, NW) O ile a bolella baholo ba Efese ka ho iketsa ha hae ‘lekhoba la Morena ka boikokobetso bo boholo ka ho fetisisa ba kelello le likhapha le liteko tse mo hlahetseng ka lebaka la maraba a Bajode.’ (Liketso 20:17-19) Hoja o ne a sa ikokobetsa, ho ne ho se mohla a neng a tla ngola mantsoe a fumanoang ho Ba-Roma 7:18, 19: “Hobane ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho ’na . . . Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa.”
10 Se seng se bontšang boikokobetso ba Pauluse ke seo a se ngoletseng Bakreste ba Korinthe, joalokaha se tlalehiloe ho 1 Ba-Korinthe 2:3: “Le ’na ke bile har’a lōna ka mefokolo, le tšabo, le thothomelo e khōlō.” Ha ka boikokobetso a bua ka tsela eo a neng a phela ka eona pele e e-ba Mokreste, o ile a ngola: “’Na, eo ke neng ke le monyefoli pele, le mohlorisi, le morori. . . . Jesu Kreste o tlile lefatšeng ho boloka baetsalibe, bao ke leng oa sehlooho ho bona.”—1 Timothea 1:13, 15.
11 O ile a tsoela pele ho bontša boikokobetso ka ho bolela hore boiteko ba hae bo atlehisitsoe ke Jehova Molimo. Mabapi le tšebeletso ea hae o ile a ngola: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng. Ha ho le joalo, ea nang le taba hase ea hlomang, leha e le ea nosetsang, empa e le Molimo o melisang.” (1 Ba-Korinthe 3:6, 7) Hape o ile a kōpa baena ba hae hore ba mo rapelle hore a fane ka bopaki bo botle, joalokaha re bala ho Ba-Efese 6:18-20 (NW): “Le ’ne le . . . nthapelle, hore ke nehoe matla a ho bua . . . ke tle ke bue ka [sephiri se halalelang sa litaba tse molemo] ka sebete joalokaha ke loketse.”
12 Pauluse o boetse a bontša boikokobetso ba hae ka tsela eo a sebelisaneng le baapostola ba bang ka eona: “Jakobo, le Kefase, le Johanne . . . ba re nea matsoho a bolekane, ’na le Barnabase hore rōna re ikele ho balichaba, ’me bona ba ee ho ba lebollo.” (Ba-Galata 2:9) O ile a ba bontša boikemisetso ba hae ba ho sebelisana le baholo ba leng phuthehong e Jerusalema ka ho tsamaea le bahlankana ba bane ho ea tempeleng ’me a lefa litšenyehelo tsa bona ha ba phetha kano.—Liketso 21:23-26.
13. Ke eng se entseng hore boikokobetso ba Pauluse bo hlokomelehe hakaale?
13 Boikokobetso ba Pauluse bo hlokomeleha haholo ha re hlokomela kamoo a ileng a sebelisoa haholo ke Jehova Molimo. Ka mohlala, rea bala hore “Molimo oa ’na oa etsa mehlolo e makatsang ka matsoho a Pauluse.” (Liketso 19:11, 12) Ho feta moo, o ile a fuoa lipono le litšenolo tse phahametseng matla a tlhaho. (2 Ba-Korinthe 12:1-7) Hape ha rea tlameha ho hlokomoloha taba ea hore o ile a bululeloa hore a ngole libuka tse 14 ho tse 27 (ha e le hantle mangolo) tsa Mangolo a Segerike a Bokreste. Kamoo ho ka boleloang ka teng, lintho tsena tsohle ha lia ka tsa etsa hore a ikhohomose. O ile a lula a ikokobelitse.
Mehlala ea Kajeno
14-16. (a) Mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower e bile mohlala o motle oa boikokobetso joang? (b) Mohlala oa hae o fapane haholo le oa mang?
14 Ho Ba-Heberu 13:7, re bala keletso ea moapostola Pauluse: “Hopolang balisa ba lōna ba le boleletseng lentsoe la Molimo, ’me le etsise tumelo ea bona, le ntse le lemoha qetello ea ho phela ha bona.” Tumellanong le molao-motheo ona, mohlala oa kajeno oo re ka o etsisang ke oa mopresidente oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society, Charles Taze Russell, eo re ka etsisang tumelo ea hae. Na e ne e le motho ea ikokobelitseng? Ka sebele o ne a ikokobelitse! Joalokaha ho hlokometsoe, ho taba e ngotsoeng ho Studies in the Scriptures ea hae, e leng libuka tse tšeletseng tse nang le maqephe a ka bang 3 000, ha ho moo a kileng a ngola ka eena. Lingoliloeng tsa Watch Tower Bible and Tract Society kajeno li latela molao-motheo ona ka hore li se bolele mabitso a bangoli ba lihlooho tsa tsona.
15 Ho Watch Tower, Russell ka lekhetlo le leng o ile a ngola hore ha a tsebe se bitsoang “Borussell” le “Balateli ba Russell,” e leng mabitso ao bahanyetsi ba hae ba neng ba a sebelisa empa a a hana ka ho feletseng. O ile a ngola: “Mosebetsi oa rōna . . . e ’nile ea e-ba ho bokella mesaletsa ena eo e leng khale e hasane ea ’nete le ho e bolella batho ba Morena—eseng e le mecha, eseng e le ea rōna, empa e le ea Morena. . . . Mosebetsi oo Morena a thabetseng ho sebelisa litalenta tsa rōna tse fokolang ho oona hase oo re iqapetseng oona empa e bile tsosoloso, tokiso, le momahano.” Ka sebele, o ile a bua maikutlo a moapostola Pauluse, joalokaha a fumanoa ho 1 Ba-Korinthe 3:5-7.
16 Boikutlo ba hae bo ne bo fapane ka ho feletseng le ba Charles Darwin. Khatisong ea hae ea pele ea The Origin of Species ka 1859, ka makhetlo Darwin o ile a bua ka thuto “ea ka,” a lahla se boletsoeng ke ba bang pele ho eena ka khopolo ea ho iphetola ha lintho. Mongoli ea tsebahalang oa lekholong leo la lilemo, Samuel Butler, o ile a hlaba Darwin ka mantsoe, a bolela hore pele ho moo ba bang ba bangata ba ile ba ntšetsa pele khopolo ea ho iphetola ha lintho; hore ho hang ha ea qaloa ke Darwin.
17. Mehlala e eketsehileng ea boikokobetso ba Moena Rutherford ke efe?
17 Mohlanka e mong ea tšepahalang mehleng ea kajeno eo Jehova Molimo a ileng a mo sebelisa ka matla ke Joseph F. Rutherford, ea boletsoeng qalong. E ne e le ’muelli ea sebete oa ’nete ea Bibele ’me haholo-holo oa lebitso la Jehova. Le hoja a ne a tsebahala e le Moahlōli Rutherford, pelong e ne e le motho ea ikokobelitseng. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng o kile a bua mantsoe a matla mabapi le seo Bakreste ba ka se lebellang ka 1925. Ha liketsahalo li sa tšehetse seo a se lebeletseng, ka boikokobetso o ile a bolella lelapa la Bethele le Brooklyn hore o ile a bontša ho hloka kahlolo e molemo. Mokreste ea tlotsitsoeng ea neng a tloaelane haufi-ufi le eena o ile a paka hore nako le nako o ne a utloa Moena Rutherford a ikōpela tšoarelo a sebelisa Mattheu 5:23, 24, phatlalatsa le boinotšing, hobane a utloisitse Mokreste-’moho le eena bohloko ka lipolelo tse seng monate. Ho hloka boikokobetso hore motho ea nang le matla a bolaoli a ikōpele tšoarelo ho ba leng ka tlaase ho eena. Moena Rutherford o ile a beha mohlala o motle bakeng sa balebeli bohle, ebang ke ka phuthehong, mosebetsing oa ho tsamaea, kapa ho le leng la makala a Mokhatlo.
18. Ke mantsoe afe a bonahatsang boemo bo ikokobelitseng ba kelello ao mopresidente oa boraro oa Mokhatlo a ileng a a bua?
18 Mopresidente oa boraro oa Watch Tower Bible and Tract Society, Nathan H. Knorr, le eena o ile a bontša hore, le hoja a ne a hlahelletse har’a batho ba Jehova, ha aa ka a ikutloa a ba phahametse ka lebaka la boemo ba hae. Le hoja a ne a atleha haholo tabeng ea ho khona ho hlophisa le ho bua phatlalatsa, o ne a na le tlhompho e tebileng bakeng sa seo ba bang ba se etsang. Ka hona, ka lekhetlo le leng o kile a etela setho sa Lefapha la Bongoli ofising ea sona ’me a re: “Mona ke moo mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa le o thata ka ho fetisisa o etsoang teng. Ke ka lebaka leo ke etsang o seng mokae oa oona.” E, ka boikokobetso o ne a sebelisa keletso e ho Ba-Filippi 2:3 (NW), hore ‘ka kelello e ikokobelitseng motho o lokela ho nka ba bang ba mo phahametse.’ O ile a utloisisa hore le hoja ho sebeletsa e le mopresidente oa Mokhatlo e le ha bohlokoa, mesebetsi e meng le eona ke ea bohlokoa. Ho ne ho hlokahala hore a ikokobetse hore a ikutloe ka tsela eo ’me a hlalose boikutlo boo ka ho hlakileng hakaalo. E ne e le mohlala o mong o motle oo bohle ba neng ba ka o etsisa, haholo-holo ba ka bang le maemo a hlaheletseng a bolebeli.
19, 20. (a) Ke mohlala ofe oa boikokobetso oo mopresidente oa bone oa Mokhatlo a ileng a o beha? (b) Sehlooho se latelang se tla re fa thuso efe mabapi le ho bontša ha rōna boikokobetso?
19 Mopresidente oa bone oa Mokhatlo, Fred W. Franz, le eena e ne e le mohlala o motle oa boikokobetso. Ha e ne e le motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo ka lilemo tse ka bang 32, o ile a ba le karolo e khōlō ho ngoloeng ha limakasine le mananeo a kopano; empa maemong ana o ne a sa batle ho hlahella, empa o ne a lumella hore tlhokomelo e lebisoe ho ba bang. Ho ka boleloa mohlala o tšoanang oa boholo-holo. Ha Joabe a hlōla Baammone Rabba, o ile a tiisa hore thoriso e ea ho Morena Davida bakeng sa tlhōlō.—2 Samuele 12:26-28.
20 Ruri, ho na le mehlala e mengata e metle, ea nakong e fetileng le ea hona joale, e re fang mabaka a matla a hore re ikokobetse. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a eketsehileng a hore re ikokobetse, ’me mabaka ana esita le lithuso bakeng sa ho ikokobetsa ha rōna li tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe “boinyenyefatso” hangata le sebelisoa ka moelelo oa ho “ipha bophahamo.” Empa moelelo oa lona oa sehlooho—le moelelo oa lona ho New World Translation—ke “ho ikoba,” “ho tela litokelo tsa boemo bo itseng.”—Bona Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary.
b Exoda 34:6; Numere 14:17; Nehemia 9:17; Pesaleme ea 86:15; 103:8; 145:8; Joele 2:13; Jonase 4:2 (NW); Nahume 1:3 (NW).
Na Ua Hopola?
◻ Litholoana tsa boikhohomoso e bile life?
◻ Ke mang ea behileng mohlala o motle ka ho fetisisa oa boikokobetso?
◻ Ke eng se bontšang hore na ke mang ea behileng mohlala o hlahlamang o moholo ka ho fetisisa oa boikokobetso?
◻ Moapostola Pauluse o ile a beha mohlala ofe o motle oa boikokobetso?
◻ Ke mehlala efe ea kajeno e hlaheletseng ea boikokobetso eo re nang le eona?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jesu o behile mohlala o motle oa boikokobetso
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Pauluse o behile mohlala o motle oa boikokobetso
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Moena Russell haa ka a itlotlisa bakeng sa lintho tseo a li ngotseng