Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g18 no. 2 leq. 15
  • 12 Merero

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 12 Merero
  • Tsoha!—2018
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E BOLELA’NG?
  • KE HOBANE’NG HA E LE BOHLOKOA?
  • U KA ETSA’NG?
  • Nka Finyella Lipakane Tsa ka Joang?
    Tsoha!—2010
  • Nka Finyella Lipakane Tsa ka Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Kamoo U ka Finyellang Lipakane Tsa Hao Tsa Moea Kateng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2018
g18 no. 2 leq. 15
Abuti o toroea moralo oa ntlo

Ho ba le morero ho tšoana le ho etsa moralo oa ntlo. Moralo oo o ke ke oa fetoha ntlo ntle le hore motho a sebetse ka thata ho e haha. Le uena u lokela ho sebetsa ka thata hore merero ea hao e phethahale

BAKENG SA BACHA

12 Merero

E BOLELA’NG?

Ha motho a itjoetsitse hore o batla ho fihlela ntho e itseng, a ke ke a phutha matsoho eaba o lebella hore lintho li iketse. Empa o lokela ho sebetsa ka thata, a ikemisetse ho fetoha le maemo a be a rere hore na o tla etsa’ng hore ntho eo a e batlang e phethahale.

Lintho tse ling tseo motho a batlang ho li etsa li ka mo nka matsatsi kapa libeke hore a li fihlele. Tse ling li ka mo nka likhoeli, ha tse ling tsona li ka mo nka selemo kapa ho feta. Haeba a e-na le merero e ka mo nkang nako e telele hore a e phethe, a ka qala hanyane ka hanyane.

KE HOBANE’NG HA E LE BOHLOKOA?

Ho fihlela lintho tseo esale u li labalabela ho ka etsa hore u thabe, u itšepe haholoanyane ebile setsoalle seo u nang le sona le metsoalle ea hao se tla tiea.

Ho itšepa: Ha u atleha ho etsa ntho eo esale u e batla, u tla ba le sebete sa ho etsa lintho tse kholo ho e feta. Hape u tla khona ho ikemela ha u hlaheloa ke mathata. Mohlala, ha metsoalle ea hao e batla hore u etse ntho e fosahetseng, u tla tseba ho ikemela.

Metsoalle: Batho ba thabela ho etsa setsoalle le batho ba tsebang hore na ba batla eng bophelong ebile ba sebeletsa ho e fumana. Hape tsela e ’ngoe e ntle ea ho tiisa setsoalle ke hore uena le metsoalle ea hao le sebetse ’moho ho fumana ntho e tšoanang.

U tla thaba: Haeba u e-na le merero eo u batlang ho e phetha bophelong ebile u qetella u e fihletse, u tla thaba.

“Kea thaba ha ke tseba hore na ke batla ho etsa’ng hobane ha ho na nako eo ke lutseng feela. Ebile ha ke atleha ho phetha ntho eo ke neng ke e rerile, ke khotsofala hona hoo!”—Christopher.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ea shebellang moea a ke ke a jala peō; ’me ea talimang maru a ke ke a kotula.”—Moeklesia 11:4.

U KA ETSA’NG?

U ka etsa lintho tse latelang:

Ngola merero ea hao fatše. Ngola fatše lintho tseo u batlang ho li etsa, u qale ka tseo u batlang ho li etsa pele.

Rera hore na u tla etsa’ng ho e phetha. Etsa lintho tsena:

  • Beha nako e lekaneng bakeng sa ho phetha morero ka mong.

  • Ngola lintho tseo u tla li etsa ho o phetha.

  • Nahana ka lintho tse ka u sitisang, ebe oa rera hore na u tla etsa’ng ka tsona.

Qala hang-hang. Le haeba ho e-na le ntho e le ’ngoe kapa tse peli tse e-s’o loke hantle, hopola hore thoto e tiea tseleng. Kahoo, nahana hore na u ka qala ka ho etsa’ng e le hore u tle u qetelle u phethile morero oa hao, ebe u e etsa hang-hang. Ha u ntse u tsoela pele, u ’ne u shebe hore na u se u le hakae.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.”—Liproverbia 21:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela